Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/95 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 2 January
  • Beke e Qalang ka la 9 January
  • Beke e Qalang ka la 16 January
  • Beke e Qalang ka la 23 January
  • Beke e Qalang ka la 30 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 1/95 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January

Beke e Qalang ka la 2 January

Pina 83

5 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo tsa khoeli e fetileng li tlisitsoe. Hopotsa bahoeletsi bohle hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea December kapele-pele.

10 mets: “Kamoo ho ka Hlophisoang Laebrari ea Puso ea Molimo.” Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa November 1, 1994, maqephe 28-31.

15 mets: “Thuto ea Botho—Taba e Tebileng.” Lipotso le likarabo. Akareletsa litlhaloso tse khethiloeng tse theiloeng ho Molula-Qhooa oa June 15, 1985, maqephe 8-13.

15 mets: “Ho Sebelisa Libuka tsa Rōna Hamolemo.” Buisana le bamameli. Khothalletsa phutheho ho iphumanela libuka tsa mpho deskeng ea libuka bakeng sa ho li sebelisa tšebeletsong. Lokisetsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tsa linehelano tse bontšitsoeng.

Pina 188 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 9 January

Pina 183

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

18 mets: “Kaloso e Ahang.” Puo ka moholo e theiloeng tlas’a sehloohoana se maqepheng a 21-3 tokollong ea Molula-Qhooa oa September 15, 1993. Totobatsa keletso ea Mangolo ho re thusa ho sebetsana le mathata ka katleho.

15 mets: Na U Loketse ho Tobana ka Katleho le Boemo ba Phekolo bo Lekang Tumelo? Puo e matla empa e susumetsang ka moholo ea nang le bokhoni ho thusa baena ho lemoha bohlokoa ba tšireletso ea karete ea Advance Medical Directive/Release le Identity Card. Phetang lenaneo la January e fetileng ho tiisa hore bohle ba tšoanelehang le ba batlang tšireletso e joalo ba ka e fumana ka ho tlatsa likarete. Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1994, leqepheng la 2, tlas’a “Beke e Qalang ka la 17 January” bakeng sa makolopetso.

Pina 198 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 January

Pina 182

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla lintlha tse ka buelloang ho tsoa limakasineng tsa morao-rao. Khothalletsa bohle ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-beke ana.

15 mets: A Re se Keng ra Tela ho Etsa se Molemo. Puo ka moholo. Mokhathala oa moea o ka fokotsa thabo ea rōna le cheseho tšebeletsong ea Jehova. Hlahloba litsela tse ling tsa ho nchafatsa matla a rōna a moea u sebelisa litlhahiso tse fanoeng ho Molula-Qhooa oa January 15, 1986, leqepheng la 19 (lebokose). Hatisa ho tšehetsa mesebetsi ea phutheho ka pelo eohle.

20 mets: Matlafatsa Bana ba Hao Bakeng sa Sekolo. Puo e nang le lipuisano le pontšo. Kajeno bacha ba Bakreste ba tobana le litseko tseo ba bangata phuthehong ba ke keng ba li nahana. Batsoali ka ho khethehileng ba tlameha ho tseba hantle liphephetso tsena e le hore ba ka matlafatsa bana ba bona ho tobana le liteko tsa tumelo ea bona ka katleho. Buisana ka lipotso le batho ba bacha ba bararo ba lilemo tse sa tšoaneng. Ke likhatello life ka ho khetheha tseo ba tlamehang ho sebetsana le tsona letsatsi ka leng sekolong? Ke eng se ba thusang ho boloka kamano e ntle le Jehova? Lokisetsa pontšo ea lelapa le hlahloba hammoho lirapa 2 le 3 tse leqepheng la 11 bukaneng e lekanang le makasine ea Sekolo. Bana ba senola hore baa songoa hape ba ikutloa ba qheletsoe ka thōko ka lebaka la ho khomarela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tsa Bibele. Hlooho ea lelapa e khothatsa bana ka ho hlalosa thabo ea eona ka mohlala oa bona le ho ba hopotsa hore Jehova o khahlisoa haholo ke boitšoaro ba bona. (Liprov. 27:11) Moena ea nehelanang ka karolo ena o phetha ka ho babatsa bacha ka phuthehong bakeng sa mesebetsi ea bona e metle le ho ba khothalletsa ho buisana le batsoali ba bona e le hore ba ka matlafatsoa moeeng selemong sena sohle sa sekolo. Hopotsa batsoali ho fumana tumello ea hore bana ba se be teng litlelaseng tsa thuto ea bolumeli.

Pina 196 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 January

Pina 161

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: “Bontša Hore Ua Tsotella ka ho Etsa Maeto a ho Boela.” Bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ba buisana ka morero le bohlokoa ba ho etsa maeto a ho boela. Hatisa sepheo sa ho qala lithuto. Hlahloba linehelano tse bontšitsoeng. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli, sehlopha se fana ka pabatso le litlhahiso tsa ho ntlafatsa.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa fana ka puo sehloohong “Na Lithibelo Lia U Nyahamisa?” se ho Molula-Qhooa oa September 1, 1994, maqephe 27-8.

15 mets: “Bontša ho Nahanela ba Bang—Karolo 1.” Lipotso le likarabo. Kopanyeletsa khopotso ea hore ho hlokahala hore baholo ba sebetse hammoho haholoanyane ho hlahlobeng ho bona hore na marulelo, lipeipi tsa metsi, tsamaiso ea ho laola tekanyo ea mocheso, lifuthumatsi, tsamaiso ea motlakase, le thepa ea tšireletso ea Holo ea ’Muso li bolokoa li sebetsa hantle.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1985, leqephe la 3, le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1987, leqephe la 5.

Pina 116 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 January

Pina 141

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea tšimo ea January ka potlako.

17 mets: “Kamehla ho na le ho Hongata Hoo le ka ho Etsang.” Lipotso le likarabo. Lokisetsa lipuisano tsa lipotso tse khutšoaane le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba phathahaneng, joaloka moholo, ’mè oa lelapa, kapa pula-maliboho; ba kōpe ho hlalosa hore na ba khona joang ho boloka kemiso e feletseng hape ba ntse ba lula ba thabile.

18 mets: Nehelana ka Buka ea Phela ka ho sa Feleng ka February. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba be le boitsebiso boo buka ena e nang le bona. (Bona Molula-Qhooa oa April 1, 1988, maqephe 25-6, lirapa 17, 18.) Fana ka litlhahiso tse itseng tse bontšang kamoo re ka qalang lithuto tsa Bibele le batho ba thahasellang bao re siileng buka ea Phela ka ho sa Feleng ho bona. Mohoeletsi ea nang le phihlelo o etsa pontšo e khutšoanyane ka tlhahiso ea bobeli e tlas’a sehlooho “Bophelo/Thabo” bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 13.

Pina 199 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela