Lebokose La Lipotso
◼ Ke’ng seo kaofela ha rōna re ka se etsang e le hore ho be bonolo ho ithuta ha re le libokeng tsa phutheho? (Deut. 31:12)
Kaha re hlompha Jehova ka ho tebileng re bile re hlompha tokisetso eo a e entseng ea liboka tsa phutheho, kaofela ha rōna re khothalletsoa hore re fihle ka nako ’me re be malala-a-laotsoe hore re rutoe ke Jehova. Ho molemo hore re lule litulong tse ka pele, e le hore litulong tse ka morao ho ka lula ba nang le bana ba banyenyane le bao ka linako tse ling ba fihlang liboka li se li kene. Pele liboka li kena, re lokela ho beha lisebelisoa tsa elektronike tse kang liselefouno boemong boo li ke keng tsa sitisa bamameli. Ho ke ke ha e-ba le litšitiso tse kaalo kapa tse khōlō libokeng haeba e mong le e mong a bontša hore o hlompha Jehova nakong ea liboka.—Moek. 5:1; Bafil. 2:4.
Haeba ho e-na le batho ba qalang ho tla libokeng, setho se seng sa phutheho se ba tsebang se ka lula le bona. Sena se ka ba molemo haholo haeba ba e-na le bana ba banyenyane. E ka ’na eaba lelapa leo ha lea tloaela ho tla libokeng. Haeba ho joalo, mohlomong le tla bona ho le molemo hore le lule litulong tse ka morao, moo batsoali ba ke keng ba sitisa ba bang haeba ho hlokahala hore ba tsoe ka holong e khōlō ka nakoana ho ea hlokomela bana. (Liprov. 22:6, 15) Malapa a nang le bana ba banyenyane ha aa lokela ho lula phaposing e ka thōko moo bana ba ka iketsetsang lerata feela ho se na motho ea ba thibang. Ho molemo hore batsoali ba tsoe ka holong e khōlō ha ba il’o khalemela bana kapa ba il’o ba thusa ka lintho tse itseng ’me ha ba qeta ba khutlele ka holong.
Mosebetsi oa bahlokomeli ke ho etsa bonnete ba hore batho ba hlompha ntlo ea borapeli. Ba thusa malapa le bao ka linako tse ling ba fihlang liboka li kene hore ba lule moo ho loketseng. Bahlokomeli ba hlokolosi ebile ba masene ha ba thusa ba bang hore ba lule hantle ho se na litšitiso tse sa hlokahaleng. Ba seli ha ba sebetsana le litšitiso leha e le life tse sa lebelloang. Ha ngoana a sitisa batho ba bang, bahlokomeli ba ka thusa ka mosa.
Bohle ba leng teng libokeng ba ka etsa hore ho be bonolo hore e mong le e mong a ithute ka Jehova le morero oa hae oa ho tlisa lefatše le lecha la khotso le ho loka.—Baheb. 10:24, 25.