Ba Thuseng ho Utloisisa
1 Moapostola Petrose o ile a lumela hore tse ling tsa lintho tse boletsoeng ka Bibeleng li “thata ho utloisiseha.” (2 Pet. 3:16) Ba bangata ba ile ba ikutloa joalo ka buka ea Tšenolo. Leha ho le joalo, se boleloang ke eona se hlakisitsoe hantle bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Re ka thusa batho ba thahasellang joang ho e sebelisa hamolemo?
2 Haeba le buisane ka Tšenolo 1:3 leetong la hao la pele, mohlomong khopolo ena e ka tsosa thahasello e ncha:
◼“Nakong e fetileng re buisane ka kamoo ho utloisisa buka ea Tšenolo ho ka tlisang thabo kateng. Leha ho le joalo, thabo e joalo ha e itlele feela. Ho hlokahala bonyane lintho tse peli ho rōna: Re tlameha ho ithuta Bibele, ’me re tlameha ho sebelisa seo re ithutang sona.” Bala le ho hlalosa Jakobo 1:25. Phetla serapa sa 9 leqepheng la 8, ’me u bontše kamoo ho utloisisa buka ea Tšenolo ho ka re thusang ho ithuta kamoo re ka fumanang thabo lefatšeng le lecha la paradeise.
3 Haeba le buisane ka Johanne 17:3 leetong la hao la pele, u ka hatella bohlokoa ba ho fumana tsebo e eketsehileng ea Bibele ka ho re:
◼“Nakong e fetileng ha ke le mona, re ile ra bala ho Johanne 17:3 hore ho fumana tsebo ka Molimo ho ka lebisa bophelong bo sa feleng. Empa na u ka rata ho phela ka ho sa feleng lefatšeng leo re phelang ho lona kajeno? [Emela karabo.] Ba bangata ba ke ke ba rata ho phela ho lona. Ka lebaka leo, re ka thaba ha re utloa ka seo Molimo a se tšepisitseng.” Phetla serapa sa 6 leqepheng la 303, u bale Tšenolo 21:4, ’me u hlalose hore lefatše le tla ba joang ha “lintho tsa pele li fetile.” Ithaopele hore u tla khutla le ho ntšetsa puisano pele.
4 Haeba u ile ua sebelisa setšoantšo se leqepheng la 302 ho bontša hore ’Muso oa Molimo o tla felisa tsieleho, u ka phetla buka leqepheng leo ’me ua re:
◼“Re buisane ka litlhohonolofatso tse bontšitsoeng mona hore batho ba tla thaba tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. U nahana hore ke’ng seo re tlamehang ho se etsa haeba re batla ho phela tlas’a ’Muso oo? [Emela karabo.] Mehleng ea Bibele batho ba bang ba ile ba beha mohlala o motle haholo oo ho ka bang molemo ha re o etsisa.” Bala Liketso 17:11, hatella bohlokoa ba ho ‘hlahloba Mangolo letsatsi le leng le le leng.’ Hlalosa hore Lipaki tsa Jehova li thusa batho ba tšepahalang sechabeng ho ithuta Lentsoe la Molimo le hore ba le utloisise hamolemo.
5 Haeba u sietse mong’a ntlo ea maphatha-phathe haholo hore a ka qoqa pampitšana e reng “Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?” u ka sebelisa kenyelletso ena:
◼“Maoba ha ke ne ke le mona, u ne u le maphatha-phathe haholo. Ke ile ka u siela pampitšana e ileng ea phahamisa potso ka ho pholoha ha lefatše linakong tsena tse mabifi. Re ile ra bala Tšenolo 21:4, e qotsitsoeng bukeng ena, Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! [E bale ho tsoa serapeng sa 6 leqepheng la 303.] Setšoantšo sena [se leqepheng la 302] se u neha khopolo ea kamoo ho tla ba kateng ha ‘Molimo a hlakotse meokho eohle mahlong a rōna.’ Buka ena e fana ka bopaki bo kholisang ba hore tšepiso ena e tla phethahatsoa nakong e tlang e haufi. Haeba u lakatsa ho e bala, kopi ena e ka ba ea hao ka monehelo oa R10,50.”
6 Haeba u fumana batho ba thahasellang, qetellong u tla rata ho lebisa tlhokomelo ea bona bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le ho e sebelisa ho qalisa thuto. Ka sebele u tla fumana thabo e ngata ka ho thusa hore “ba haelloang ke tsebo ba utloisise.”—Pes. 119:130, NW.