Letsatsi le Khethehileng la ho Batla Lithuto Tsa Bibele
1 Ho tloha ka January, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tla khetha mafelo-beke a le mang ka khoeli, mohlomong a pele, bakeng sa ho batla lithuto tsa Bibele. Sena se ka etsoa ka Moqebelo kapa Sontaha, ho ea ka hore na letsatsi le loketseng phutheho eo ke lefe. Letsatsing leo, haeba beng ba matlo ba sa amohele thuto ea Bibele, bahoeletsi ba ka tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa makasine ea morao-rao. Baholo bohle le bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho kopanela ka hohle kamoo ba ka khonang mosebetsing ona ’me ba thuse bahoeletsi ho qala lithuto tsa Bibele.
2 Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e tla etsa qeto ea hore na ho tla khethoa letsatsi lefe bakeng sa ho batla lithuto tsa Bibele. Ho lokela hore nako le nako ho etsoe tsebiso e hopotsang bahoeletsi e le hore ba lokisetse ba be ba ikitlaelletse ho batla lithuto tsa Bibele ka ntlo le ntlo le ho etela ba ileng ba thahasella molaetsa oa bona nakong e fetileng.
3 Tsela ea ho Lokisetsa: Re ka fumana litlhahiso tsa ho qala lithuto tsa Bibele kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2006 le bukeng ea Ho Bea Mabaka leqepheng la 12. Ba bang ba ka ’na ba ikhethela ho sebelisa pampitšana e kang ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Hape, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 2007 leqepheng la 3 e na le litlhahiso tsa ho qala lithuto tsa Bibele ha motho a khutlela ho ba amohetseng limakasine. Ho tla lokisetsoa hore baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšoare seboka sa tšebeletso ea tšimo sa metsotso e 10 ho ea ho 15, ’me ho ka tšohloa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse ka sebelisoang ha ho qaloa lithuto tsa Bibele kapa ha etsoa pontšo ea kamoo li ka sebelisoang kateng.
4 Ke ’nete hore hase motho e mong le e mong ea tla amohela thuto ea Bibele kapa ea tla tsoela pele ho ithuta ka nako e telele. Sena ha sea lokela ho re nyahamisa, kaha ke Jehova ea hulelang ba kang linku mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. (Joh. 6:44) Boikarabelo ba rōna hase feela ho jala peō ea ’nete empa hape ke ho hlaolela le ho nosetsa se metseng, ’me seo se akarelletsa ho ithuta Bibele le batho ba ratang ho ithuta ka Jehova. Ha re etsa joalo re tla be re sebetsa ’moho le Molimo.—1 Bakor. 3:9.