Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/96 leq. 3
  • Bua ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bua ka Sebete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 1/96 leq. 3

Bua ka Sebete

1 Lilemong tsa morao tjena bahoeletsi libakeng tse ling ba ntse ba thatafalloa ka ho eketsehileng ho bua le batho malapeng a bona. Ba bangata ba tlaleha hore tšimong ea bona batho ba fetang karolo ea 50 lekholong ha ba eo lapeng ha ho uoa ka ntlo le ntlo. Ka lebaka leo, boholo ba nako e sebelisoang ha e hlahise litholoana.

2 Lilemong tse fetileng batho ba bangata ba ne ba fumaneha lapeng ka Sontaha, e leng letsatsi leo ka kakaretso le neng le talingoa e le la ho phomola. Litloaelo li fetohile. Kajeno ho tloaelehile hore batho ba sebetse mesebetsing ea boipheliso, ba hlokomele litlhoko tsa lelapa tse kang ho ea mabenkeleng, kapa ho ameha boikhathollong, boo le bona bo etsang hore ba be sieo lapeng. Kahoo esita le ka Lisontaha, ho kopana le batho ha ho uoa ka ntlo le ntlo ho fetohile bothata.

3 Ha batho ba le sieo lapeng, ka ho totobetseng ho bolela hore ba sebakeng se seng sesele. Kaha pakane ea rōna ke ho bua le batho, ke hobane’ng ha re sa buisane le bao re kopanang le bona—seterateng, ’marakeng, kapa mosebetsing. E ne e le tloaelo ea Pauluse ho atamela “bao ho neng ho etsahala hore ebe ba teng,” ho ba pakela. (Lik. 17:17, NW) Sena se ile sa ipaka e le mofuta oa ho paka o behang litholoana nakong eo, ’me ke mofuta oa ho paka o behang litholoana mehleng ea rōna.

4 Ha re e-ea ka ntlo le ntlo, ka tloaelo re bona batho ba ntse ba itsamaela feela kapa mohlomong ba emetse e mong. Letsatsing le monate, ba ka ’na ba be ba lutse bencheng ea serapa sa boikhathollo kapa ba be ba lokisa koloi ea bona kapa ho e hlatsoa. Pososelo e nang le moea oa boahisani le tumeliso e botsoalle e ka ’na ea e-ba sohle seo re se hlokang hore re qale moqoqo. Haeba ba lula sebakeng se haufinyane, re ka ba ra bolela hore mohlomong re qeta ho fumana ba le sieo malapeng a bona ’me hona joale re thabela hore ebe re na le monyetla ona oa ho buisana le bona. Ka ho nka bohato ba pele ba ho bontša sebete haholoanyane, ba bangata ba thabetse liphihlelo tse putsang.

5 Sebete se Tlisa Litholoana: Moena e mong o ile a hlalosa hore o atamela batho ba emeng, ba emetseng bese, ba itsamaelang feela ba khatholohile, kapa ba lutseng ka makoloing a bona. Ka pososelo e mofuthu le lentsoe le tletseng thabo, o iketsa moahisani ea botsoalle ea batlang ho chaka feela. Ka tsela ena ha aa ka a nehelana feela ka lingoliloeng tse ngata empa hape o qalisitse lithuto tse ngata tsa Bibele.

6 Moena e mong le mosali oa hae ba ne ba ntse ba e-ea ka ntlo le ntlo ha ba kopana le mosali ea neng a tsamaea a jere mokotla o moholo oa korosari. Ba ile ba qalisa moqoqo, ba mo babatsa bakeng sa ho ba mafolo-folo ha hae ka ho hlokomela litlhoko tsa lelapa la hae. Ba ile ba botsa: “Empa ke mang ea ka fanang ka seo moloko oa batho o se hlokang?” Seo se ile sa tsosa thahasello ea mosali eo. Moqoqo o mokhutšoanyane o ile oa lebisa memong ea ho ea lelapeng la hae, moo thuto ea Bibele e ileng ea qalisoa.

7 Kahoo nakong e tlang ha u ntse u paka ka ntlo le ntlo, ebang ke ka Sontaha kapa letsatsing le leng la beke, ’me u fumana hore batho ha ba eo lapeng, ke hobane’ng u sa be le sebete se seholoanyane ’me u buisane le batho bao ka sebele u kopanang le bona—seterateng kapa sebakeng leha e le sefe? (1 Ba-Thess. 2:2) U ka ’na ua ba le tšebeletso e behang litholoana haholoanyane, ’me u tla fumana thabo e khōloanyane tšebeletsong ea hao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela