Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 March maq. 14-19
  • Bolela ka Cheseho Joaloka Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela ka Cheseho Joaloka Jesu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ILE A AMEHA KA HO ETSA THATO EA JEHOVA
  • O ILE A ELA HLOKO BOPROFETA BA BIBELE
  • O ILE A ITŠETLEHA KA THUSO EA JEHOVA
  • O ILE A LULA A E-NA LE BOIKUTLO BO NEPAHETSENG
  • U ka Etsa’ng Hore u Thabele ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Bolela Litaba Tse Monate Hobane u Susumetsoa ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Moemeli oa Lekala
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 March maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 11

PINA EA 57 A re Ruteng Batho Bohle

Bolela ka Cheseho Joaloka Jesu

“Morena . . . a ba roma ka bobeli hore ba mo etelle pele ho ea motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ea ho oona.”—LUKA 10:1.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o bua ka litsela tse ’nè tsa kamoo u ka chesehang kateng ha u le tšimong joaloka Jesu.

1. Ke eng e khethollang bahlanka ba Jehova ho batho ba ipitsang Bakreste?

NTHO e ’ngoe e khethollang bahlanka ba Jehova ho batho ba ipitsang Bakreste, ke tsela eo ba chesehelanga tšebeletso ea tšimo ka eona. (Tite 2:14) Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ikutloa u sa lakatse ho ea tšimong. Mohlomong u ee u ikutloe joaloka moholo e mong ea sebetsang ka thata ea ileng a re: “Ka linako tse ling ke ee ke utloe ke sa batle ho ea tšimong.”

2. Ke eng e ka ’nang ea etsa u thatafalloe ke ho lula u chesehela mosebetsi oa boboleli?

2 Ka linako tse ling re ka ’na ra thabela mefuta e meng ea tšebeletso ho feta ho ea tšimong. Hobane’ng? Hobane ha re thusa bana ba bo rona ba hlahetsoeng ke likoluoa, kapa re ba khothatsa le ha re haha Liholo Tsa ’Muso kapa re li lokisa, re ka ’na ra bona litholoana tsa mosebetsi oa rona hang-hang ’me ra thabisoa ke seo. Re thabela khotso eo re bang le eona le lerato leo re le utloang ha re sebetsa le bana ba bo rona ’me rea tseba hore ba ananela sohle seo re ba etsetsang sona. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba e se e le lilemo tse ngata joale re sebetsa tšimo e tšoanang empa e le batho ba fokolang feela ba mamelang molaetsa kapa ebe re kopana le batho ba sa mameleng ho hang. Re boetse rea tseba hore ha bofelo bo ntse bo atamela, batho ha ba na mamela molaetsa oa rona. (Mat. 10:22) Ke eng e ka u thusang hore u lule u cheseha kapa u eketsa cheseho ea hao mosebetsing oa boboleli?

3. Re ithuta eng ka Jesu papisong e ho Luka 13:6-9?

3 Mohlala oa Jesu o ka re thusa ho bona hore na ke joang re ka chesehelang mosebetsi oa boboleli. Ha aa ka a khaotsa ho bolela ka cheseho nakong eo a ntseng a le lefatšeng. Ha e le hantle, o sebelitse ka thata le ho feta ha nako e ntse e ea. (Bala Luka 13:6-9.) Joaloka motho ea hlokomelang tšimo ea lifate ea ileng a qeta lilemo tse tharo a ntse a hlokomela sefate sa feie empa se sa behe litholoana, Jesu le eena o qetile lilemo tse ka bang tse tharo a ntse a pakela Bajuda, empa ba bangata ba bona ha ea ka ea e-ba balateli ba hae. Leha ho le joalo, joalokaha monna ea hlokomelang tšimo ea lifate a sa ka a fella sefate sa feie pelo, Jesu le eena ha aa ka a tela kapa a hulanya maoto mosebetsing oa boboleli. Ho e-na le hoo, o ile a sebetsa ka thata ho pakela Bajuda le ho ba finyella lipelo.

4. Ke lintlha life tse ’nè tseo re tl’o ithuta tsona mohlaleng oa Jesu?

4 Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na Jesu o ile a bontša cheseho joang, haholo-holo nakong ea likhoeli tse tšeletseng tsa ho qetela tsa tšebeletso ea hae. Ha re ithuta linthong tseo a li rutileng ebile re etsa lintho joaloka eena, seo se tla re thusa hore le rona re lule re cheseha kajeno. Re tl’o hlahloba lintlha tse ’nè tse latelang tseo re ka ithutang tsona mohlaleng oa Jesu: (1) O ne a amehile ka ho etsa thato ea Jehova, (2) a utloisisa boprofeta ba Bibele a bile a etsa lintho tumellanong le bona, (3)  a itšetlehile ka Jehova ’me (4) a lula a e-na le boikutlo bo nepahetseng ba hore ho na le batho ba bang ba ka mo mamelang.

O ILE A AMEHA KA HO ETSA THATO EA JEHOVA

5. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a amehile ka ho etsa thato ea Molimo?

5 Jesu o ile a bolela ‘molaetsa o monate oa ’Muso’ ka cheseho hobane o ne a tseba hore ke mosebetsi oo Molimo a neng a batla hore a o etse. (Luka 4:43) Ho bolela litaba tse monate e ne e le eona ntho e tlang pele bophelong ba Jesu. Le likhoeling tsa ho qetela tsa tšebeletso ea hae, Jesu o ile “a tsamaea metse le metsana” a ntse a ruta batho. (Luka 13:22) Hape o ile a koetlisa barutuoa ba eketsehileng hore le bona ebe baboleli joaloka eena.—Luka 10:1.

6. Mesebetsi e meng eo re e etsetsang Jehova e amana joang le mosebetsi oa boboleli? (Sheba setšoantšo.)

6 Ho bolela litaba tse monate e ntse e le oona mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Jehova le Jesu ba batlang hore re o etse mehleng ena. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Mosebetsi o mong le o mong oo re o etsetsang Jehova o amana le mosebetsi oa boboleli. Ka mohlala, re haha libaka tsa borapeli kapa re sebeletsa Bethele ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli. Ha ho e-na le koluoa ea tlhaho, re thusa bara le barali ba bo rona e le hore ba ka tsoela pele ba etsa lintho tse amanang le borapeli, tse akarelletsang le boboleli. Haeba re hopola kamoo mosebetsi oa boboleli o leng bohlokoa kateng le hore ke oona o ka sehloohong oo Jehova a batlang hore re o etse, re tla susumelletseha ho bolela litaba tse monate kamehla. Mor’abo rona János, eo e leng moholo naheng ea Hungary, o re: “Ke lula ke ikhopotsa hore ha ho na mosebetsi oo re o etsetsang Jehova o bohlokoa ho feta oa ho bolela litaba tse monate. Ke oona mosebetsi o ka sehloohong oo re o filoeng.”

Litšoantšo: 1. Mor’abo rona o sebetsa kahong. 2. Mor’abo rona e mong o sebetsa Bethele a le hae. 3. Hamorao bara bao ba bo rona ba babeli ba sebetsa hammoho tšimong.

Ho bolela litaba tse monate ke mosebetsi o ka sehloohong oo Jehova le Jesu ba batlang hore re o etse mehleng ena (Sheba serapa sa 6)


7. Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re ’ne re tsoele pele ho bolela? (1 Timothea 2:3, 4)

7 Re ka eketsa cheseho ea rona mosebetsing oa boboleli ka ho nka batho ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona. O batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba utloe litaba tse monate le hore ba ithute ’nete ka eena. (Bala 1 Timothea 2:3, 4.) Kahoo, oa re koetlisa hore re ntlafatse tsela eo re rutang molaetsa ona o pholosang bophelo ka eona. Ka mohlala, bukana ea Rata Batho—U ba Etse Barutuoa e fana ka litlhahiso tse sebetsang tse ka re thusang ho qala moqoqo ka morero oa ho etsa barutuoa. Le haeba batho ba ke ke ba qala ho sebeletsa Jehova hona joale, ba ka ’na ba e-ba le monyetla oa ho etsa joalo pele mahlomola a maholo a fela. Lintho tseo re ba bolellang tsona hona joale, e ka ’na ea ba tsona tse ba susumetsang hore ba sebeletse Molimo nakong e tlang. Empa seo se tla etsahala hafeela re tsoela pele ho bolela.

O ILE A ELA HLOKO BOPROFETA BA BIBELE

8. Ho tseba boprofeta ba Bibele ho thusitse Jesu joang hore a sebelise nako ea hae hantle?

8 Jesu o ne a utloisisa hore na boprofeta ba Bibele bo ne bo tla phethahala joang. O ne a tseba hore tšebeletso ea hae e ne e tla nka lilemo tse tharo le halofo feela. (Dan. 9:26, 27) O ne a boetse a tseba boprofeta bo buang ka hore na o tla shoa neng, hona joang. (Luka 18:31-34) Jesu o ile a lumella lintho tseo a neng a li tseba hore li mo thuse hore a sebelise nako ea hae hantle. Ka lebaka leo, o ile a bolela ka cheseho e le hore a qete mosebetsi oo a o filoeng.

9. Ke hobane’ng ha boprofeta ba Bibele bo re susumelletsa ho bolela ka cheseho?

9 Ha re utloisisa boprofeta ba Bibele hantle, re tla susumelletseha ho bolela ka cheseho. Rea tseba hore lefatše lena le tla fela haufinyane. Rea hlokomela hore tsela eo batho ba itšoarang ka eona le lintho tse etsahalang hona joale, li bontša seo Bibele e se profetileng hore se tla etsahala matsatsing a ho qetela. Hape rea hlokomela hore ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o loantšana le Russia le bo-mphato ba eona ’me seo se phethahatsa boprofeta ba hore “nakong ea bofelo” morena oa boroa le morena oa leboea ba tla loantšana. (Dan. 11:40) Re boetse rea utloisisa hore ’Muso oa Manyesemane le Maamerika o emela maoto a setšoantšo se hlalositsoeng ho Daniele 2:43-45. Re kholisehile hore joalokaha boprofeta bo bontša, haufinyane haholo ’Muso oa Molimo o tla silakanya mebuso eohle ea batho. Boprofeta bona kaofela bo bontša hore re phela matsatsing a ho qetela ’me seo se etsa hore re bone kamoo ho leng bohlokoa kateng ho bolela litaba tse monate.

10. Ke ka litsela life hape boprofeta ba Bibele bo ka re susumelletsang ho tsoela pele re bolela ka cheseho?

10 Boprofeta ba Bibele bo boetse bo na le molaetsa oo re labalabelang ho o arolelana le batho ba bang. Morali oa bo rona Carrie, ea lulang Dominican Republic, o re: “Lintho tse thabisang tseo Jehova a re tšepisang tsona ka bokamoso li ntšusumelletsa hore ke li arolelane le ba bang.” O tsoela pele ho re: “Ha ke bona mathata ao batho ba tobanang le ’ona mehleng ena, kea hlokomela hore litšepiso tsa Jehova li ka ba tsoela molemo le bona.” Boprofeta ba Bibele boa bontša hore Jehova oa re thusa mosebetsing oa boboleli ’me seo se etsa hore re chesehe le ho feta. Morali oa bo rona Leila ea lulang Hungary, o re: “Esaia 11:6-9 e ntšusumelletsa hore ke bolele litaba tse monate le ho batho bao ho bonahalang eka ba ke ke ba li amohela. Kea tseba hore motho e mong le e mong a ka fetoha ka thuso ea Jehova.” Mor’abo rona Christopher ea lulang Zambia eena o re: “Joalokaha Mareka 13:10 e ile ea bolela esale pele, litaba tse monate li boleloa lefatšeng lohle ’me ke utloa e le tlotla hore ebe le ’na ke kenya letsoho ho phethahatsa boprofeta bona.” Uena ke boprofeta bofe bo u susumelletsang ho tsoela pele u bolela?

O ILE A ITŠETLEHA KA THUSO EA JEHOVA

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho itšetleha ka thuso ea Jehova e le hore a ka tsoela pele a bolela ka cheseho? (Luka 12:49, 53)

11 Jesu o ile a itšetleha ka Jehova e le hore a ka tsoela pele ho bolela ka cheseho. Le hoja Jesu a ne a le hlokolosi ha a bolela, o ne a tseba hore ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso ho ne ho tla etsa hore batho ba halefe le ho hanyetsa. (Bala Luka 12:49, 53.) Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba leka ka makhetlo ho bolaea Jesu kaha ba ne ba sa rate molaetsa oo a neng a o bolela. (Joh. 8:59; 10:31, 39) Empa Jesu o ile a tsoela pele a bolela hobane o ne a tseba hore Jehova o na le eena. O ile a re: “Ha ke mong, Ntate ea nthomileng o na le ’na. . . . Ha a ntahla hobane kamehla ke etsa lintho tse mo thabisang.”—Joh. 8:16, 29.

12. Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae joang hore ba lule ba bolela le hoja ba hanyetsoa?

12 Jesu o ile a hopotsa barutuoa ba hae hore ba itšetlehe ka Jehova. O ile a ba kholisa ka makhetlo hore Jehova o tla ba thusa leha ba tobana le mahloriso. (Mat. 10:18-20; Luka 12:11, 12) Kahoo, o ile a ba hlokomelisa hore ba lokela ho ba seli. (Mat. 10:16; Luka 10:3) O ile a re ha batho ba sa batle ho mamela molaetsa oa bona, ba se ke ba ba qobella. (Luka 10:10, 11) Hape o ile a ba bolella hore ha ba hlorisoa ba balehe. (Mat. 10:23) Le hoja Jesu a ne a cheseha a bile a tšepa Jehova, ha aa ka a beha bophelo ba hae kotsing ho sa hlokahale.—Joh. 11:53, 54.

13. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa?

13 Re hloka thuso ea Jehova e le hore re tsoele pele re bolela ka cheseho ha re hanyetsoa mehleng ena. (Tšen. 12:17) Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o tla u thusa? Nahana ka thapelo ea Jesu e ho Johanne khaolo ea 17. Jesu o ile a kopa Jehova hore a sireletse baapostola ba hae ’me Jehova o ile a araba thapelo eo. Buka ea Liketso ea bontša hore na o ile a thusa baapostola joang hore ba tsoele pele ho bolela ho sa tsotellehe mahloriso. Thapelong ea hae, Jesu o ile a boela a kopa Jehova hore a sireletse batho ba bontšang tumelo molaetseng oo baapostola ba o bolelang, ho akarelletsa le uena. Jehova o ntse a tsoela pele ho araba thapelo ea Jesu le kajeno. Le uena o tla u thusa joalokaha a ile a thusa baapostola.—Joh. 17:11, 15, 20.

14. Re kholisoa ke eng hore re tla khona ho lula re bolela ka cheseho? (Sheba setšoantšo.)

14 Ha bofelo bo ntse bo atamela, ho ka ’na ha e-ba thata le ho feta hore re bolele litaba tse monate ka cheseho, empa re tla fumana thuso eo re e hlokang. (Luka 21:12-15) Joaloka Jesu le barutuoa ba hae, ha re qobelle batho ho mamela ebile re qoba ho phehisana khang le bona. Le nakong eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, bara le barali ba bo rona ba ile ba khona ho tsoela pele ba phatlalatsa litaba tse monate hobane ba itšetlehile ka thuso ea Jehova, eseng ka matla a bona. Feela joalokaha Jehova a ile a khona ho fa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng matla ao ba a hlokang, le rona o tla re fa matla ‘e le hore re ka bolela litaba tse monate ka botlalo,’ e leng seo a se batlang. (2 Tim. 4:17) Kholiseha hore ha u itšetleha ka Jehova, u tla khona ho tsoela pele u bolela ka cheseho.

Leha mosebetsi oa rona o thibetsoe, ka bohlale bahoeletsi ba chesehang ba bolella batho ba bang litaba tse monate (Sheba serapa sa 14)b


O ILE A LULA A E-NA LE BOIKUTLO BO NEPAHETSENG

15. Ke eng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng ka mosebetsi oa boboleli?

15 Jesu o ne a lula a khothetse ha a etsa mosebetsi oa boboleli. Seo se ile sa mo thusa hore a lule a o chesehela. Ka mohlala, ho ea qetellong ea selemo sa 30, Jesu o ile a hlokomela hore batho ba bangata ba ikemiselitse ho mamela ’me o ile a ba tšoantša le tšimo e seng e loketse ho kotuloa. (Joh. 4:35) O ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e kholo.” (Mat. 9:37, 38) Hamorao o ile a boela a hatisa taba eo a re: “Kotulo e kholo . . . Le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:2) Jesu o ne a lula a kholisehile hore ho tla ba le batho ba tla mamela litaba tse monate, ’me o ne a thaba ha ba etsa joalo.—Luka 10:21.

16. Lipapiso tseo Jesu a li entseng li re thusa joang ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka mosebetsi oa boboleli? (Luka 13:18-21) (Sheba setšoantšo.)

16 Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba lule ba cheseha ka ho ba hopotsa hore molaetsa oo ba o bolela’ng o tla thusa batho. Ka mohlala, nahana ka lipapiso tse peli tseo a ileng a li etsa. (Bala Luka 13:18-21.) Jesu o ile a sebelisa peo ea mosetareta ho hlalosa hore molaetsa oa ’Muso o tla hola ka tsela e hlollang, o amoheloe ke batho ba bangata ’me ha ho na ntho e ka o sitisang. Papisong e ’ngoe o ile a sebelisa tomoso ho bontša hore molaetsa oa ’Muso o tla tsebahala lefatšeng lohle ’me o etse hore batho ba etse liphetoho tseo batho ba bang ba ka ’nang ba se ke ba li bona hang-hang. Ka hona, Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae ho bona hore molaetsa oo ba o bolelang o ne o tla atleha e le kannete.

Barali ba bo rona ba babeli ba eme teroling moo ho phetheselang. Batho ba bangata ba ba feta feela ba sa eme.

Joaloka Jesu, re lula re e-na le tšepo ea hore batho ba tla re mamela ha re le mosebetsing oa boboleli (Sheba serapa sa 16)


17. Re na le mabaka afe a ho tsoela pele re ntse re bolela?

17 Ha re nahana ka seo mosebetsi oa boboleli o se finyellang lefatšeng lohle, re susumelletseha ho tsoela pele re bolela ka cheseho. Selemo le selemo, batho ba limilione ba thahasellang ba tla Sehopotsong ba be ba ithute Bibele le rona. Batho ba likete tse makholo baa kolobetsoa ’me ba kopanela le rona mosebetsing oa boboleli. Ha re tsebe hore na ke batho ba bakae bao e leng hona ba tla mamela molaetsa oa rona, empa rea tseba hore Jehova o ntse a bokella bongata bo boholo, bo tla pholoha mahlomola a maholo a tlang. (Tšen. 7:9, 14) Mong’a kotulo o kholisehile hore batho ba bangata ba ntse ba tla amohela litaba tse monate. Kahoo, re tla tsoela pele re ntse re bolela.

18. Re batla hore batho ba hlokomele eng ka rona?

18 Haesale barutuoa ba Jesu ba tsebahala ka ho bolela ka cheseho. Ha batho ba bona kamoo baapostola ba neng ba le sebete kateng, ba ile “ba hlokomela hore ba ne ba tloaetse ho tsamaea le Jesu.” (Lik. 4:13) Ha batho ba re bona re le tšimong, e se eka ba ka hlokomela hore le rona re susumelitsoe ke mohlala oa Jesu oa ho cheseha.

RE KA LULA RE CHESEHA JOANG KA HO ETSISA TSELA EO JESU A NENG A . . .

  • ikutloa ka eona ka mosebetsi oa ho bolela?

  • itšetleha ka Jehova ka eona?

  • lula a khothetse ka eona?

PINA EA 58 A re Batleng Metsoalle ea Khotso

a TLHALOSO: Sehloohong sena, “ho cheseha” ho bolela tsela eo Bakreste ba sebeletsang Jehova ka mafolofolo le ka tabatabelo ka eona.

b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka bohlale, mor’abo rona o pakela ntate e mong ha ba ntse ba tšela peterole.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela