Thuto ea Botho—Taba e Tebileng
1 Ke lintho life tse etsang hore re amehe ka ho tebileng? Re lokela ho ameha ka ho teba ka ho haha le ho boloka kamano e haufi le Jehova. Thuto ea botho e phetha karolo e khōlō ho hōliseng katamelano e joalo. Kajeno, ke ba ’maloa feela ho rōna ba nang le maemo a ba lumellang ho qeta nako e telele ba thuisa le ho ba le thuto ea botho. Leha ho le joalo, haeba ha re bale Lentsoe la Molimo kamehla, re ka ’na ra fokola ho fihlela ntlheng ea ho se be le matla a ho hanela moea oa lefatše le litakatso tsa lona tsa nama.
2 Bōpa Taba-tabelo Bakeng sa Lentsoe: Ha re ne re ithuta ka lekhetlo la pele ka merero ea Molimo, ho ka etsahala hore re ne re chesehela ho fumana tsebo e eketsehileng. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, ho lapela ha rōna lijo tsa moea e ka ’na eaba ho ntse ho fela. Mohlomong ho ka hlokahala hore re “bōpe taba-tabelo” bakeng sa lijo tsa moea. (1 Pet. 2:2, NW) Re ka hōlisa taba-tabelo e joalo joang?
3 Monko o monate oa lijo tseo u li ratang haholo o tsosa takatso ea ho ja ka lebaka la mohopolo o thabisang. Linako tse khutšoanyane tsa thuto ea botho li ka re susumetsa ka tsela e tšoanang moeeng. Ho thabela sengoathoana se senyenyane se monate sa lijo tsa moea ho ka tsosa takatso ea hao bakeng sa linnete tse tebileng tsa moea. Khotsofalo e hlahisoang ke ho ithuta e ka ’na ea re khothaletsa ho cheka ka ho teba haholoanyane Lentsoeng la Jehova.
4 Hlaolela Kemiso e U Sebeletsang Hamolemohali: Ba bang ba behella nako eohle ea mantsiboea ka thōko ho etsa thuto ea botho, ha ba bang ba thabela linako tse khutšoanyane hape tse etsoang khafetsa tsa thuto. Haeba u fumana hore u ka tsepamisa mohopolo hamolemo haholoanyane lihoreng tsa hoseng haholo, mohlomong u ka etsa qeto ea ho etsa ho ithuta ho itseng pele ho lijo tsa hoseng. Haeba u falimehile haholoanyane mantsiboea, u ka ’na ua khetha ho ithuta pele u robala. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ntho ea bohlokoa ke ho ba le kemiso ea kamehla le ho khomarela kemiso e tšoanelang litlhoko tsa hao hamolemohali.
5 Ha re khothaletsoa ho etsa thuto ea botho e eketsehileng, re ka ’na ra potlakela ho hlahisa hore re se re e-na le kemiso e feletseng. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re hloka hore ka botšepehi re ahlole kamoo re sebelisang nako ea rōna. Na lihora tse ngata li qetoa re shebeletse mananeo a thelevishene letsatsi ka leng? Na re ikemiselitse ho tela lithahasello tse itseng tsa botho? Tlhahlobo ea sebele ea kamoo re sebelisang nako ea rōna kateng mohlomong e tla hlahisa linako tsa letsatsi ka leng tse ka sebelisoang ka ho putsang thutong ea botho.—Ba-Ef. 5:15, 16.
6 Thuto ea Lentsoe la Molimo e tšoaneloa ke tlhokomelo ea rōna e feletseng. Ho leka ho etsa ntho e ’ngoe ka nako e tšoanang ho fokotsa melemo. Haeba re e-na le tšekamelo ea ho ithuta ha re ntse re e-ja, re mametse seea-le-moea, kapa re shebelletse thelevishene, ho ka etsahala hore re se tebise mohopolo ho seo re lekang ho ithuta sona. (1 Tim. 4:15) Kahoo, ho hlokahala hore re tlose litšitiso.—Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, maqephe 33-4.
7 Thuto ea letsatsi ka leng le ho sebelisa keletso ea Bibele ke tsa bohlokoa hobane ke tsela eo re fumanang tataiso e tsoang ho Jehova. Ikemisetse ho etsa hore ’nete e ngotsoeng e susumetse pelo e hao. Sebelisa hamolemo monyetla o mong le o mong, ho sa tsotellehe hore o mokhutšoanyane hakae, ho bala, ho hlahloba, kapa ho thuisa ka lintho tsa moea.—Deut. 6:6-8; Ba-Kol. 1:9, 10.