Kamehla ho na le ho Hongata Hoo le ka ho Etsang
1 Batho ba Jehova ke batho ba phathahaneng. Re na le boikarabelo bo bongata mabapi le malapa a rōna, mosebetsi, le sekolo. ’Me ka holimo ho tsohle, kamehla ho na le “ho hongata hoo [re] ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Ba-Kor. 15:58, NW) Re tlameha ho lokisetsa liboka tsa phutheho tsa beke le beke le ho ba teng ho tsona. Re khothaletsoa hore beke e se fete re sa ka ra kopanela tšebeletsong ea tšimo. Nako e lekaneng e tlameha ho beheloa ka thōko bakeng sa thuto ea botho ea Bibele le ea lelapa. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba na le likabelo tse ngata tsa phutheho. Ka linako tse ling re ka kōpuoa ho thusa ba tšoanelehang ba hlokang.
2 Ka linako tse ling, ba bang ba rōna re ka ikutloa re sithabetsoa ke sohle seo re tlamehang ho se etsa. Leha ho le joalo, batho ba phathahaneng ka ho fetisisa ba ka ba har’a ba thabileng ka ho fetisisa haeba teka-tekano le pono e tšoanetseng li bolokoa.—Moek. 3:12, 13.
3 Moapostola Pauluse ke e mong ea neng a e-na le ho hongata hoo a ho etsang. Ha a ntse a hlokomela litlhoko tsa hae tsa botho ka ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso joaloka moetsi oa litente, o ile a sebetsa ho feta baapostola ba bang. O ile a sebetsa a sa khathale e le moevangeli, a bolela phatlalatsa le ka ntlo le ntlo, ha ka nako e tšoanang a sa hlokomolohe boikarabelo ba hae joaloka molisa oa mohlape. (Lik. 20:20, 21, 31, 34, 35) Ho sa tsotellehe kemiso ea hae e phathahaneng, kamehla Pauluse o ne a chesehela ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova.—Bapisa le Ba-Roma 1:13-15.
4 Pauluse o ile a boloka teka-tekano le pelo e thabileng ka ho itšetleha ka Jehova bakeng sa matla. O fumane tšebeletso ea hae e putsa ebile e khotsofatsa. (Ba-Fil. 4:13) O ne a tseba hore Molimo a ke ke a lebala mosebetsi oa hae. (Ba-Heb. 6:10) Thabo ea ho thusa bang ho tseba Jehova e ile ea mo matlafatsa. (1 Ba-Thess. 2:19, 20) Kholiseho ea ho phethahatsoa ha tšepo ea hae e thehiloeng Bibeleng e ile ea mo susumetsa hore a lule a le mahlaha-hlaha.—Ba-Heb. 6:11.
5 Le rōna re lokela ho nahana ka liphello tse molemo tsa mosebetsi oa rōna. Ho ba teng ha rōna libokeng tsa beke le beke le ho nka karolo ho tsona ho haha le ho khothatsa ba bang. (Ba-Heb. 10:24, 25) Boiteko ba rōna bo tiileng ba ho finyella bohle ka litaba tse molemo bo tlatsetsa ho hōliseng phutheho joalokaha thahasello e hlaoleloa ’me ba bacha ’neteng ba ikopanya le rōna. (Joh. 15:8) Ho thusa ba bang ba hlokang ho hōlisa moea oa ho momahana, o kang oa litho tsa lelapa ka phuthehong. (Jak. 1:27) Ho feta moo, joaloka Pauluse, ha rea lokela ho lebala hore ho phathahana mosebetsing o behang litholoana ho khahlisa Jehova Molimo haholo. Re ho nka e le tokelo e khōlō ho mo sebeletsa. Ho rōna ha ho tsela ea bophelo e fetang ena!
6 Ho na le molemo o eketsehileng ka ho ba le ho hongata hoo re ho etsang. Ha re phathahane ka ho hahamalla kemiso e ntle ea moea, nako e bonahala eka e feta kapele haholo. Ha re hlokomela hore letsatsi le leng le le leng le fetang le re atametsa haufi haholoanyane le lefatše le lecha, re amohela bophelo bo phathahaneng boo re bo phelang hona joale ka thabo. Re boela re hlokomela bohlale ba ho lula re phathahane, kaha re ba le nako e nyenyane ea ho ikenyakenya lipheong tsa lefeela tsa lefatše.—Ba-Ef. 5:15, 16.
7 Kannete ho na le ho hongata ho ka etsoang mosebetsing oa Morena. Empa re ka lula re thabile haeba re tsoela pele ho itšetleha ka Jehova Molimo le Jesu Kreste, ba etsang tšebeletso ea rōna e khathollang le e putsang.—Matt. 11:28-30; 1 Joh. 5:3.