Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/96 leq. 4
  • Tsoelang Pele le Bua ’nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoelang Pele le Bua ’nete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boela Bakeng sa ho Pholosa ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Tumelo e Latela Ntho e Utloiloeng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsebo ea Molimo oa ’nete e Isa Bophelong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 5/96 leq. 4

Tsoelang Pele le Bua ’nete

1 Moapostola o ile a bolela: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) Kajeno le rōna re tlameha ho tsoela pele re bua ’nete. Le hoja ho ajoa ha Molula-Qhooa le Tsoha! e le mokhoa oa ho fumana ba tla mamela, re tlameha ho khutla hore re tle re rute ba thahasellang ’nete e eketsehileng.

2 Ha u latella ho tsamaisoa ha “Tsoha!” e khethehileng ea May ka sehlooho sa eona “Ha Lintoa li se li le Sieo,” u ka hlahisa taba ea thuto ea Bibele ka ho botsa:

◼ “Nakong e fetileng, re ile ra bua ka lintoa tsa lichaba le karolo ea bolumeli ho tsona. Na u ne u hlokometse hore liketsahalo tse joalo li paka ka ho hlakileng hore re phela ho seo Bibele e se bitsang matsatsi a qetello? [Hlahisa buka ea Tsebo. Bala serapa sa pele khaolong ea 11, ’me u totobatse lebokose le leqepheng la 102.] Buka ena e hlalosa taba ena hammoho le tse ling tse 18 tse thathamisitsoeng mona ho tse ka hare. [Phetla leqepheng la 3.] Haeba u rata, nka rata ho u bontša kamoo buka ena e ka u thusang kateng ho fumana kutloisiso ea litaba tsena tsa bohlokoa tsa Bibele.” Haeba u lumelloa, qala thuto leqepheng la 6.

3 Haeba u ile ua tšepisa ho khutlela le ho ea hlalosa kamoo ho ka etsahalang ho thabela bophelo bo sireletsehileng hona joale, u ka ’na ua bua ntho e kang ena:

◼ “Ha re qala ho kopana, ke ile ka arolelana le uena karolo e itseng ka Bibeleng e re fang lebaka la ho ba le tšepo ka bokamoso ba motho. Kajeno ke tla rata ho lebisa tlhokomelo ea hao nthong e tla bontša hore na ke mang ea ka re fang boikutlo ba ho sireletseha hona joale.” Bala Pesaleme ea 4:8. Phetla buka ea Tsebo leqepheng la 168 ’me u bale serapa sa 19. Ebe ua botsa: “Na u ne u tla thabela ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng e bontšang ka ho hlakileng kamoo le uena u ka fumanang mofuta ona oa tšireletseho bophelong ba hao?” Haeba karabelo ke e, phetla khaolong ea 1.

4 E le ho eketsa tselaneng ea hao ea makasine bao u ileng ua ba tsamaisetsa “Tsoha!” ea June 8, u ka leka katamelo ena:

◼ “U ile ua bonahala u laba-labela ho bala makasine ea Tsoha! eo ke ileng ka u siela eona e buang ka taba ea ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali mosebetsing. Na u ile ua fumana boitsebiso boo bo thahasellisa? [Emela karabo.] Babali ba kamehla ba Tsoha! hangata ba re ba ananela kamoo e sebetsanang le litaba tsa bohlokoa joalo ka tsela e itekanetseng le e batsi. Ke kholoa hore le uena u tla fumana hore hoo ke ’nete ka tokollo ena ea morao-rao. [Ka bokhutšoanyane buella sehlooho se ka holimo.] Na u ne u ka rata ho e bala?”

5 U ka buella thuto ka ho toba leetong la ho boela ka ho re:

◼ “Re aba limakasine tsa rōna lefatšeng ka bophara ho tsebisa batho hohle ka seo Bibele e se rutang. Haeba batho ka bomong ba ananela seo ba ithutang sona, re etsa tlhahiso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. [Bua ka lebokose ‘Na U ka Rata ho Eteloa?’ leqepheng le qetellang la Molula-Qhooa.] Re sebelisa buka ena, Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e le tataiso. E re ke u bontše ka bokhutšoanyane hore na thuto e tšoaroa joang.”

6 Haeba re tsoela pele ho bua ’nete, re na le bonnete ba hore ho tla ba le ba bang ba tla mamela ’me ba arabele hamolemo.—Mar. 4:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela