Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2001
1 Ho na le mabaka a mangata a Mangolo a hore kaofela ha rōna re kopanele ka hohle kamoo ho ka khonehang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.—Liprov. 15:23; Mat. 28:19, 20; Lik. 15:32; 1 Tim. 4:12, 13; 2 Tim. 2:2; 1 Pet. 3:15.
2 Lenaneo la ’malo oa Bibele oa beke le beke ke khale e le tšobotsi ea sekolo sena. Le lekana le ho bala leqephe le le leng la Bibele letsatsi ka leng. Ho qala selemong sena, ho boetse ho abetsoe ’malo oa Bibele bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe ea tlhahlobo e ngoloang. Kemiso ea ’malo oa Bibele oa tlatsetso, o neng o etselitsoe kemiso ea lilemo tse tharo tse fetileng, e qetiloe. Empa haeba u lakatsa ho bala Bibele haholoanyane ho feta kamoo ho entsoeng kemiso kateng, u ka iketsetsa lenaneo la ho bala.
3 Kabelo ea No. 2 e koetlisa barab’abo rōna bakeng sa ho ‘bala Lentsoe la Molimo phatlalatsa.’ (1 Tim. 4:13) Ha u abetsoe ’malo, itlhakisetse oona khafetsa ka lentsoe le phahameng.
4 Kabelo ea No. 3 le No. 4 li thehiloe bukeng ea Ho Bea Mabaka, e lokiselitsoeng ho sebelisoa tšebeletsong ea tšimo. Haeba boitsebiso boo u bo abetsoeng bo le bongata haholo hore o ka bo akaretsa ka nako eo u e filoeng, khetha feela bo sebetsang haholo tšimong ea phutheho ea lōna. Ho ka sebelisoa boemo leha e le bofe boo puo e fanoang tlas’a bona bo loketseng tšimo ea lōna.
5 Etsa boiteko bohle bo loketseng ho phetha likabelo tsohle tsa hao sekolong. Iphe nako ea ho lokisetsa hantle, ’me u bue se tsoang pelong. U tla ba mohloli oa khothatso phuthehong, ’me u tla rua molemo ka bouena ka ho kopanela ka pelo eohle Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 2001.