Roka Jehova Phuthehong e Khōlō
1, 2. Kopano ea setereke e re fa monyetla ofe, hona ke lintho life tseo re ka li etsang e le hore re finyelle see?
1 Selemo le selemo likopano tsa rōna tsa setereke li re fa monyetla o motle oa ho tlotlisa Jehova. Re ikutloa joaloka Davida ea ileng a bina a re: “Ke tla u roka phuthehong e khōlō; ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.” (Pes. 35:18) Kopanong e tlang ea Setereke ea “Ho Mamela Molimo,” re ka tiisa joang hore re rorisa Jehova re le ntsoe-leng?
2 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka etsang joalo ke ka boitšoaro ba rōna. Baokameli sebakeng se seng seo kopano e neng e tšoaretsoe ho sona ba ile ba re: “Ka lebaka la likopano tsa lōna, re boleletse lihlopha tse ling tsa malumeli tse batlang ho hira sebaka sena hore li tl’o bona kamoo Lipaki Tsa Jehova li lokisetsang kopano kateng, kaha li e lokisetsa ka bokhabane.” Ka tsela eo re shebahalang ka eona, eo re sebelisanang ka eona le ka boitšoaro ba rōna, kaofela ha rōna re kenya letsoho e le hore ho ka ba le lithoriso tse joalo tseo ka tšoanelo li lokelang ho lebisoa ho Molimo oa rōna.—1 Pet. 2:12.
3, 4. Boitlhompho bo tla re thusa joang hore re apare ka tsela e tšoanelang basebeletsi ba Bakreste ha re le kopanong le ka mor’a lenaneo?
3 Tsela eo re Shebahalang ka Eona: E le hore re apare le ho itlhopha ka tsela e tlang ho rorisa Jehova, ho hlokahala boitlhompho. (1 Tim. 2:9) Buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 132 e re: “Motho ea itlhomphang o amehile ka hore a se ke a khopisa ba bang ho sa hlokahale le ho se ikhapele tlhokomelo e sa lokelang.” Linaheng tse ngata, ho tloaelehile ho bona batho ba apere ka tsela e sa hlompheheng. Leha ho le joalo, Jehova o ananela boiteko boo re bo etsang e le hore re mo emele hantle. (Lik. 15:14) Le hoja kopano e ka ’na ea tšoareloa lebaleng la lipapali kapa mohahong oa boithabiso, pokano eo e fetoha ‘phutheho ea rōna e khōlō’ matsatsing ao a mararo a kopano. Kahoo, ha re phutheha ka pel’a Jehova, re lokela ho apara ka tsela e hlomphehang e tšoanelang Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng.—1 Likron. 29:11.
4 Ho boetse ho hlokahala hore re ele hloko tsela eo re shebahalang ka eona letsatsi ka leng ka mor’a lenaneo. Le hoja re ka ’na ra lakatsa ho apara liaparo tsa boikhathollo nakong eo re hahloang ke moea kapa ha re ea lireschorenteng, ke habohlokoa hore tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona e be e tšoanelang “ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:10) Ho ke ke ha thoe moaparo oa amoheleha hobane feela o ratoa ke batho ba bangata lefatšeng. (1 Joh. 2:16, 17) Lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste li re bontša mehlala e metle ea banna le basali ba maemong a sa tšoaneng ba aparang ka mokhoa o hlomphehang le o hlophehileng hantle. Ho qhoaela libeche tsa rōna ha re le motseng oo kopano e tšoaretsoeng ho oona ho tla re hopotsa hore re basebeletsi ba Bakreste ka linako tsohle.—2 Bakor. 6:3, 4.
5, 6. Re ka bontša joang hore re hlompha tafole ea Jehova ea moea?
5 Hlompha Tafole ea Jehova: ’Musi Morena oa bokahohleng o re etselitse mokete. (Esa. 25:6; 1 Bakor. 10:21) Haeba re nka ho lula tafoleng ea Jehova ea moea e le tlotla e khōlō, re tla ikemisetsa ho ba teng kopanong ka matsatsi ao ’ohle a mararo. Na u se u lokiselitse marobalo, lipalangoang ’me u se u ikōpile mosebetsing? Na u rerile ho ipha nako e lekaneng bakeng sa litokisetso le ho tsamaea e le hore u ka fihla lebaleng la kopano nako esale teng ea hore u fumane moo u lulang teng, u nke nako u e-na le barab’abo rōna le ho rorisa Jehova ’moho le bona ha ho qaloa ka pina le thapelo?—Pes. 147:1.
6 Haeba re hlompha tafole ea Jehova re tla mamelisisa lenaneo, ’me re qobe ho buisa ba bang ho sa hlokahale kapa ho ja le ho solla liphasejeng. Jehova o fana ka lijo tsa moea tseo re li hlokang hona joale a sebelisa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. (Mat. 24:45) E ka ba phoso e khōlō haeba e mong oa rōna a ke ke a utloa karolo leha e le efe ea lenaneo. Batsoali ba lokela ho lula le bana ba bona ’me ba ba thuse hore ba rue molemo ka ho feletseng.—Deut. 31:12.
7. Re kōptjoa ho etsa’ng nakong ea khefu, hona hobane’ng?
7 Re kōptjoa hore re itlele le lijo ho e-na le hore re tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo tsa motšehare nakong ea khefu. E bile ntho e babatsehang hore ebe batho ba bangata ba neng ba ile likopanong selemong se fetileng ba ile ba latela tataiso ena ka hohle-hohle. Ruri e ne e tla ba ntho e babatsehang haeba kaofela ha rōna re ne re ka etsa joalo selemong sena! (Baheb. 13:17) Tokisetso ena e re fa monyetla oa ho qoqa le barab’abo rōna ka lintho tse hahang ebile e tiisa maqhama a bonngoe le khotso a tlotlisang Jehova.—Pes. 133:1.
8, 9. Kopano e boetse e re fa monyetla ofe oa ho rorisa Jehova?
8 Bopaki bo sa Reroang: Re na le menyetla e mengata ea ho rorisa Jehova ka melomo ea rōna ha re e-ea kopanong le ha re khutla. (Baheb. 13:15) Hore na re jela lireschorenteng kapa re bua le basebetsi ba hoteleng, a re batleng menyetla ea ho paka. Ha re tsoa kopanong likelello le lipelo tsa rōna li tla be li tletse matlotlo a moea. A re bolelleng ba bang lintho tsena tse molemo ha re kopana le bona ka tšohanyetso.—1 Pet. 3:15.
9 Ka sebele re labalabela hore monyetla ona oa ho boka Jehova “har’a matšoele a phuthehileng” o fihle. (Pes. 26:12) E se eka re ka roka Jehova hammoho Kopanong ea Setereke ea “Ho Mamela Molimo.”
[Lebokose le leqepheng la 4]
Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke
◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng matsatsi kaofela. Metsotso e seng mekae pele lenaneo le qala, molula-setulo o tla lula sethaleng ha ho ntse ho lla lipina tsa ’Muso tsa selelekela. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ka nako eo e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Lenaneo la Labohlano le la Moqebelo le tla fela ka 4:15 thapama ’me la Sontaha le fele ka 3:20 thapama.
◼ Ho Paka Likoloi: Libakeng tsohle tseo likopano li tlang ho tšoareloa ho tsona moo ho nang le libaka tse sirelelitsoeng tsa ho paka likoloi, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo, e mong le e mong a ka paka hohle moo a ratang teng. Batho ba tla lumelloa ho paka ke ba nang le libeche tsa kopano. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia fokola ka palo, batho ba lokela ho leka kahohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloing ho fapana le hore koloi e tsamaee ka motho a le mong feela kapa ba babeli.
◼ Ho Beheletsa Litulo: U ka beheletsa litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng.
◼ Menehelo: Ho ba le litšenyehelo tse ngata ha ho lokisetsoa kopano ea setereke. Re ka bontša hore rea leboha ka ho ntša menehelo ea boithatelo ea mosebetsi oa lefatše lohle ha re le kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa u botse Komiti ea Kopano hore na u sebelise ak’haonte efe.
◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu. Ho ka sebelisoa cooler e nyenyane e ka khonang ho fella ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō tseo malapa a eang lipikiniking ka tsona, lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
◼ Ho Rekota: Mochine oa mofuta leha e le ofe o rekotang ha oa lokela ho hokeloa motlakaseng oa sebaka sa kopano kapa thepeng ea molumo ’me o lokela ho sebelisoa feela ka tsela e ke keng ea sitisa ba bang.
◼ Ho Nka Linepe: Haeba u nka linepe, khanya ea flash ha ea lokela ho sebelisoa nakong ea mananeo.
◼ Li-pager le Li-cell phone: Li lokela ho setoa ka tsela eo li ke keng tsa sitisa ba bang.
◼ Likotsi Kapa Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso kopanong, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.
◼ Lireschorente: Libakeng tse ngata ho tloaelehile hore basebetsi ba lebohuoe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15 ho itšetlehile ka mosebetsi oa bona.
◼ Lipina: Liphutheho li ka ’na tsa lakatsa ho itloaetsa lipina tsa kopano.
Lipina tsa Labohlano: 139, 38, 205, 174, 170 le 4
Lipina tsa Moqebelo: 158, 40, 13, 69, 8 le 192
Lipina tsa Sontaha: 162, 123, 221, 207, 181 le 34