Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/96 leq. 4
  • Boela Bakeng sa ho Pholosa ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boela Bakeng sa ho Pholosa ba Bang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Kamoo re ka Qalang Lithuto Tsa Bibele Moo re Siileng Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Kenya ka ho ba Bang Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Tsoelang Pele le Bua ’nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 1/96 leq. 4

Boela Bakeng sa ho Pholosa ba Bang

1 Ke thato ea Molimo “hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4, NW) Re ka etsa’ng ho thusa? Etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho ruta ’nete ka thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla. U tla re’ng? Litlhahiso tse latelang li ka ’na tsa u thusa.

2 Ha u etsa leeto la ho boela, ho sa tsotellehe hore na buka ea “Motho e Moholo” e ile ea siuoa kapa che, u ka ’na ua batla ho sebelisa katamelo ena e tobileng bakeng sa ho qalisa thuto:

◼Mohlomong u ka botsa: “Ke’ng se ileng sa etsa hore Jesu e be motho e moholo ka ho fetisisa lefatšeng?” U ka araba ka ho supa ho tse seng kae tsa likhaolo tse 133 tse lebisang tlhokomelo bophelong ba hae, bothong ba hae, thutong ea hae le mesebetsing ea hae. Khaolo ea 24 e hlalosa morero oa hae oa ho tla lefatšeng. Khaolo ea 35 e hlahloba Thuto ea hae ea Thabeng e tsebahalang haholo. Khaolo ea 133 e fana ka tlhasenyana ea litlhohonolofatso tseo moloko oa batho o tlang ho li thabela ha a phethela mosebetsi oa hae. Bontša mong’a ntlo kamoo lipotso le mangolo tse qetellong ea khaolo ka ’ngoe li re thusang kateng ho utloisisa lintlha tsa bohlokoa ka ho fetisisa khaolong ka ’ngoe. Akaretsa lintlha tse seng kae feela ’me u etse litokisetso tse tobileng tsa ho boela.

3 Katamelo e ’ngoe e ka ba e reng:

◼“Ka sebele ke ile ka thabela puisano ea rōna bekeng e fetileng. Batho ba bangata ba hlalositse ho ameha ha bona ka maemo a lefatšeng a ntseng a mpefala. Ke ile ka nahana hore khaolo ea 111 ea buka ena, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e tla ba e thahasellisang ho uena. [Lokisetsa ho hlalosa likarolong tse khethiloeng khaolong ea 111 bakeng sa ho araba potso e le ’ngoe kapa tse peli tsa tlhahlobo qetellong ea khaolo, ka mohlala: “Ke maemo afe a lefatše a tšoaeang boteng ba Kreste?” kapa “Jesu o fana ka setšoantšo sefe ho thusa barutuoa ba hae ba nakong e tlang ho lemoha ha bofelo bo se bo atametse?”] U itšetlehile ka seo re se balang mona, u ne u tla re tšepo ea rōna ke efe bakeng sa nako e tlang e haufi? [Emela karabo ’me u babatse mong’a ntlo.] Ke’ng seo re lokelang ho se etsa haeba re tšepa ho pholoha bofelo ba tsamaiso ee e khopo?” Bala Johanne 17:3 ’me u buelle thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla.

4Haeba motho eo re mo etetseng a tšoarehile, re ntse re ka atleha ka ho re:

◼“Kea tseba hore u na le metsotso e seng mekae feela, empa taba ke ena eo u ka nahanang ka eona ha u ntse u qetela mosebetsi oa hao. [Bala Mattheu 5:3.]” Kapa u ka re: “Ke u ngoletse mangolo ana a mararo. Kaha ena hase nako e loketseng ea ho buisana, e-re ke u siele ’ona, ’me ha ke khutla, ke tla rata ho nka metsotso e mehlano ke a tšohla le uena.” Ha ho bonahala eka nako e ’ngoe e ka ’na ea e-ba e loketseng haholoanyane ho mong’a ntlo, u ka ’na ua botsa: “Na u ka rata ho tseba ka ho eketsehileng mabapi le hore na bofelo ba tsamaiso ee ea lintho bo tla ba neng?” Joale u ka ’na ua lokisetsa ho boela ho ea araba potso eo.

5 Hopola hore pakane ea ho etsa maeto a ho boela ke ho qala lithuto tsa Bibele. Re tla fumana thabo e khōlō ha ba ithutang ba ithuta ho ipiletsa lebitsong la Jehova bakeng sa poloko.—Lik. 2:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela