Kamoo Litho Tsa Lelapa li Sebelisanang Hammoho Kateng Hore li Kopanele ka Botlalo—Tšebeletsong
1 E ka ba ke eng e thabisang ho feta ho bona banna le basali, batsoali le bana ba sebetsa hammoho tšebeletsong ea Bokreste, ba rorisa lebitso la Jehova phatlalatsa? (Pes. 148:12, 13) Malapa ’ohle a lokela ho ba le kemiso e ntle ea hore a kopanele kamehla tšebeletsong ea tšimo. Na lelapa la hao le na le letsatsi le behiloeng beke ka ’ngoe leo le le qetang tšebeletsong? Haeba ho joalo, joale e mong le e mong o tseba hantle seo a lokelang ho se lokisetsa ’me a ka kopanela ka botlalo.—Liprov. 21:5a.
2 Pele ho letsatsi la tšebeletso la lelapa, ke hobane’ng ha le sa ho etse morero o kopanetsoeng ho lokisetsa linehelano tseo lelapa la lōna le tla li sebelisa? Linako tsa ho ikoetlisa li ka ba molemo haholo, ’me li ka hlahisa moea oa ’nete oa tšebelisano ea lelapa. Ke ho putsang hakaakang ha tšebeletso ea tšimo e ba ntho ea lelapa ’me litho tsohle li itokiselitse hantle!
3 Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a tsamaea le lelapa lohle tšebeletsong ea limakasine. Ha a ntse a sebetsa ka ntlo le ntlo le e mong oa barali ba lelapa leo, morali eo o ile a botsa: “U tla sebetsa le ’na nako e kae?” Eaba oa hlalosa hore ka mor’a moo o il’o sebetsa le ntate oa hae. Ho ne ho hlakile hore eena le ntate oa hae ba ne ba hlile ba thabela ho sebetsa hammoho. Ke moea o motle hakaakang oa lelapa!
4 Malapa a mang a ka ’na a khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe selemong. Kapa mohlomong setho se seng sa lelapa bonyane se ka khona ho sebeletsa se sa khaotse e le pula-maliboho ea thusang kapa esita le ho ngolisa e le pula-maliboho oa kamehla. Ka ho ba le tlhophiso e ntle le tšebelisano, mohlomong litho tsohle tsa lelapa li ka khona ho eketsa ho kopanela ha tsona tšebeletsong ka ho tšehetsa ea bulang maliboho. Ka sebele lelapa le tla hlohonolofatsoa ka tšebeletso ena e eketsehileng le ka liphihlelo tse monate tse thabeloang tšebeletsong.—Mal. 3:10.
5 Ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela evangeli ho tla thusa ho boloka malapa a momahane, a cheseha, a hlahisa litholoana hape a thabile tšebeletsong ea Jehova!—Bapisa le Bafilippi 2:1, 2.