SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 20
PINA EA 67 ‘Bolelang Lentsoe’
Bolela Litaba Tse Monate Hobane u Susumetsoa ke Lerato
“Litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.”—MAR. 13:10.
NTLHA-KHOLO
Kamoo lerato le ka re thusang kateng hore re chesehele ho bolela litaba tse monate.
1. Re ithutile’ng sebokeng sa selemo le selemo sa 2023?
SEBOKENG sa selemo le selemo sa 2023,a re ile ra fumana lithuto tse ling tse ntlafalitsoeng le litsebiso tse thabisang tse buang ka tšebeletso ea rona. Ka mohlala, re ile ra ithuta hore batho ba bang ba ka ’na ba e-ba le monyetla oa hore ba sebeletse Jehova ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe. Re ile ra boela ra ithuta hore ho tloha ka November 2023, bahoeletsi ba ke ke ba hloka ho tlaleha livideo, lingoloa tseo ba faneng ka tsona le hore na ba qetile lihora tse kae tšebeletsong ea tšimo. Na liphetoho tsee li entse hore mosebetsi oa rona oa boboleli o se ke oa potlaka joaloka pele? Ho hang!
2. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa rona oa boboleli e e-ba o potlakileng letsatsi ka leng le fetang? (Mareka 13:10)
2 Letsatsi le leng le le leng le fetang mosebetsi oa rona oa boboleli e ba o potlakileng haholo. Hobane’ng? Hobane ho setse nako e nyenyane pele bofelo bo fihla. Hlokomela seo Jesu a ileng a se bolela ka mosebetsi oa boboleli mehleng ena ea bofelo. (Bala Mareka 13:10.) Ho ea ka tlaleho ea Matheu, Jesu o itse litaba tse monate li tla boleloa lefatšeng lohle pele “bofelo” bo fihla. (Mat. 24:14) Polelo ena e bua ka bofelo ba lefatše la Satane le khopo. Jehova o se a behile ‘letsatsi kapa hora’ eo lintho tsena li tla etsahala ka eona. (Mat. 24:36; 25:13; Lik. 1:7) Letsatsi le leng le le leng le fetang le re atametsa haufi le nako eo ea bofelo. (Bar. 13:11) Hona joale re lokela ho bolela litaba tse monate ho fihlela bofelo bo fihla.
3. Ke’ng e re susumeletsang hore re bolele litaba tse monate?
3 Ha re ntse re nahana ka mosebetsi oa rona oa boboleli, re lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa: Ke hobane’ng ha re bolela litaba tse monate? Ka mantsoe a bonolo feela, lerato ke lona le re susumeletsang hore re bolele litaba tse monate. Ha re etsa mosebetsi ona oa boboleli, re bontša hore re rata litaba tsena tse monate, re rata batho ’me habohlokoa le ho feta re rata Jehova le lebitso la hae. A re bueng ka lintlha tsena tse tharo.
RE BOLELA HOBANE RE RATA LITABA TSE MONATE
4. Hangata re etsa’ng ha re utloa litaba tse monate?
4 Na u sa hopola kamoo u ileng oa ikutloa kateng ha u ne u utloa litaba tse monate? Mohlomong e ne e le litaba tsa hore ho na le ngoana ea sa tsoa hlaha ka lapeng kapa litaba tsa hore u fumane mosebetsi oo e leng khale u o hloka. Ha ho pelaelo hore u ne u tatetse ho bolella ba lelapa kapa eona metsoalle ea hao litaba tsena tse monate. Na ebe ntho e tšoanang e ile ea u etsahalla ha u ne u utloa litaba tse monate ka ho fetisisa e leng litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo?
5. U ile oa ikutloa joang ha u ne u qala ho ithuta linnete tse ka Lentsoeng la Molimo? (Sheba litšoantšo.)
5 Nahana ka hore na u ile oa ikutloa joang ha u ne u qala ho ithuta linnete tse ka Lentsoeng la Molimo. U ile oa ithuta hore Ntate oa hao ea leholimong oa u rata le hore o batla hore u be karolo ea barapeli ba hae le hore o u tšepisa ho felisa bohloko le mathata, le hore u tla boela u bone baratuoa ba hao ba hlokahetseng ba phela hape lefatšeng le lecha le tse ling tse ngata. (Mar. 10:29, 30; Joh. 5:28, 29; Bar. 8:38, 39; Tšen. 21:3, 4) Lithuto tsena li ile tsa u thabisa. (Luka 24:32) U ile oa rata seo u ithutileng sona ’me oa batla ho bolella batho ba bang lintho tseo u ithutileng tsona.—Bapisa le Jeremia 20:9.
Ha re ne re qala ho ithuta lithuto tse ka Bibeleng re ne re thabile haholo hoo re neng re batla ho bolella batho bohle ka tsona (Sheba serapa sa 5)
6. U ithuta’ng paleng ea Ernest le Rose?
6 Nahana ka pale ena. Mor’abo rona Ernestb o ne a le lilemo li ka bang leshome ha ntate oa hae a hlokahala. Ernest o re: “Ke ne ke ipotsa: ‘Na ebe ntate o ile leholimong? Na ha ke sa tla hlola ke mo bona?’ Ke ne ke khalla bana ba bang ba neng ba ntse ba e-na le bo-ntate.” Ernest o ne a lula a ea mabitleng ebe o khumama lebitleng la ntate oa hae ’me oa rapela o re: “Molimo, ke kopa ho tseba hore na ntate oa ka o hokae.” Lilemo tse 17 ka mor’a hore ntate oa hae a hlokahale, Ernest o ile a lumela ho ithuta Bibele. O ne a thabile ha a ne a ithuta hore bafu ha ba tsebe letho ho hang, ho tšoana le ha eka ba robetse boroko bo tebileng le hore Bibele e tšepisa hore ba tla tsosoa nakong e tlang. (Moek. 9:5, 10; Lik. 24:15) O ile a fumana likarabo tsa lipotso tse neng li mo tšoenya ka nako e telele. Ernest o ne a thabetse ho ithuta lithuto tsena tse tsoang ka Bibeleng. Mosali oa hae Rose le eena o ile a qala ho ithuta ’me o ile a thabela seo a neng a ithuta sona ka Bibeleng. Ka 1978 ba ile ba kolobetsoa. Ba ne ba chesehela ho bolella ba malapa, metsoalle le batho ba bang lintho tseo ba neng ba ithuta tsona ka Bibeleng. Kahoo, Ernest le Rose ba ile ba thusa batho ba fetang 70 hore ba ithute ka Jehova ’me ba kolobetsoe.
7. Re susumeletseha ho etsa’ng ha re rata seo re ithutileng sona ka Bibeleng? (Luka 6:45)
7 Ho hlakile hore ha re rata seo re ithuta’ng sona ka Bibeleng, re susumeletseha ho bolella ba bang ka sona. (Bala Luka 6:45.) Re ikutloa joaloka barutuoa ba Jesu ba ileng ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) Re rata lithuto tsa Bibele haholo hoo re batlang ho li bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng.
RE BOLELA LITABA TSE MONATE HOBANE RE RATA BATHO
8. Ke’ng e etsang hore re batle ho bolella batho litaba tse monate? (Sheba lebokose le reng “Rata Batho u ba Etse Barutuoa.”) (Sheba setšoantšo.)
8 Re rata batho joaloka Jehova le Mora oa hae. (Liprov. 8:31; Joh. 3:16) Re utloela batho ba ‘sa tsebeng Molimo’ le ba ‘se nang tšepo’ bohloko. (Baef. 2:12) Mathata ao ba nang le ’ona a ka etsa hore ba ikutloe eka ba ka har’a sekoti se tebileng empa rona re tšoere thapo e ka ba ntšang sekoting seo e leng litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Kaha rea ba rata ebile re ba utloela bohloko, re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba bolella litaba tse monate. Litaba tseo li ka etsa hore ba be le tšepo le ho ba thusa hore ba thabele bophelo hona joale. Hape li ka ba fa monyetla oa hore ba fumane “bophelo ba sebele” e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.—1 Tim. 6:19.
Ho rata batho le ho ba utloela bohloko ho re susumeletsa hore re leke ka hohle ho ba bolella litaba tse monate (Sheba serapa sa 8)
9. Ke molaetsa ofe o lemosang oo re o bolellang batho ka lintho tse tla etsahala nakong e tlang, hona ke hobane’ng ha re ba bolella oona? (Ezekiele 33:7, 8)
9 Lerato leo re ratang batho ka lona le etsa hore re batle ho ba bolella ka se tla etsahala ka lefatše lena le khopo. (Bala Ezekiele 33:7, 8.) Re utloela batho ba sa sebeletseng Jehova ho akareletsa le ba malapa a rona bohloko. Batho ba bangata ba iphelela feela ba sa tsebe hore ho tl’o ba le “mahlomola a maholo. A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha lefatše le thehoa ho fihlela joale ebile ha a sa tla ba teng.” (Mat. 24:21) Re batla hore ba tsebe hore na ho tl’o etsahala’ng nakong ea kahlolo ha ho felisoa bolumeli ba bohata ebile ho felisoa le batho ba khopo ka letsatsi la Armagedone. (Tšen. 16:14, 16; 17:16, 17; 19:11, 19, 20) Re rapella hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba mamele seo re ba bolellang sona ’me ba nke qeto ea hore ba sebeletse Jehova hammoho le rona hona joale. Empa ho tla etsahala’ng ka batho ba sa batleng ho mamela molaetsa oa rona o ba lemosang ho akareletsa le ba malapa a rona?
10. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re bolelle batho molaetsa o lemosang?
10 Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova a ka ’na a batla ho pholosa batho ba qalang ho bontša tumelo ho eena ha ba bona Babilona e Moholo e felisoa. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re bolelle batho ka taba ena. Nahana ka ntlha ena: Ka nako eo ba ka ’na ba hopola lintho tseo re ba bolellang tsona hona joale. (Bapisa le Ezekiele 33:33.) Mohlomong ba tla nahana ka molaetsa o lemosang oo re ileng ra ba bolella oona ebe ba batla ho sebeletsa Jehova hammoho le rona pele bofelo bo fihla. Joaloka molebeli oa teronko oa Filipi ea ileng a bontša tumelo ka mor’a hore “lefatše le reketle ka matla,” mohlomong batho ba sa mameleng molaetsa oa rona hona joale ba tla o mamela ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe ba sa lebella.—Lik. 16:25-34.
RE BOLELA LITABA TSE MONATE HOBANE RE RATA JEHOVA LE LEBITSO LA HAE
11. Re ka etsa’ng ho rorisa, ho hlompha le ho fa Jehova matla a rona? (Tšenolo 4:11) (Sheba litšoantšo.)
11 Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re bolelang litaba tse monate ke hobane re rata Jehova Molimo le lebitso la hae le halalelang. Re nka mosebetsi oa rona oa boboleli e le tsela eo re rorisang Molimo oa rona eo re mo ratang. (Bala Tšenolo 4:11.) Rea lumela hore Jehova Molimo oa rona ea matla o tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa. Re rorisa Jehova le ho mo hlompha ha re bolella batho ba bang bopaki bo bontšang hore o “bopile lintho tsohle” le hore rea phela hobane a re bopile. Re fa Jehova matla a rona ha re sebelisa nako ea rona le lintho tseo re nang le tsona ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang litaba tse monate. (Mat. 6:33; Luka 13:24; Bakol. 3:23) Ka mantsoe a bonolo feela, re rata ho bua ka Molimo oa rona eo re mo ratang. Re ikutloa re susumeletseha ho bolella batho ba bang ka lebitso la hae le hore na ke Molimo ea joang. Ke hobane’ng ha re ikutloa ka tsela ee?
Re fa Jehova matla a rona ha re sebelisa nako ea rona le lintho tseo re nang le tsona ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang litaba tse monate (Sheba serapa sa 11)
12. Re halaletsa lebitso la Jehova joang ha re bolela litaba tse monate?
12 Re batla ho halaletsa lebitso la Jehova hobane rea mo rata. (Mat. 6:9) Taba ena e etsa hore re batle ho bolella batho hore mashano a matala ao Satane a a buileng ka Jehova ha se ’nete. (Gen. 3:1-5; Jobo 2:4; Joh. 8:44) Ha re bolela litaba tse monate re bontša hore re batla ho bolella batho bohle ba ikemiselitseng ho re mamela hore na Jehova ke Molimo ea joang. Re batla ho bolella batho bohle hore Jehova o lerato ebile o busa ka tsela e lokileng le e nang le toka le hore ’Muso oa hae o tla felisa mathata ’ohle le ho etsa hore re be le khotso ’me re thabe. (Pes. 37:10, 11, 29; 1 Joh. 4:8) Ha re bolella batho lintho tsena ka Jehova, re halaletsa lebitso la hae. Hape rea thaba hobane re etsa seo re lokelang ho se etsa joalokaha re le Lipaki Tsa Jehova. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo?
13. Ke hobane’ng ha re le motlotlo ka ho bitsoa Lipaki Tsa Jehova? (Esaia 43:10-12)
13 Jehova o re khethile hore re be “lipaki” tsa hae. (Bala Esaia 43:10-12.) Lilemo tse ’maloa tse fetileng, lengolo le tsoang ho Sehlopha se Busang le ile la re: “Ka sebele ha ho na tlotla e fetang ea hore ebe re bitsoa Lipaki Tsa Jehova.”c Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Nahana ka mohlala o latelang. A re re u qosoa ka hore u entse ntho e fosahetseng ’me u hloka paki e tla u buella lekhotleng ho bontša hore seo u qosoang ka sona ha se ’nete le hore u motho ea lokileng ea ke keng a etsa ntho e joalo. U ne u tla khetha mang? Ho hlakile hore u ne u tla khetha motho eo u mo tsebang le eo u mo tšepang le ea nang le botumo bo botle kaha batho ba tla mo kholoa. Hore ebe Jehova o re khethile hore re be Lipaki tsa hae ho bontša hore o re tseba hantle ’me oa re tšepa hore re tla bolella batho ba bang hore ke eena feela Molimo oa ’nete. Re ikutloa re le motlotlo hore ebe re Lipaki tsa hae ’me re sebelisa monyetla o mong le o mong oo re o fumanang ho tsebisa batho lebitso la hae le ho bontša hore lintho tse mpe tseo batho ba li buileng ka eena ha se ’nete. Ha re etsa joalo, re tla be re etsa se boleloang ke lebitso la rona e leng ho ba Lipaki Tsa Jehova.—Pes. 83:18; Bar. 10:13-15.
RE TLA BOLELA HO FIHLELA BOFELO BO FIHLA
14. Ke lintho life tse thabisang tse tl’o etsahala haufinyane?
14 Ho tl’o etsahala lintho tse thabisang haufinyane. Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me re tšepa hore re tla bona ha batho ba bangata ba batla ho mo sebeletsa pele mahlomola a maholo a qala. Ntho e re thabisang ke hore nakong ea mahlomola a maholo, e leng nako e thata ka ho fetisisa e tla ba teng lefatšeng, ho tla ba le batho ba bangata ba khethang ho tsoa lefatšeng la Satane ’me ba sebeletse Jehova hammoho le rona.—Lik. 13:48.
15, 16. Ke’ng eo re tla lula re e etsa, hona re tla e etsa ho fihlela neng?
15 Pele nako eo e fihla, re na le mosebetsi oa bohlokoa oo re lokelang ho o etsa. Ke mosebetsi oo re ke keng ra hlola re o etsa hape. Kahoo, hona joale re na le tlotla ea hore re bolele litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Ka nako e tšoanang re lokela ho tsoela pele re lemosa batho ka lintho tse tl’o etsahala haufinyane. Batho ba hloka ho tseba hore bofelo ba lefatše lena le khopo bo ntse bo atamela ka potlako ’me ha nako ea kahlolo e fihla ba tla tseba hore molaetsa oo re neng re ba bolella oona o tsoa ho Jehova Molimo.—Ezek. 38:23.
16 Ke’ng seo re ikemiselitseng ho se etsa? Kaha re rata litaba tse monate, re rata batho ’me ka ho fetisisa re rata Jehova Molimo le lebitso la hae. Re tla lula re bolela molaetsa ona o potlakileng ka cheseho le ka mafolofolo ho fihlela Jehova a re: “Ho lekane!”
PINA EA 54 “Tsela ke Eona Ena”
a Seboka sa selemo le selemo se ne se tšoeroe ka la 7 October 2023 Holong ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova ea Newburgh e New York, U.S.A. Lenaneo la seboka seo le ile la hlaha ho JW Broadcasting®. Karolo ea Pele ea lona e ile ea hlaha ka November 2023 ’me Karolo ea Bobeli ea hlaha ka January 2024.
b Sheba sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho—Ke ile ka Khahloa ke Kamoo Bibele e Hlakileng e Bileng e Utloahalang Kateng,” se hlahang ho Molula-Qhooa oa February 1, 2015.