Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/05 leq. 4
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 8/05 leq. 4

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 29 August, 2005. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 4 July ho ea ho la 29 August, 2005. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Ha re bolella ba bang tšepo ea rōna, re ka etsa joang hore ‘ho ba le kahlolo e molemo ha rōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle,’ hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa? (Bafil. 4:5; Jak. 3:17) [3, be-SU leq. 251 lir. 1-3, lebokose]

2. Ho tseba moo ho hlokahalang hore re tenyetsehe teng ho tla re thusa joang hore re atlehe ho sebelisana le batho ba bang? [5, be-SU leq. 253 lir. 1-2]

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa lipotso ka bohlale ha re thusa batho ho nahana ka taba? [6, be-SU leq. 253 lir. 3-4]

4. Ke lintlha life tseo re lokelang ho nahana ka tsona e le ho etsa hore nehelano e be e susumetsang? [7, be-SU leq. 255 lir. 1-4, lebokose; leq. 256 ser. 1, lebokose]

5. Re lokela ho hopola eng ha re etsa qeto ea ho sebelisa bopaki bo tlatsetsang ho tšehetsa hore Mangolo aa utloahala? [8, be-SU leq. 256 lir. 3-5, lebokose]

PUO EA 1

6. Ke bopaki bofe bo hlakileng bo tiisang hore Jesu o kile a phela lefatšeng? [2, w03-SU 6/15 maq. 4-7]

7. ‘Melomo ea ba lokileng e ba lopolla’ joang, hona ntlo ea ba lokileng “e tla ’ne e eme” joang? (Liprov. 12:6, 7) [3, w03-SU 1/15 leq. 30 lir. 1-3]

8. Kaha Bibele ha e na letoto la melao e tobileng, re ka “lemoha seo thato ea Jehova e leng sona” joang? (Baef. 5:17) [4, w03-SU 12/1 leq. 21 ser. 3–leq. 22 ser. 3]

9. Ke melao-motheo efe ea Bibele, eo ha e sebelisoa e ka thusang motho ho sebetsana ka katleho le bofuma le maemo a moruo a sa thabiseng? [6, w03-SU 8/1 leq. 5 lir. 2-5]

10. Mohlala oa Jehova oa ho fana ka bolokolohi o lokela ho re ama joang? (Mat. 10:8) [7, w03-SU 8/1 maq. 20-2]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Litšiea tse peli tse bitsoang Jakine le Boaze tse neng li le monyako oa tempele e hahiloeng ke Solomone li ne li bolela’ng? (1 Mar. 7:15-22)

12. Morero oa kaho oa lilemo tse 20 oa Solomone oa ho haha “ntlo ea Jehova le ntlo ea morena” o tšoana le eng mehleng ea kajeno? (1 Mar. 9:10)]

13. Re ka ithuta thuto efe ka ho se mamele ha “monna oa Molimo”? (1 Mar. 13:1-25)

14. Morena Asa oa Juda o ile a bontša sebete ka tsela efe, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae? (1 Mar. 15:11-13)

15. Ketsahalo e amang Morena Akabe le Nabothe e bontša kotsi ea ho ikhauhela joang? (1 Mar. 21:1-16)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela