Na re ka Etsa Hore April 2000 e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?
1 Ka Laboraro mantsiboea, ka la 19 April, e tla ba sehlohlolo sa selemo sa rōna sa tšebeletso. Letsatsing leo, ha letsatsi le ntse le likela lefatšeng ho pota, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe le sehlopha se seng le se seng sa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li tla tšoara Sehopotso sa lefu la Kreste. Ho sa tsotellehe hore na re phela sebakeng sa nako efe, ho keteka sehlabelo sa Jesu Kreste e tla ba ketsahalo e ka sehloohong ea selemo sena. Letsatsi la Sehopotso le tšoailoe ‘Almanakeng ea Puso ea Molimo Bakeng sa April 2000,’ e fumanoang leqepheng la 6 la kenyelletso ena.
2 Khoeli eohle ea April e re fa monyetla o babatsehang oa ho bontša ka moea oohle hore re ananela mosa o sa tšoanelang oa Jehova o bontšitsoeng ka sehlabelo sa Mora oa hae. Joang? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle; kahoo, joale, bohle ba ne ba shoele; ’me o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakor. 5:14, 15) E, ka April re ka bontša hore ha re iphelele empa re phelela ea re shoetseng, re etsa hore ena e be khoeli e molemohali ho feta tsohle ho rōna re le basebeletsi ba ’Muso!
3 Ngolisa Hore U be Pula-maliboho ea Thusang ka April: Moapostola Pauluse o ile a re behela mohlala o susumetsang ha a ne a re: “Ha ke etse soule ea ka ea bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke e ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Re na le tokelo e tšoanang ea ho paka ka ho phethahetseng ka Jehova Molimo. E le ho finyella seo, re rata ho etsa hore April e be khoeli e molemohali ho feta tsohle ho rōna tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang!
4 Ka mafelo-beke a eona a mahlano kaofela, April 2000 e tla ba khoeli e ntle haholo ho ba bangata hore ba bule maliboho. Morao koana ka April 1990, ha Afrika Boroa e ne e finyella tlhōrō e ka holimo-limo ea bo-pula-maliboho ba thusang, ba 9 562 ba ileng ba kopanela ba ne ba emela karolo ea 19 lekholong ea bahoeletsi bohle. Lilemo tse robong hamorao, palo e akaretsang ea bahoeletsi ba ileng ba tlaleha ka April 1999 e eketsehile ka hoo e ka bang karolo ea 32 lekholong. Hona ho bolela hore re monyetleng o moholo oa hore re fete tlhōrō ea rōna e fetileng ea bo-pula-maliboho ba thusang. Ho phaella moo, lihora tse hlokoang li se li theotsoe, e leng ho nolofaletsang ba bangata ba eketsehileng ka phuthehong hore ba kenele tšobotsi ena ea tšebeletso. Mohoeletsi e mong le e mong ea kolobelitsoeng o lokela ho nahana ka thapelo hore na a ka khona ho ba pula-maliboho ea thusang ka April.
5 U sebelisa “Almanaka ea Puso ea Molimo Bakeng sa April 2000” kenyelletsong ena, lokisetsa kemiso ea hao hona joale bakeng sa khoeli e tlang. Etsa qeto hore na ke matsatsi afe ao u tlang ho khona ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka ’ona, ebe u kopanya lihora tsohle tseo u ikutloang hore u ka li nehela tšebeletsong ea boboleli khoeling eo. Akarelletsa le nako eo u ka e qetang u pakela ba bang ka mokhoa o reriloeng le ka o sa reroang. Na kakaretso e atamela lihoreng tse 50 tse hlokoang ho bo-pula-maliboho ba thusang? Haeba u haelloa ke lihora tse hlokahalang, na u ka lokisa kemiso ea hao e le hore u ka reka nako ea ho ba pula-maliboho ea thusang? Ho tla hlokahala hore ka letsatsi u etse hora e le ’ngoe le metsotso e 40 feela ka karolelano e le hore u ka finyella lihora tse 50 ka khoeli.
6 Kaha joale le bo-pula-maliboho ba kamehla ba fokolelitsoe lihora, na u se u kile ua nahana ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? U sa emetse’ng? April e ka ba khoeli e ntle ea hore u qale! Haeba u se na bonnete ba hore u ka khona ho finyella lihora tse hlokoang tse 70 tsa bo-pula-maliboho ba kamehla, ke hobane’ng ha u sa be pula-maliboho ea thusang ka April ’me u ipehele pakane ea lihora tse 70? Hang ha u bone hore u ka ho etsa, u ka ’na ua batla haholoanyane ho etsa kōpo ea ho ba e mong oa bo-pula-maliboho ba kamehla kapele kamoo u ka khonang.—Bona Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 113-14.
7 Kopanela ka Botlalo Joaloka Mohoeletsi oa Litaba Tse Molemo: Ho rōna kaofela, bahoeletsi le bo-pula-maliboho, lerato la rōna la sebele ho Molimo le moahelani le re susumelletsa ho etsa ka moea oohle sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea Jehova ho latela maemo a rōna. (Luka 10:27) Kahoo re bontša hore “re sebetsa ka thata ’me rea ikitlaetsa, hobane re behile tšepo ea rōna ho Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi oa mefuta eohle ea batho, haholo-holo oa ba tšepahalang.” (1 Tim. 4:10) Ke ka lebaka leo re lokelang ho lebella hore bohle ba tla ba le seabo ka April, e mong le e mong a kopanela ka botlalo mosebetsing oa ’Muso.
8 A re se keng ra lebala khothatso ea Jesu: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Hang-hang ka mor’a hore a rialo, Jesu o ile a bitsa baapostola ba hae ba 12 ’me a ba romela ho ea bolela. (Mat. 9:37, 38; 10:1, 5, 7) Hoo e ka bang selemo hamorao, ka mor’a hore ba 12 ba koetlisoe hantle tšebeletsong ea boboleli, Jesu o ile a “khetha ba bang ba mashome a supileng ’me a ba romela,” a ba fa litaelo tse tšoanang: “Ka sebele, kotulo e khōlō . . . Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:1, 2) Buka ea Bibele ea Liketso e tlaleha kamoo Jehova a ileng a araba lithapelo tseo kateng. Ka Pentekonta ea 33 C.E., palo ea barutuoa e ne e se e phahametse ho ba ka bang 120. Joale, ho ile ha finyelloa litlhōrō tse latellanang tsa barutuoa ba 3 000 le ba 5 000. (Lik. 1:15; 2:41; 4:4) Ka mor’a moo, “palo ea barutuoa ea ’na ea ata.” (Lik. 6:7) Ka ho tšoanang, mehleng ea kajeno, re tlameha ho tsoela pele re kōpa baboleli ba ’Muso ba eketsehileng ho Monghali! Tumellanong le lithapelo tsa rōna, mohoeletsi e mong le e mong oa phutheho o lokela ho etsa litokisetso tse tsitsitseng hore a kopanele tšebeletsong khoeli le khoeli.
9 Ka kōpo a k’u shebe “Almanaka ea Puso ea Molimo Bakeng sa April 2000” e kenyelelitsoeng mona hape. Kaha matsatsi a mabeli a pele a khoeli eo ke Moqebelo le Sontaha, na u ka etsa litokisetso tsa ho kopanela tšebeletsong bofelong ba beke eo, ua hla qalella ha khoeli e qala? Moqebelo, la 1 April, ke Letsatsi la rōna le Khethehileng la Limakasine. E mong le e mong o lokela ho ikemisetsa ho kopanela mosebetsing oa limakasine letsatsing leo. Leha ho le joalo, na u ka tšehetsa ‘Letsatsi le leng le le leng la Limakasine’ khoeli eohle le sehlopha sa Thuto ea Buka ea Phutheho? Ho thoe’ng ka ho qeta hora kapa ho feta Sontaha se seng le se seng tšebeletsong? Na u ka etsa tokisetso ea ho kopanela bopaking ba mantsiboea? Hape u se ke ua lebala ho sebelisa menyetla eohle ea ho paka ka tsela e sa reroang mosebetsing, sekolong, kapa ha u tšoarehile mesebetsing e meng ea letsatsi le letsatsi. Tšoaea matsatsi ao u ka qetang nako u le tšebeletsong ka ’ona, ’me u sebelise almanaka ho tlaleha tšebeletso ea hao ea khoeli eo.
10 April e tla ba nako e loketseng bakeng sa bohle ba tšoanelehang le ba filoeng tumello ke baholo hore ba qale ho sebetsa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Haeba u ithuta Bibele le motho e mong, na motho eo o se a tsoetse pele ka ho lekaneng hore a ka atamela molebeli ea okamelang a kōpa hore a hlahlobeloe ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo? Haeba u e-na le bana ba sa kolobetsoang, na u se u buisane le baholo ka tsoelo-pele ea bona ea moea? Na ee e ke ke ea e-ba nako e ntle ea hore ba qale ho ba bahoeletsi?—Bona Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 97-100.
11 Boikemisetsong ba rōna ba ho etsa hore April 2000 e be khoeli e molemohali ho feta tsohle ho rōna, ho hlokahala hore kaofela ha rōna re kopanele tšebeletsong ebe re fana ka tlaleho ea tšebeletso ea rōna ea tšimo qetellong ea khoeli. (Bapisa le Mareka 6:30.) Bahoeletsi ba bacha ba sa kolobetsoang ba kopanelang tšebeletsong ea tšimo ka lekhetlo la pele ba lokela ho khothalletsoa ho tlaleha tšebeletso ea bona kapele. Ka ho phetha karolo ea rōna, re ka tlatsetsa hamolemo tlalehong ea April le mohoong o moholo oa thoriso e tla fuoa Jehova ka boiteko ba rōna ba ho paka.
12 Tloo le ba Bang Sehopotsong: Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e re thabisang ho bona tlhōrō e ncha ea ba bang teng Sehopotsong sa lefu la Kreste sa 2000? E! Hobane hoo ho ne ho tla bolela hore batho ba bangata ho feta leha e le neng pele ba bokane hammoho ho bontša hore ba ananela lipontšo tse khōlōhali tsa lerato tseo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba li entseng molemong oa rōna! (Joh. 3:16; 15:13) Etsa litokisetso leha e le life tse hlokahalang e le hore ho se be le letho le u thibelang uena le lelapa la hao hore le be teng Sehopotsong.
13 Hona joale e boetse ke nako ea ho qala ho memela ba bang Sehopotsong. Etsa lethathamo la bohle bao u ratang ho bona ba e-ba teng. Akarelletsa leha e le bafe ba kileng ba ithuta Bibele nakong e fetileng, ba ithutang hona joale le bohle bao e leng maeto a hao a ho boela. Lethathamong leo kopanyelletsa le bao u tloaelaneng le bona mosebetsing, sekolong le tikolohong ea heno, hammoho le mang kapa mang eo u nang le tšebelisano ea khoebo le eena. Se ke ua lebala ho akarelletsa ba bang bao u tloaelaneng le bona le beng ka uena. Ka mor’a hore u etse lethathamo leo, qala ho ea ho e mong le e mong ’me u ba meme ka tieo. Hlakisa hore na Sehopotso se tla tšoaroa neng hona se tšoareloa hokae. Ha la 19 April le ntse le atamela, hopotsa ba lethathamong la hao, ebang u ikisa ho bona kapa u ba letsetsa mohala. Ba bolelle hore u ka rata ho tla ba lata bosiung boo e le hore ba ka tsamaea le uena ho ea Sehopotsong.
14 Tumellanong le tataiso ea pele e tsoang ho Mokhatlo, sehlopha sa baholo se tla be se etsa boiteko bo khethehileng ho khothatsa bahoeletsi bohle ba sa kopaneleng tšebeletsong ba tšimong eo hore ba be teng Sehopotsong. (Mat. 18:12-14) Ho tla hlokahala hore baholo ba hlahlobe lengolo la Mokhatlo la la 2 February, 1999. Mongoli oa phutheho o lokela ho etsa lethathamo la bahoeletsi bohle ba sa kopaneleng tšebeletsong, ’me molebeli oa tšebeletso o tla abela baholo hore ba ba etele ’me ba ba memele Sehopotsong. Mohlomong ka ho fumana ketelo e khothatsang ea bolisa kapele kamoo ho ka khonehang, bana ba sa kopaneleng tšebeletsong ba ka thusoa hore ba kopanele hape tšebeletsong ea tšimo, esita le hona ka April. Ho tla ba haha hore ba memeloe ho kopanela le mohoeletsi ea nang le phihlelo tšebeletsong ea tšimo.
15 Khothalletsa Tšehetso e Ntle ka April! Ho tla hlokahala hore ho be le tšebelisano e ntle ka lehlakoreng la baholo bohle, bahlanka ba sebeletsang le lihlooho tsa malapa, ho etsa hore April 2000 e be khoeli e molemohali ho feta tsohle ho rōna. Baholo ba tla ikitlaetsa ho bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlophisitsoe hantle le ho etella pele. (Baheb. 13:7) Ho hlokahala hore ho etsoe litokisetso tse sebetsang bakeng sa liboka tsa tšebeletso ea tšimo har’a beke le bofelong ba beke. Liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso li ka hlophisoa bakeng sa tšebeletso ea motšehare oa mantsiboea le ea shoalane. Kemiso e feletseng ea sohle se lokiselitsoeng April e lokela ho behoa lematjaneng la litsebiso. Ho tla hlokahala hore ho be le motho ea abeloang hore a tšoare seboka se seng le se seng se lokiselitsoeng bakeng sa tšebeletso. Ho lokela hore ho lokisetsoe tšimo e lekaneng e hlokoang ke sehlopha ka seng.
16 Ka April ho tla buelloa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E le ka boiteko ba ho qala lithuto tsa Bibele tsa lehae, bukana ea Seo a se Hlokang e lokela ho fuoa bohle ba thahasellang. Kahoo, ho hlokahala hore ho be le phepelo e lekaneng ea limakasine le libukana.
17 Qetellong ea khoeli, bakhanni bohle ba thuto ea buka le batlatsi ba bona ba tla rata ho khothalletsa e mong le e mong ea sehlopheng sa bona hore a fane ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo hang-hang ha khoeli e fela. Mohlomong sena se ka ba sa etsoa le ka Sontaha sa la 30 April. Joale, ha mongoli a thathamisa litlaleho, haeba a hlokomela hore bahoeletsi ba bang ha ba e-s’o tlise tsa bona, a ka ba hopotsa ka mosa hore ba etse joalo pele ho la 6 May, e leng nako eo a tlamehang ho romela tlaleho ea phutheho ho Mokhatlo ka eona. A ka ’na a kōpa bakhanni ba thuto ea buka hore ba mo thuse ka ho iteanya le bahoeletsi ka bomong.
18 Nako ea Sehopotso ke nako ea bohlokoa ka ho fetisisa ea selemo ho batho ba Molimo. E lokela ho ba nako e maphathaphathe ho rōna kaofela tšebeletsong ea Jehova. E tla ba joalo haeba e mong le e mong a kopanela ka botlalo ka hohle-hohle e le mohoeletsi oa litaba tse molemo, haeba ba khonang ba ka ngolisetsa ho ba bo-pula-maliboho ba thusang, le haeba re khothalla ho ea le ba bang Sehopotsong sa lefu la Kreste. A re rapelleng tlhohonolofatso e enneng ea Jehova ka tieo ha re ntse re loanela hore April 2000 e be khoeli e molemohali ho feta tsohle ho rōna, tsohle e le thorisong le tlotlisong ea Molimo!—Baheb. 13:15.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Litlhōrō Tse ka Holimo-limo Tseo re Kileng ra li Finyella Tsa Bo-pula-maliboho ba Thusang:
Afrika Boroa: 9 562 (April 1990)
Botswana: 160 (April 1993)
Lesotho: 326 (April 1990)
Namibia: 127 (April 1992)
St. Helena: 18 (May 1987)
Swaziland: 213 (April 1992)
[Lebokose le leqepheng la 4]
Litlhōrō Tse ka Holimo-limo Tseo re Kileng ra li Finyella Tsa Bahoeletsi Bohle:
Afrika Boroa: 67 069 (August 1999)
Botswana: 1 153 (August 1998)
Lesotho: 2 573 (August 1999)
Namibia: 995 (August 1998)
St. Helena: 160 (November 1997)
Swaziland: 2 029 (August 1999)
[Lebokose le leqepheng la 5]
Litlhōrō Tse ka Holimo-limo Tseo re Kileng ra li Finyella Tsa ba Bileng Teng Sehopotsong:
Afrika Boroa: 168 903 (1997)
Botswana: 3 535 (1997)
Lesotho: 7 056 (1995)
Namibia: 2 681 (1997)
St. Helena: 354 (1997)
Swaziland: 5 976 (1997)
[Chate e leqepheng la 6]
Almanaka ea Puso ea Molimo Bakeng sa April 2000
Sontaha Mantaha Labobeli Laboraro Labone Labohlano Moqebelo
1
LETSATSI LE
KHETHEHILENG
LA LIMAKASINE
2 3 4 5 6 7 8
Letsatsi la
Limakasine
9 10 11 12 13 14 15 Mareka Mareka
14:3-9; 11:12-19
11:1-11
Letsatsi la
Limakasine
16 17 18 19 20 21 22
Mareka Mareka Mareka SEHOPOTSO
11:20– 14:1, 2, 14:12-16; KA MOR’AHORE
12:27, 10, 11; Matheu ETSATSI LE
LIKELE
41-44 Matheu 26:17-19 Mareka
PUO E 26:1-5, 14:17–15:1
KHETHEHILENG 14-16
Letsatsi la
Limakasine
23 24 25 26 27 28 29
Letsatsi la
Limakasine
30
Fana ka
Tlaleho
ea Hao ea
Tšebeletso
ea Tšimo
Tšoaea hore na ke matsatsi afe ao ka ’ona u ka qetang nako e itseng u le tšebeletsong. Sebelisa almanaka ena ho tlaleha nako ea tšebeletso ea hao ea khoeli eo.