Lokisetsa Nehelano ea Hao ea Makasine
1 Re ananela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka lebaka la lihlooho tsa tsona tse nakong le tse rutang, tse akaretsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha litabeng tsa lefatše ho isa ‘linthong tse tebileng tsa Molimo.’ (1 Bakor. 2:10) Ka October, re tla be re nehelana ka lipeeletso tsa limakasine tsena ka bobeli. Kaofela ha rōna re hopola lintho tse ngata tse ncha le tse hahang tseo re li balileng likoranteng tsena, tseo Jehova a li sebelisang ho senola ’nete butle-butle. (Liprov. 4:18) Re batla ho ba mafolo-folo ho li aba ka bophara kamoo ho ka khonehang.
2 Hlahlobisisa Tšimo ea Hao: Ke batho ba mofuta ofe ba phelang sebakeng sa heno? Haeba kamehla ba potlakile, ho ka ’na ha hlokahala hore u lokisetse nehelano e khutšoanyane le e tobang taba. Haeba tšimong ea hao batho ba sa potlaka, u ka khona ho bua ho eketsehileng. Haeba beng ba matlo ba bangata ba sebetsa motšehare, u ka ’na ua atleha haholoanyane ha u ba etela malapeng a bona mantsiboea kapa ka shoalane. U ka ’na ua kopana le ba bang motšehare ka bopaki ba seterateng kapa ka ho sebetsa mabenkele. Bahoeletsi ba bang ba ba le liphello tse ntle ka ho atamela batho ka mokhoa o sa reroang libakeng tseo ho pakoang makoloi ho tsona le lirapeng tsa boikhathollo tsa motse.
3 Itloaetse Limakasine: Bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe hang ha u e amohela. Khetha lihlooho tseo u ikutloang hore li ka ’na tsa ipiletsa ho batho tšimong ea hao. Ke litaba life tse ba amang? Sheba ntlha e tobileng eo u ka e qotsang sehloohong seo u rerang ho se buella. Nahana ka potso eo u ka e phahamisang ho tsosa thahasello. Khetha lengolo le nakong leo u tla le balla mong’a ntlo haeba u fumana monyetla oa ho etsa joalo. Nahana ka seo u ka se buang ha u rala motheo bakeng sa leeto la ho boela.
4 Lokisetsa Mantsoe a Hao a Qalang: Khetha mantsoe ao u rerang ho a sebelisa ka hloko ha u ipolela hore na u mang le ha u qala moqoqo. Ba bang ba ile ba atleha ka tlhaloso ena e qalang: “Ke balile sehlooho se hlollang makasineng ena, ’me ke batla ho se arolelana le ba bang.” Ba bangata ba qala ka potso e tsepamisitsoeng ntlheng e tšehetsang seo ba rerang ho bua ka sona. Ka mohlala:
5 Haeba u totobatsa sehlooho se mabapi le ho ata ha tlōlo ea molao, u ka ’na ua botsa:
◼ “Ho tla hloka eng hore re khone ho robala bosiu re sa tšabe hore re tla utsoetsoa kapa ho ntšoa kotsi?” Hlalosa hore u na le boitsebiso bo buang ka tharollo ea bothata bona. Tharollo ena haufinyane e tla tlosa mofuta o mong le o mong oa pherekano ea sechaba. Mo supise ho hong makasineng ho fanang ka tšepo e joalo. Ha u khutlela, u ka lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo khaolong ea 1 bukeng ea Tsebo.
6 Ha u fana ka sehlooho se buang ka bophelo ba lelapa, u ka ’na ua bua tjena:
◼ “Batsoali ba bangata ba ho fumana e le phephetso ea sebele ho hōlisa bana matsatsing ana. Ho ngotsoe libuka tse ngata mabapi le taba ena, empa esita le litsebi ha li lumellane. Na ho na le ea ka fanang ka tataiso e tšepahalang?” Arolelana le eena tlhaloso e tobileng e tsoang makasineng eo e bontšang keletso e bohlale e fumanoang Bibeleng. Ha u etsa leeto la ho boela, tšohla likhopolo tsa Mangolo mabapi le ho hōlisa bana tse akarelitsoeng bukeng ea Tsebo, leqepheng la 145-8.
7 Ha u buella sehlooho se mabapi le bothata ba sechaba, u ka re:
◼ “Batho ba bangata ba ikutloa ba hateletsoe ka lebaka la linako tse sithabetsang tseo re phelang ho tsona. Na u nahana hore Molimo o ne a rerile hore re phele ka tsela ee?” Supa sehloohong se bontšang kamoo motho a ka tobanang le mathata a kajeno ka katleho kateng kapa se fanang ka mabaka a ho lebella bokamoso bo tla beng bo se na matšoenyeho. Leetong la hao le latelang, tšohla setšoantšo le tlhaloso ea sona leqepheng la 4-5 bukeng ea Tsebo, ’me u fetele ka ho toba thutong ea lehae ea Bibele.
8 Lumellana le Maemo a Mong’a Ntlo: U tla kopana le batho ba nang le thahasello le limelo tse sa tšoaneng. Lokisetsa nehelano ea motheo eo u ka e fetolang bakeng sa mong’a ntlo e mong le e mong. Itokisetse hore na u tla lumellanya seo u se buang joang le monna, mosali, motho e moholo kapa mocha. Ha ho na melao e thata-thata ka seo u tlamehang ho se bua. Sebelisa eng kapa eng eo u phutholohileng ho e bua ’me e hlahisa litholoana. Leha ho le joalo, e-ba ea chesehang, bua se tsoang pelong ’me u be momameli ea molemo. Ba nang le “tšekamelo e nepahetseng” ba tla utloa ho tiea ha hao ’me ba tla arabela hamolemo.—Lik. 13:48.
9 Thusanang: Ka ho arolelana mehopolo, re ithuta litsela tse ncha tsa ho itlhalosa. Ho itlhakisa hammoho ka linehelano tsa rōna ho re fa phihlelo le sebete. (Liprov. 27:17) Haeba u itlhakisa ka seo u eang ho se bua, u tla ikutloa u phutholohile haholoanyane matlong. Ke habohlokoa hore batsoali ba qete nako ba thusa bana ba bona ho lokisetsa, ba mamele ha ba itlhakisa nehelanong ea bona, le ho fana ka litlhahiso tsa ho ntlafatsa. Ba bacha ba ka rua molemo ka ho sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo haholoanyane.
10 Ho itokiselletsa nehelano ea hao ea limakasine ha ho hlokahale hore ho be thata. Ke taba feela ea ho kenya ntho e ’ngoe e tobileng ka kelellong eo u tla e bua ebe joale u itlhalosa ka mokhoa o ipiletsang. Ka ho ikhanna le ho nahana esale pele, u ka hlahisa nehelano e ntle e tla hlahisa karabelo e ntle.
11 Kabo ea limakasine ke e ’ngoe ea litsela tse ka sehloohong tsa ho hasa molaetsa oa ’Muso lefatšeng ka bophara. Haeba u ka beha Molula-Qhooa le Tsoha! matsohong a batho ba tšepahalang, limakasine li ka ipuella. Kamehla hopola bohlokoa ba tsona le kamoo molaetsa oa tsona o ka pholosang bophelo kateng. Mokhoa ona oa “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang” ke oona o khahlisang Jehova haholo.—Baheb. 13:16.