Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/98 leq. 1
  • Ba Khona ho Bona Hore re Fapane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Khona ho Bona Hore re Fapane
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kotula se Lekanang le Boiteko ba Rōna ka Bomong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Molaetsa oo re Lokelang ho o Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Jehova o Tsamaisa Mokhatlo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 12/98 leq. 1

Ba Khona ho Bona Hore re Fapane

1 Selemong se fetileng, batho ba fetang 300 000 ba bacha ba ile ba ikopanya le rōna ka hore ba kolobetsoe. Ke’ng seo batho baa ba se boneng ho Lipaki tsa Jehova se etsang hore ba batle ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo? Ke hobane’ng ha re hlahella re fapane ho malumeli a mang ’ohle? A mang a mabaka a totobetseng ke ana:

—Re khomarela Bibele eseng mehopolo oa botho: Re rapela Jehova Molimo “ka moea le ’nete,” feela joalokaha Jesu Kreste a itse re lokela ho etsa joalo. Sena se ile sa bolela ho hana mashano a bolumeli le ho itšoara tumellanong le Lentsoe la Molimo le ngotsoeng.—Joh. 4:23, 24; 2 Tim. 3:15-17.

—Re ea ho batho ho e-na le ho emela hore ba tle ho rōna: Re amohetse thōmo ea Kreste ea ho bolela le ho ruta, ’me re etsisa mohlala oa hae oa ho batla ba lipelo li tšepahalang. Re ba batla malapeng a bona, literateng, leha e le kae le kae moo ba ka fumanehang teng.—Mat. 9:35; 10:11; 28:19, 20; Lik. 10:42.

—Re fana ka thupelo ea Bibele ho motho e mong le e mong ntle ho tefiso: Re sebelisa matlotlo le matla a rōna ntle ho tefiso, ’me re nehelana ka lihora tse fetang limilione tse sekete tšebeletsong ea Molimo selemo le selemo. Re ithuta Bibele le batho ba mefuta eohle, re sa ee ka leeme.—Mat. 10:8; Lik. 10:34, 35; Tšen. 22:17.

—Re koetlisitsoe hantle bakeng sa ho thusa batho moeeng: Ka thuto ea rōna ea botho ea Bibele le thupelo e fanoang libokeng tsa phutheho le likopanong tse khōlō le tse nyenyane, re fumana thuto ea puso ea Molimo ea bohlokoa, e tsoelang pele, e re nolofalletsang ho fa ba bang tsebo ea moea.—Esa. 54:13; 2 Tim. 2:15; 1 Pet. 3:15.

—Re nka ’nete ka ho teba, re e sebelisa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi: Ka lebaka la lerato la rōna ho Molimo, re etsa liphetoho, ’me re lumellanya bophelo ba rōna le thato ea hae. Botho ba rōna bo bocha bo kang ba Kreste bo hohella ba bang ’neteng.—Ba-kol. 3:9,10; Jak. 1:22, 25; 1 Joh. 5:3.

—Re leka ka matla ho phelisana le ho sebetsa le ba bang ka khotso: Ho hlaolela litšobotsi tsa bomolimo ho re thusa ho lebela liketso le lipuo tsa rōna. Re ‘batla khotso ’me rea e phehella’ ho batho bohle.—1 Pet. 3:10, 11; Baef. 4:1-3.

2 Mehlala eo batho ba e bonang ea bophelo ba Bokreste ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova e susumelletsa ba bangata ho amohela ’nete. E se eka mohlala oa rōna ka bomong o ka ba le phello e tšoanang ho ba re tsebang le ba re shebeletseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela