Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/95 leq. 3
  • Karolo 1—Bontša ho Nahanela ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 1—Bontša ho Nahanela ba Bang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litokisetso Tsa ho ba le Libaka Tsa Borapeli
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • A re Bolokeng Sebaka sa Rōna sa Borapeli se le Boemong bo Botle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na U Hlompha Sebaka sa Hao sa Borapeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 1/95 leq. 3

Karolo 1—Bontša ho Nahanela ba Bang

1 Re thabela ho bona katleho ea batho ba Jehova, e feletseng ka lenane le eketsehang la liphutheho. Libakeng tse ling, haholo-holo litoropong tse khōlō, Liholo tsa ’Muso li sebelisoa haholo ka ho fetisisa, ka makhetlo a mang ho hlokahala hore liphutheho tse ’maloa li sebelise Holo e le ’ngoe ea ’Muso. Boemo bona bo hloka ho nahanela ho eketsehileng ho bohle ba amehang.

2 Phutheho ka ’ngoe e sebelisang Holo ea ’Muso e lokela ho e siea e le makhethe ebile e hlophisehile bakeng sa baena ba tla latela. Litulo li lokela ho hlophisoa, libuka leha e le life li lokela ho hlekoa, ’me lintho leha e le life tsa botho tse lebetsoeng Holong ea ’Muso li lokela ho tlosoa. Matloana a lokela ho siuoa a hloekile, tiisang hore sesepa, lithaole, le pampiri ea ntloana li teng ’me le meqomo ea litšila e tšolotsoe.

3 Ha seboka se seng se tla qala haufinyane, ba setseng ka mor’a seboka sa pelenyana ha baa lokela ho leta moo ho sa hlokahale, ba sitisa litokisetso tsa seboka se latelang. Puisano e telele ea botsoalle phasejeng ea monyako e ka ’na ea fella ka ho patisana haholo ’me ha liehisa baena ho qalisa le ho lokisetsa lintho bakeng sa seboka se latelang. Sebaka sa ho emisa likoloi ho potoloha Holo ea ’Muso se ka haella, ’me e ka ba mosa ho tloha ka potlako e le hore ba tlang ba ka ba le sebaka sa ho emisa likoloi. Ka lehlakoreng le leng, ba tlang sebokeng se latelang ha baa lokela ho tla kapele haholo, ba baka ho petetsana ho sa hlokahaleng liphasejeng le menyakong, kamore ea ho beha phahlo, le sebaka sa ho emisa likoloi.

4 Moo liphutheho tse ’maloa li amehang, ho na le tlhokahalo e khethehileng ea tšebelisano e haufi bakeng sa ho etsa litokisetso tsa beke le beke tsa ho hloekisa Holo ea ’Muso. Ka tloaelo, liphutheho li fapanyetsana ho ea ka nako e behiloeng. Ha phutheho ea lōna e e-na le boikarabelo boo, tiisang hore ho hloekisa ho etsoa ka botlalo le kapele. Liphutheho tse ling tse sebelisang holo li ke ke tsa e-ba le lebaka la ho tletleba.

5 Nako le nako ho ba le tlhoko ea hore phutheho ka ’ngoe e fetole nako ea liboka tsa eona, joaloka leetong la molebeli oa potoloho. Haeba phutheho e ’ngoe e ameha, baholo ba lokela ho tsebisa phutheho e ’ngoe esale pele ho nako e le hore ba ka tsebisa bahoeletsi ba phutheho kapele kamoo ho ka khonehang. Hape, haeba tšebeliso e ’ngoe e loketseng ea holo e tla ba teng, joaloka Sekolo sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho, seboka sa baholo ba potoloho, kapa lenyalo, liphutheho tse ling le balebeli leha e le bafe ba potoloho ba amehang ba lokela ho tsebisoa esale pele; ka hona ba ke ke ba etsa kemiso ea ho sebelisa Holo ea ’Muso ka nako e tšoanang.

6 Ho ka ’na ha e-ba le liholo tse sebelisoang ke liphutheho tse abetsoeng lipotolohong tse fapaneng. Ke habohlokoa hore balebeli ba tsamaeang ba etelang liholo tsena ba lule ba tsebisana ka maeto a lokiselitsoeng. Liphetoho tse etsoang motsotsong oa ho qetela kapa mathata a mang li ka fella ka hore balebeli ba tsamaeang ba babeli ba etse kemiso ea maeto bekeng e le ’ngoe.

7 Ho nahanela ba bang ka lerato, puisano e ntle, ho rera esale pele, le tšebelisano-’moho li tla thusa ho boloka kamano e mofuthu pakeng tsa liphutheho ’me li tla tiisa hore lintho “tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”—1 Ba-Kor. 14:40.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela