Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Bolela U sa ee ka Leeme
1 Moapostola Johanne o ile a bona pono ea lengeloi le fofang sebakeng le bolela litaba tse molemo ho batho ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšen. 14:6) Na re latela mohlala oa lengeloi leo ka ho bolela re sa ee ka leeme? Re sa elelloe, re ka ba le maikutlo a ho khetholla batho ba bang kapa ra ba leeme. Maikutlo a rōna ka batho bao re kopanang le bona a ka ama tsela eo re ba bolellang litaba tse molemo ka eona. Ka hona, re lokela ho bontša kameho e lerato e le kannete ha re bolella batho ba semelo se fapaneng litaba tse molemo.
2 Nahana ka Tšimo ea Heno: Na tšimong ea heno ho na le batho ba tsoang linaheng tse ling kapa baphaphathehi? Ho ka ba bonolo ho ba hlokomoloha. Ithaopele ho kopana le bona le ho ba tseba haholoanyane. Ke lintho life tseo ba li hlokang le tseo ba amehileng ka tsona, tseo ba li ratang le tseo ba sa li rateng, tseo ba tšoenyehileng ka tsona le tseo ba li nyatsang? Loanela ho feto-fetola tsela eo u bolelang molaetsa oa ’Muso ka eona u itšetlehile ka maemo a bona. (1 Bakor. 9:19-23) Re lokela ho tšoana le moapostola Pauluse, ’me re ikutloe re tlamehile ho bolella e mong le e mong tšimong ea habo rōna litaba tse molemo, ho akarelletsa le ba tsoang naheng e ’ngoe, bao setso sa bona se sa tšoaneng le sa rōna, ba buang puo e ’ngoe le barui.—Bar. 1:14, NW, ftn.
3 Leha ho le joalo, u ka pakela motho ea buang puo e ’ngoe joang? Sebelisa bukana ea Good News for People of All Nations hamolemo. U ka ba ua nka lipampitšana kapa libukana tsa lipuo tseo batho ba bangata ba li buang tšimong ea heno. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 2003, leq. 4, lir. 2-3.) Ho feta moo, bahoeletsi ba bang ba entse boiteko ba ho ithuta ho lumelisa le ho bolela molaetsa o bonolo ka lipuo tse ling. Hangata batho baa thaba ha ba utloa motho a leka ho bua le bona ka puo ea habo bona, esita leha a ntse a itoma leleme mona le mane, ’me sena se ka ’na sa etsa hore ba amohele litaba tse molemo.
4 Etsisa Jehova: Ka ho ikitlaelletsa ho finyella batho ba limelo tse fapaneng, re etsisa Jehova, Molimo oa rōna ea sa eeng ka leeme, “eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:3, 4.