Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/03 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 1/03 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Tsoha! Jan. 8

“Tokollo ena ea Tsoha! e na le potso e thahasellisang: Na Bakreste e Lokela ho ba Bafutsana? U nahana joang ka taba ee? [Emela karabelo.] Kajeno batho ba bangata ba futsanehile. Empa Molimo o ikutloa joang ka bafutsana le barui? [Bala 1 Timothea 2:4.] Bohle ba na le monyetla oa amoheloa ke Molimo le oa ho fumana bophelo bo sa feleng, hafeela ba fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete ’me ba e sebelisa bophelong ba bona. Makasineng ena u tla thabela ho bala ka taba ena e susumetsang motho ho nahana ka ho teba.”

Molula-Qhooa Jan. 15

“Ha u nahana ka tšollo eohle ea mali, na u nahana hore bobe bo hlōtse botle? [Emela karabelo.] Hlokomela seo Bibele e se bolelang ka Molimo. [Bala Pesaleme ea 83:18b.] Kaha Molimo ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše, na ka sebele bobe bo ka hlōla? [Emela karabelo.] Tokollo ena ea Molula-Qhooa e fana ka karabo e khotsofatsang potsong eo.”

Molula-Qhooa Feb. 1

“Batho ba bangata kajeno ba tšoenyehile ka taba ea ho hlokeha ha mesebetsi, ’me ba bang ba tlas’a khatello e matla mosebetsing. Na u nahana hore ke ntho e ka khonehang ho ikutloa u thabile u bile u sireletsehile mosebetsing? [Emela karabelo. Ebe u bala Esaia 65:21-23.] Tokollo ena ea Molula-Qhooa e bua ka nako eo ka eona bohle ba tlang ho ba le mosebetsi o putsang.”

Tsoha! Feb. 8

“Tokollo ena ea Tsoha! e bua ka taba e bohloko e etsahalang mehleng ena ea rōna—e leng ea botekatse ba bana. Bibele e tšepisa hore haufinyane boemo bona bo sisimosang ba ho sebelisoa ha bana hampe bo tla fela. [Bala Liproverbia 2:21, 22.] Makasine ena e bontša hore na ke eng e susumetsang tšebeliso ena e mpe ea bana le hore na e tla felisoa joang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela