Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/96 leq. 4
  • Bolela ka Temoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela ka Temoho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Tsela ea ho Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsebisang Bohle Hore Tšireletseho ea Lefatše Lohle e Atametse
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Sebelisa Libuka tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 1/96 leq. 4

Bolela ka Temoho

1 Ho ba le temoho ho hloka hore re utloisise se itseng ka batho bao re bolelang ho bona. Hobane’ng? Hobane katleho ea rōna ho finyelleng lipelo tsa batho e itšetlehile ka ho khona ha rōna ho nehelana ka molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o ipiletsang ho bona. Khoeling ea January, re tla be re nehelana ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R10,50. Ho phaella litlhahisong tse boletsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea December, u ka ’na ua batla ho leka e ’ngoe ea likatamelo tse latelang.

2 Ka mor’a ho ipolela hore na u mang, u ka ’na ua bua se latelang ka mantsoe a hao:

◼“Batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa hore na Jesu o ne a le joang ha a ne a phela e le motho lefatšeng lena. U nahana hore o ne a fapane le batho ba bang ka litsela life? [Emela karabo.] Buka ena e hlollang, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e pheta lintlha tse khōlō tsa bophelo le tšebeletso ea hae, ’me e fana ka temoho mabapi le hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. Ka mor’a ho e bala, batho ba bang ba ikutloa joalokaha eka ba bile le monyetla oa ho kopana le eena ka seqo, ho kopanela mahlomoleng a hae le ho bona tšebeletso ea hae ka boeona.” Supa setšoantšong sa ho qala bukeng, se bontšang sehlooho sa buka. Ebe joale u phetla kenyelletsong, ’me u bale serapa sa bobeli tlas’a sehlohoana “Rua Molemo ka ho Ithuta ka Eena.” Nehelana ka buka ka monehelo oa R10,50.

3 U ka ’na ua lakatsa ho sebelisa nehelano e kang ena:

◼“Lumela. Re ne re ntse re buisana le baahisani ba bang ka litšoaneleho tseo ba ka ratang ho li bona ho motho ea busang ba bang. Na nka u botsa hore na ke tšoaneleho efe e le ’ngoe kapa tse peli tseo u nahanang hore ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa? [Emela karabo. Amohela lintlha. Lumela haeba ho loketse.] Na u ne u tseba hore Bibele e hlalosa litšoaneleho tsa Ea seng a amohetsoe hore e be ’musi oa moloko oa batho? Ke mona ho Esaia 9:6, 7. [E bale.] U nahana hore ho ne ho tla ba joang ho phela tlas’a ’musi ea joalo?” Emela karabo ebe u lebisa tlhokomelo ho Pesaleme ea 146:3, 4. Phetla khaolong ea 133 bukeng ea Motho e Moholo bakeng sa ho susumetsa puisano e tsoelang pele.

4Sebelisa Pampitšana ho Kenyelletsa Buka ea Motho e Moholo: Lipampitšana li thusa haholo bakeng sa ho qalisa meqoqo. Li thusa ho hapa tlhokomelo ea beng ba matlo hobane lipampitšana li sebetsana le litaba tse utloahalang tse ba amang ka seqo.

Ka mohlala, u ka ’na ua bua ntho e kang ena:

◼“Ha re ntse re buisana le batho, re hlokometse hore ba bangata ba bolela kamoo ba amehileng kateng ka . . . [khetha ketsahalo ea morao-rao litabeng]. Ho bonahala eka maemo a lefatše a ntse a mpefala ka ho eketsehileng. Ba bang ba bile baa ipotsa hore na ebe lefatše lena le tla pholoha. U ikutloa joang ka seo? [Emela hore mong’a ntlo a arabe. Batho ba bangata ba na le tšepo.] Ke balile ntho e ’ngoe e khothatsang eo nka ratang ho e arolelana le uena. E pampitšaneng ena. [Neha mong’a ntlo pampitšana ea Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? u ntse u tšoere pampitšana e tšoanang le eo ka letsohong.] Hlokomela kamoo Jesu a profetileng kateng hore . . . ” Bala serapa se leqepheng la 4 kapa la 5 se lumellanang le ketsahalo ea morao-rao e boletsoeng kenyelletsong ea hao. Bontša mong’a ntlo buka ea Motho e Moholo. Haeba ho bonahala ho loketse, phetla boitsebiso bo eketsehileng ka boprofeta ba Jesu bo totobalitsoeng khaolong ea 111. Nehelana ka buka. Hape, tiisa hore u botsa potso bakeng sa taba e tlang ho tšohloa ha u boela.

5 Temoho e ntle e tla re nolofaletsa ho hlokomela litlhoko le lithahasello tsa batho bao re kopanang le bona. Liproverbia 16:23 e re tiisetsa sena, e re: “Pelo ea motho ea bohlale e nepisa molomo oa hae [temohong, NW], e hlophisa lipuo tsa hae ka thuto.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela