Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 5 February
  • Beke e Qalang ka la 12 February
  • Beke e Qalang ka la 19 February
  • Beke e Qalang ka la 26 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 2/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February

Beke e Qalang ka la 5 February

Pina 96

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: “Ho Bolela ’Nete Letsatsi le Leng le le Leng Joaloka Jesu.” Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 5.

20 mets: “Tšenolo—Senotlolo se Isang Thabong ea ’Nete.” Bua ka linehelano tseo ho entsoeng tlhahiso ka tsona, ’me u etse pontšo e le ’ngoe kapa tse peli.

Pina 14 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 12 February

Pina 191

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

13 mets: “Lokisetsang Mosebetsi oa Limakasine ka April.” Hatella bohlokoa ba Molula-Qhooa le Tsoha! ho tsebahatseng litaba tse molemo. Bala sehlooho sena se nang le lirapa tse peli, ’me u lokolise litokisetso tseo phutheho e tla li etsa hore April e be khoeli e khethehileng ea kabo ea limakasine.

22 mets: “Nka Etsa Joang Hore Mong’a Ntlo a Mamele?” Lipotso le likarabo. E-re bahoeletsi ba babeli ba buisane ka kamoo ba tla leka ho bontša mofuthu o eketsehileng ha ba fihla malapeng, ba sebelisa tse ling tsa litlhahiso tse fanoeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, maqepheng a 166-8, lirapeng tsa 10-21.

Pina 133 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 February

Pina 72

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: “Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996—Karolo 2.” Puo ka molebeli oa sekolo. Hatella bohlokoa ba ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng.

20 mets: “Ba Thuseng ho Utloisisa.” Hlahloba linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona bakeng sa ho etsa maeto a ho boela. Moholo o buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ka litšobotsi tsa buka ea Tlhōrō ea Tšenolo le kamoo li ka totobatsoang kateng. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli. Fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka hōlisoang thahasello ho fihlela ntlheng eo ho ka qalisoang thuto ea Bibele ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

Pina 53 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 February

Pina 28

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho tlaleha mosebetsi oa bona oa tšebeletso ea tšimo oa February kapele-pele. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba tlameha ho hlahloba hore na lipeho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo tsa likhoeli tse fetileng li tlisitsoe. Lipeho tsena tse fihlileng ka mor’a nako li lokela ho kopanyelletsoa pehong ea phutheho ea February.

15 mets: Ho Lokisetsa Linehelano tse Ipiletsang. Molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong o buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ka melemo ea ho ba le linehelano tse ipiletsang ha re e-ea ka ntlo le ntlo. Ka mohlala, litlaleho tsa litaba tsa sebakeng seo tse mabapi le boiteko ba hona joale ba ho ntlafatsa boemo ba bophelo; mathata a lenyalo a ntseng a eketseha, bana ba litlokotsebe, kapa mathata a ho fumana mosebetsi; kapa lihlooho tsa litaba tse bontšang lebaka leo batho ba bangata ba ntseng ba belaela ka ho eketsehileng ka litharollo tseo bo-ralipolotiki kapa baruti ba fanang ka tsona. Bolela litaba tse sa tsoa etsahala motseng oa heno, ’me u bontše kamoo li ka sebelisoang kateng ho qalisa moqoqo.

20 mets: Ho Nehelana ka Buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka March. Bontša tse ling tsa litšobotsi tse thahasellisang tsa buka ena tse ka sebelisoang ho qalisa moqoqo. (1) Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse hohelang, tse kang tse maqepheng a 4-5, 86, 124-5, 188-9. (2) Bontša kamoo khaolo ka ’ngoe e qetellang ka lipotso tsa tlhahlobo, ’me u hlalose kamoo li ka sebelisoang joaloka motheo oa linehelano. Mong’a ntlo a ka botsoa haeba a ka rata ho tseba likarabo. Qolla tse ling tsa lipotso tse thathamisitsoeng maqepheng a 11, 22, 61, 149. (3) Bua ka lebokose le leqepheng la 102, ’me u fane ka litlhahiso tse bontšang kamoo “Litšobotsi Tse Ling Tsa Matsatsi a Qetello” li ka sebelisoang kateng ho tsosa thahasello. (4) Hatella kamoo buka e entsoeng ka ho khethehileng bakeng sa ho khanna lithuto tse hatelang pele. Likhaolo li khutšoaane, boitsebiso bo bonolo hore bo ka utloisisoa, ho qotsitsoe litemana tse matla le lipotso tse batlang maikutlo lintlheng tsa sehlooho. Khothalletsa bohle ho nehelana ka buka ena ka sepheo sa ho qalisa lithuto.

Pina 151 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela