Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/10 leq. 2
  • Mosebetsi oa Bohlokoahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi oa Bohlokoahali
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Bolela ka Cheseho Joaloka Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Re Lokela ho Lula re Cheseha Tšebeletsong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Tsebahatsa Lebitso la Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 3/10 leq. 2

Mosebetsi oa Bohlokoahali

1. Ho ananela mosebetsi oa boboleli ka botebo ho re susumelletsa ho tela lintho life?

1 Ke hobane’ng ha nako le nako re khothalletsoa ho sebelisa nako ea rōna, matla le matlotlo mosebetsing oa boboleli? Hobane ha ho na mosebetsi oa bohlokoa ho feta ona! Ha re nahana ka lintho tse khōlō tseo o li finyellang, seo se tla etsa hore re be le takatso e matla ea ho etsa mosebetsi ona o ke keng oa hlola o phetoa.—Lik. 20:24.

2. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o halaletsa lebitso la Jehova le phahameng joang?

2 O Halaletsa Lebitso la Jehova: Mosebetsi oa boboleli o totobatsa hore ’Muso oa Jehova ka Kreste Jesu o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka ’me o rarolle mathata ’ohle a batho. (Mat. 6:9, 10) O tlotlisa Jehova ka ho bontša hore ke eena feela ea ka re lokollang ho kuleng le lefung. (Esa. 25:8; 33:24) Kaha re bitsoa ka lebitso la hae, batho ba bonang boitšoaro ba rōna bo botle le cheseho ba ka mo tlotlisa. (1 Pet. 2:12) Ruri ho tsebahatsa lebitso la ’Musi Morena Jehova lefatšeng lohle ho re tlisetsa thabo!—Pes. 83:18.

3. Ba amohelang molaetsa oa ’Muso ba fumana mahlohonolo afe?

3 O Pholosa Batho: Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Leha ho le joalo, batho ba ka tseba joang seo Jehova a reng ke boitšoaro bo nepahetseng kapa bo fosahetseng haeba ho se na ea ba rutang? (Jon. 4:11; Bar. 10:13-15) Ha batho ba amohela litaba tse molemo, bophelo ba bona boa ntlafala hobane ba tlohela mekhoa e mebe. (Mik. 4:1-4) Hape ba ba le monyetla o thabisang oa ho fumana bophelo bo sa feleng. Ha re bolela ka mafolofolo, ’me re ruta batho, rea ipholosa ’me re pholosa le ba re mamelang. (1 Tim. 4:16) Re fuoe tlotla e kaakang ea hore re etse mosebetsi oo oa bohlokoahali!

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba mafolofolo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa?

4 Haufinyane lefatše lena le khopo le tla fela ka tšohanyetso matšoenyehong a maholo. Barapeli ba Jehova ba tla pholoha. Kahoo, mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa o ntseng o tsoela pele kajeno o lokela ho etsoa ka potlako, ke oa bohlokoa ebile o molemo ka ho fetisisa. A re o nkeng e le oona o tlang pele bophelong ba rōna!—Mat. 6:33.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela