Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/95 leq. 1
  • Ho Bolela—Tokelo e Tlotlehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela—Tokelo e Tlotlehang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlotla Boikarabelo ba Hao ba ho Sebeletsa Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Ho Bolela ka ’Muso ke Tokelo ea Bohlokoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Re Lokela ho Lula re Cheseha Tšebeletsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Bolelang Litaba Tse Molemo ka Cheseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 2/95 leq. 1

Ho Bolela—Tokelo e Tlotlehang

1 Tšebeletso ea litaba tse molemo ke tokelo e tlotlehang eo Jehova a re fileng eona. (Ba-Roma 15:16; 1 Tim. 1:12) Na ke ka tsela eo u e talimang ka eona? Ho feta ha nako kapa ho songoa ke ba bang ha hoa lokela ho lumelloa hore ho nyenyefatse bohlokoa ba eona mahlong a rōna. Ho jara lebitso la Molimo ke tlotla e filoeng ba seng bakae feela. Ke joang re ka hōlisang kananelo ea rōna bakeng sa tokelo ee?

2 Ho bolela molaetsa oa ’Muso ha ho etse hore lefatše le re amohele. Ba bangata ha ba thahaselle mosebetsi oa rōna kapa ba iphapanyetsa oona. Ba bang baa o soma ebile baa o hanyetsa. Khanyetso e joalo e ka tsoa ho basebetsi-’moho, baahisani, kapa esita le litho tsa lelapa. Mahlong a bona re ka ’na ra bonahala eka re fuoe kantle ho letsoho hape re maoatla. (Joh. 15:19; 1 Ba-Kor. 1:18, 21; 2 Tim. 3:12) Litlhaloso tsa bona tse nyahamisang li reretsoe ho fokotsa cheseho ea rōna le ho re etsa hore re khoehlise kapa re tlohele tokelo ea rōna e tlotlehang. Maikutlo a fosahetseng a susumetsoa ke Satane, ea “ba foufalitseng likelello, ke ho re, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya.” (2 Ba-Kor. 4:4) U itšoara joang?

3 Ke habohlokoa ho hopola hore ho bolela ha rōna ka ’Muso ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o ka etsoang ke leha e le ofe oa rōna kajeno. Re na le molaetsa o bolokang bophelo o sa fumaneheng ka tsela leha e le efe e ’ngoe. (Ba-Roma 10:13-15) Ho amoheloa ke Molimo, eseng motho, ke sona sa bohlokoa. Pono e fosahetseng ea lefatše ka mosebetsi oa rōna oa boboleli ha e re thibele ho phatlalatsa litaba tse molemo ka sebete.—Lik. 4:29.

4 Jesu o ne a nka tokelo ea hae ea ho etsa thato ea Ntat’ae e le ea bohlokoa haholo. (Joh. 4:34) O ile a inehela feela tšebeletsong ’me ha aa ka a lumella litšitiso kapa bahanyetsi ho etsa hore a khoehlise. Ho bolela molaetsa oa ’Muso kamehla ho ne ho tla pele bophelong ba hae. (Luka 4:43) Re laeloa ho etsisa mohlala oa hae. (1 Pet. 2:21) Ka ho etsa joalo, re “ba sebetsang le Molimo.” (1 Ba-Kor. 3:9) Na re sebelisa tokelo ee ka botlalo? Na re batla menyetla ea ho arolelana litaba tse molemo le ba bang ka mokhoa o reriloeng le ka mokhoa o sa reroang? Joaloka Lipaki tsa Jehova, kamehla re lokela ho ba malala-a-laotsoe ho ‘bolela lebitso la hae.’—Ba-Heb. 13:15.

5 Karolo eo re bang le eona tšebeletsong e laoloa haholo ke boikutlo ba rōna. Na re ananela sohle seo Jehova a re etselitseng sona ka ho teba? Na lipelong tsa rōna re hōlisitse lerato ho Jehova le re susumelletsang ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae? Ho nahana ka litlhohonolofatso tseo re li thabelang hona joale haesita le seo Jehova a se tšepisitseng nakong e tlang ho re thusa hore lerato ka ’Mōpi oa rōna le eketsehe. Lerato le joalo le re susumelletsa ketsong—ho phehella le ho ba kamehla mosebetsing oa boboleli ba ’Muso ho ea kamoo maemo a rōna a re lumellang kateng. Cheseho ea rōna e tla fana ka bopaki ba lerato la rōna ho Jehova le ho moahisani oa rōna.—Mar. 12:30, 31.

6 Re bontša hore na re nka ntho e itseng e le ea bohlokoa hakae ka seo re se etsang ka eona le ho se bua ka eona. Na kannete re nka tokelo ea rōna ea ho bolela ka ’Muso e le ea bohlokoa? Na re tlotlisa tšebeletso ea rōna? Na re ikemiselitse ho phehella mosebetsing oo oa bohlokoa ho sa tsotellehe khanyetso? Haeba re nka tokelo ena e hlollang e le ea bohlokoa haholo, ka sebele re tla cheseha ’me re be ka pelo eohle.—2 Ba-Kor. 4:1, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela