Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2002
1 Batho ba bangata ba khella tlaase matla a ho bua. Leha ho le joalo, ho bua ke mpho e tsoang ho Jehova. Ho re etsa hore re buisane le ba bang le ho hlalosa mehopolo le maikutlo a rōna. Ntho e ka sehloohong ke hore ka hona, re ka rorisa Molimo oa rōna.—Pes. 22:22; 1 Bakor. 1:4-7.
2 Banna, basali le bana ba rutoa ho bolela lebitso la Jehova Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. (Pes. 148:12, 13) Lenaneo la sekolo la 2002 le akaretsa lihlooho tse ngata tsa Bibele tseo re ka ruang molemo ho tsona le ho li sebelisa tšebeletsong. Ka ho lokisetsa sekolo le ka ho nka karolo ho sona, re ka eketsa tsebo ea rōna le phihlelo re le mesuoe ea Lentsoe la Molimo.—Pes. 45:1.
3 Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi: Haeba re tloaetse ho nka Bibele, neng kapa neng ha re e-na le nako re ka e sebelisa hamolemo ka hore re e bale. Bongata ba rōna re na le metsotso e seng mekae e itjang feela motšehare eo re ka e sebelisang ka tsela ena. Ho molemo hakaakang ho bala bonyane leqephe le le leng letsatsi le letsatsi, e leng sohle seo re se hlokang hore re tsamaisane le lenaneo la ’malo oa Bibele o kemisong ea sekolo!—Pes. 1:1-3.
4 Ho khona ho bala Bibele hantle ho ka re thusa hore re finyelle lipelo tsa bamameli ba rōna le ho ba susumelletsa ho rorisa Jehova. Barab’abo rōna ba behang Puo No. 2 sekolong ba lokela ho ikoetlisa khafetsa, ba ikoetlisetse ho bala puo ena ka lentsoe le phahameng. Molebeli oa sekolo o tla babatsa a be a etse litlhahiso bakeng sa ho ntlafatsa ’malo ona.
5 Sebelisa Buka ea Ho Bea Mabaka: Puo No. 3 le No. 4 li thehiloe bukeng ea Ho Bea Mabaka. Bongata ba rōna mohlomong re ka loanela ho sebelisa thuso ena e sebetsang tšebeletsong ea tšimo. Baralib’abo rōna ba lokela ho khetha likenyelletso tse sebetsang tšimong ea bona. Molebeli oa sekolo o lokela ho lebisa tlhokomelo e khethehileng tabeng ea kamoo ba rutang kateng le ho sebelisa Mangolo.
6 E se eka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ka re thusa kaofela hore re tsoele pele ho sebelisa mpho eo re e filoeng ke Molimo ea ho bua e le hore re bolele litaba tse molemo le ho rorisa Jehova, Molimo oa rōna e moholo!—Pes. 34:1; Baef. 6:19.