Mamelisisa Liphatlalatso Tse Halalelang
1 Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang ke motho e tšoanelang ho eloa hloko ka ho khethehileng. Empa ha Molimo a bua, ho na le lebaka la bohlokoa la hore re mamele. (Deut. 28:1, 2) Rea thaba hore ebe bangoli ba bululetsoeng ba ile ba tlaleha “liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo” molemong oa rōna. (Baroma 3:2) Kopano ea setereke e tlang e tla fana ka menyetla ea bohlokoa ea ho utloa liphatlalatso tsena ha li ntse li baloa ’me li tšohloa. U ka mamelisisa ka ho khethehileng joang?
2 Fihla Esale Hoseng, Hoseng ho Hong le ho Hong: Nahana ka thabo eo Baiseraele ba bileng le eona ha ba bolelloa hore ba il’o kopana le Jehova Thabeng ea Sinai ho ea utloa Molao oa hae! (Ex. 19:10, 11, 16-19) Haeba u e-na le maikutlo a tšoanang ka ho amohela taeo ea Jehova kopanong ea setereke, u tla etsa litokisetso tsa ho fihla esale hoseng letsatsi le leng le le leng. Re ke ke ra mamela lenaneo lohle haeba re fihla ka mor’a nako ’me re sitisa ba bang ha re ntse re etsa boiteko ba ho fumana litulo. Setšeng sa kopano menyako e tla buloa ka 7:00 hoseng, ’me lenaneo le qala ka 9:00 hoseng letsatsi le leng le le leng.
3 Esita le ba bang ba fihlang esale hoseng ho bonahala ba se litulong tsa bona ha ho qaloa lenaneo. Hobane’ng? Ba ema ho fihlela molula-setulo a bolela pina e bulang pele ba khaotsa ho bua le metsoalle e be e le hona ba eang litulong tsa bona. Re lokela ho hlokomela hore metsotso e ’maloa pele ho pina e bulang ea lenaneo le leng le le leng, molula-setulo o tla be a lutse sethaleng ha ho ntse ho letsoa ’mino oa selelekela oa ’Muso. Ena ke pontšo ho rōna hore ke nako ea hore re lule fatše! Joale, ha ho boleloa pina e bulang, re tla be re loketse ho kopanela ho bineleng Jehova lithoriso.
4 Mamelang le le Lelapa le Kopaneng: Ha liphatlalatso tse halalelang li ne li balloa Baiseraele ba phuthehileng, malapa ho akarelletsa le “bana,” a ne a lokela ho mamela le ho ithuta. (Deut. 31:12) Likopanong tsa rōna, bana ha baa lokela ho ba ba “ipusang.” (Liprov. 29:15) Batsoali, lokisetsang hore lelapa lohle la lōna le lule hammoho—ho akarelletsa le bacha. Batsoali ba bang ba ema ho fihlela ho binoa pina e bulang hore ba ise bana ba bona matloaneng. Leha ho le joalo, sena se ke ke sa ruta bana bohlokoa bo boholo ba lipina le lithapelo borapeling ba rōna. Ho ka ba molemo hakaakang ho ea matloaneng pele lenaneo le leng le le leng le qala haeba ho khoneha!
5 Ho tla re thusa hore re mamele haeba re phomola haholo bosiu bo bong le bo bong hape re qoba ho ja haholo motšehare. Tsepamisa mohopolo ho seo sebui se se buang. Se ke ua lumella hore mohopolo oa hao o lelere. Phetla Bibele ea hao ha ho baloa mangolo. Ngola lintlha ka bokhutšoanyane. Ha ho fanoa ka puo ka ’ngoe, hlahloba ka kelellong seo sebui se se buileng, ’me u nahane hore na u tla sebelisa boitsebiso boo joang. Qetellong ea letsatsi, tšohlang lenaneo le le lelapa. Ke lintlha life tseo le ileng la li thabela ka bomong? Lelapa la hao le ka sebelisa boitsebiso boo hamolemo joang?
6 Hlompha Lentsoe la Molimo: Likopano li re fa monyetla o motle oa ho bua le metsoalle le ho thabela botsoalle bo hahang. Ka ho fihla esale hoseng, re tla ba le nako ea ho qoqa pele lenaneo le qala. Leha ho le joalo, ba bang ba qoqa nakong ea lenaneo, ka phoso ba nahana hore sena ha se bake tšitiso ka holong e khōlō. Esita leha liboka li tšoaretsoe sebakeng se seholo, ke nako ea ho mamela, feela joaloka ho ba teng sebokeng Holong ea ’Muso. Ho sebelisoa ha lithelefono tsa cellular, li-pager, lik’hamera tsa video le lik’hamera tse ling ha hoa lokela ho lumelloa ho baka litšitiso nakong ea lenaneo.
7 Ha Moshe a ne a amohela Molao o tsoang ho Jehova, o ne “a sa je bohobe, a sa noe metsi.” (Ex. 34:28) Ka ho tšoanang, e ke ke ea e-ba ho loketseng ho ja kapa ho noa ha mananeo a kopano a ntse a tsoela pele. Ntle leha ho ameha mathata a tebileng a bophelo, emela “nako e behiloeng” bakeng sa hona.—Moek. 3:1, NW.
8 Likopanong tse ling, ho sa ntse ho e-na le bothata bo tsoelang pele ka bara le barali babo rōna ba bangata esita le bana ba ntseng ba phethesela liphasejeng le ho tsamaea mabaleng nakong ea mananeo. Bahlokomeli ba tla laeloa ho kōpa ba joalo ho khutlela litulong tsa bona. Baithaopi ba sebetsang mafapheng a sa tšoaneng ba lokela hore ba be ba lutse har’a bamameli hang ha ba qetile mosebetsi oa bona. Ntle leha baithaopi ba abetsoe ho etsa mosebetsi o hlokahalang nakong ea mananeo, ba lokela ho ba litulong tsa bona, ba mametse lenaneo. Ha baa lokela ho solla mafapheng, ba chakelana ha lenaneo le ntse le tsoela pele. Batsoali ha baa lokela ho lumella bana ba bona ho tsamaea nakong ea mananeo ba thonaka lithōle. Ka mosa bahlokomeli ba tla kōpa bana ba joalo hore ba khutlele ho batsoali ba bona.
9 Le ka mohla ha re batle ho ba ba ‘thotofetseng ho utloeng ha rōna’ ha re mametse Lentsoe la Molimo. (Baheb. 5:11) Ka lebaka leo a re ikemisetseng ho bontša tlhompho e loketseng ka ho mamela ka kelo-hloko ha liphatlalatso tse halalelang tse tsoang ho Jehova li tšohloa kopanong ea rōna ea setereke e tlang.