Na ke Etsa Sohle Seo Nka se Khonang?
1. Mokreste ea tšepahalang a ka ’na a tšoenngoa ke eng?
1 Na u kile ua ipotsa potso eo? Mohlomong ha u sa kopanela tšebeletsong joaloka pele hobane u nyahame ka lebaka la ho hōla, ho kula, kapa boikarabelo bo eketsehileng ba lelapa. Morali e mong oabo rōna ea nang le bana ba bararo o ile a ngola a bolela hore ka linako tse ling o ikutloa a le molato hobane o qeta nako e seng kae tšebeletsong kaha o lokela ho ikitlaelletsa ho hlokomela lelapa la hae. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra feteletsa litaba?
2. Jehova o lebeletse hore re etse’ng?
2 Seo Jehova a Lebeletseng Hore re se Etse: Ntle ho pelaelo, bohle re ka rata ho eketsa tšebeletso ea rōna. Empa hangata ho na le phapang e khōlō pakeng tsa seo re ka ratang ho se etsa le seo re ka khonang ho se etsa. Taba ea hore re ka rata ho eketsa tšebeletso ea rōna e bontša hore ha rea qhoaolla. Re lokela ho hopola hore Jehova o tseba mefokolo ea rōna ebile ha a batle hore re etse se fetang matla a rōna. (Pes. 103:13, 14) O lebeletse hore re etse’ng? O batla hore re mo sebeletse ka moea oohle, e leng hore re mo fe se molemo ka ho fetisisa.—Bakol. 3:23.
3. Re ka hlahloba boiteko boo re bo etsang tšebeletsong joang?
3 Ke eng e tla re thusa hore re itekanye mesikaro? Re ka kōpa Jehova a re thuse hore re bone boemo ba rōna kamoo bo leng kateng. (Pes. 26:2) Metsoalle ea Bakreste eo re e tšepang le e butsoitseng, e re tsebang hantle le e sa tšabeng ho re bolella hore na re lokela ho ntlafatsa hokae, le eona e ka re thusa. (Liprov. 27:9) Hape, a re hopoleng hore kaha maemo aa fetoha, ho molemo hore re hlahlobe boemo ba rōna nako le nako.—Baef. 5:10.
4. Re lokela ho nka likhopotso tse tsoang Bibeleng tse mabapi le tšebeletso joang?
4 Kamoo re Lokelang ho Nka Likhopotso Kateng: Peisong, hangata bashebelli ba thoholetsa limathi. Sepheo sa bona ke ho thusa limathi hore li fihle kholeng, eseng ho li nyahamisa. Ka tsela e tšoanang, khothatso e tsoang Bibeleng le likhopotso tseo re li fuoang libokeng le libukeng tsa rōna hore re ‘bolele lentsoe ka phehello,’ li molemong oa rōna ’me ha lia lokela ho re fa maikutlo a hore mosebetsi oo re o etsang ha oa lekana. (2 Tim. 4:2) Re ka kholiseha hore hafeela re ntse re leka ho ikitlaetsa, Jehova o tla hopola ‘lerato la rōna le mesebetsi ea rōna’ ’me a re hauhele.—Baheb. 6:10.