Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/94 leq. 1
  • Litsela tsa ho Ntlafatsa Boboleli ba Rōna ba ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela tsa ho Ntlafatsa Boboleli ba Rōna ba ’Muso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lokisetsa Nehelano ea Hao ea Makasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Bontša Hore U Thahasella ba Bang—Ka ho Lokisetsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Koetlisa ba sa Tsoa Qala ho Bolela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 11/94 leq. 1

Litsela tsa ho Ntlafatsa Boboleli ba Rōna ba ’Muso

1 Hona joale mosebetsi oa rōna oa boboleli o potlakile ho feta leha e le neng pele. Hore na batho ba tla phela kapa ba tla shoa ho tla itšetleha ka tsela eo ba arabelang ka eona litabeng tse molemo. (1 Pet. 4:5, 6, 17; Tšen. 14:6, 7) Ka lebaka lena kamehla re lokela ho batla litsela tsa ho ntlafatsa boboleli ba rōna ba ’Muso. Tse ling tsa litsela tsa ho ntlafatsa ke life?

2 Lokisetsa Hantle: U sebelisa tokollo ea morao-rao ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, khetha nehelano eo u nahanang hore e tla ipiletsa ho batho ba bangata tšimong ea lōna. Ke habohlokoa ho lumellanya seo u se buang le maemo a sebakeng sa moo. Kapa mohlomong u ka thabela ho lokisetsa nehelano eo e leng ea hao, u sebelisa likhopolo le litemana tsa Mangolo tseo uena ka bouena u fumaneng li atleha. U tla hloka kenyelletso e tsosang thahasello. (Bona buka Ho Bea Mabaka, maqephe 9-15.) Mohlomong u rera ho botsa potso e susumetsang motho ho nahana ka ho teba kapa ho kōpa hore mong’a ntlo a fane ka tlhaloso litabeng tse thahasellisang batho ba sebaka seo. Ha u se u nahanne ka nehelano ea hao, e etse le setho sa lelapa kapa mohoeletsi e mong ea ka fanang ka litlhahiso bakeng sa hore u ntlafatse.

3 Qoqa le Batho: Sepheo sa rōna ke ho fetisa molaetsa oa bohlokoa. Sena se ka etsoa ka ho kopanyeletsa momameli oa rōna moqoqong o nang le morero. Haeba mong’a ntlo a hanyetsa kapa a fana ka maikutlo, mamela ka hloko seo a se buang. Litlhaloso tsa hae li tla u thusa hore u fane ka karabo ea Mangolo ka tšepo eo u nang le eona. (1 Pet. 3:15) Haeba pono ea hae e sa lumellane le Bibele, ka masene u ka ’na ua re: “Batho ba bangata ba ikutloa joaloka uena. Leha ho le joalo, ho na le tsela e ’ngoe ea ho talima taba ena.” Ebe u bala temana e loketseng, ’me u mo lumella hore a fane ka tlhaloso.

4 E-ba le Kemiso e Tenyetsehang: Ho lokisetsa hantle ho tla ba le molemo o fokolang haeba u sa khone ho buisana le batho. Kajeno ho tloaelehile ho fumana beng ba matlo ba seng bakae ba le malapeng ha re ba etela. Haeba ho joalo tšimong ea lōna, leka ho lokisa kemiso ea hao e le hore u ka sebetsa ka ntlo le ntlo ha batho ba bangata ba le teng malapeng. U ka ’na ua fumana hore nako e molemo ka ho fetisisa ea ho ba etela ke bofelong ba beke; ba bang ba ka fumaneha habonolo har’a beke empa e le lihoreng tsa mantsiboea. Libakeng tse ling bahoeletsi ba ho fumana ho le molemo ho paka ka matsatsi a phomolo a lefatše hobane ba fumana batho ba bangata ba le teng malapeng. Hangata ka linako tse joalo batho ba iketlile ’me ba ka ’na ba rata ho qoqa. Ho ka ba hotle ho lumellanya kenyelletso ea hao le ketsahalo eo ebe joale u hokahanya litlhaloso tsa hao le sehlooho sa Mangolo.

5 Seka-seka Katleho ea Nehelano ea Hao: Ka mor’a ho tloha monyakong ka mong, ipotse: ‘Na ke ile ka finyella pelo ea mong’a ntlo? Na ke ile ka mo khothaletsa hore a hlalose maikutlo a hae ’me ka ela hloko seo a se buang? Na ke ile ka araba ka masene? Ka lebaka la maemo, na ke ile ka sebelisa katamelo e molemo ka ho fetisisa?’ Ho ka ’na ha thusa ho sebetsa nako le nako le mohoeletsi ea nang le phihlelo kapa pula-maliboho le ho mamela ka hloko linehelano tsa hae ka sepheo sa ho ntlafatsa katleho ea hao tšebeletsong.

6 Haeba u hloahloa mosebetsing oa hao, u tla khona ho aba linnete tsa ’Muso tse tla ‘u pholosa li be li pholose le ba u utloang.’—1 Tim. 4:16; Liprov. 22:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela