Lebokose la Lipotso
◼ Re ka thusa bo-pula-maliboho joang?
Selemong sa tšebeletso sa 2009, ho bile le bara le barali babo rōna ba ka bang 800 000 lefatšeng lohle bao e neng e le bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng. Basebeletsi bana ba nako e tletseng ba tela nako ea bona ea bohlokoa, matla le matlotlo e le hore ba hase litaba tse molemo. (Liprov. 3:9) E tlameha ebe mosebetsi oa bona o thabisa Jehova hakaakang! Re ka bontša joang hore re na le maikutlo a kang a Jehova, ebe re ba thusa hore ba thabele tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho ’me ba tiisetse ho eona?
Ka sebele ha re ba khothatsa ka mantsoe a monate, re ba thusa hore ba tsoele pele ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho. (Liprov. 25:11) Na re ka fetola kemiso ea rōna ea beke le beke e le hore re sebetse le bona tšimong? Ha re sebetsa le bona, re ka ’na ra ithaopela ho tsamaea ka likoloi tsa rōna ho e-na le hore re tsamaee ka tsa bona kapa ho ba lefella ha re tsamaea ka lipalangoang tsa baeti. Haeba re tsamaea ka likoloi tsa bona, mohlomong re ka ithaopela ho ba fa monehelo oa ho ba thusa ka litšenyehelo. (1 Bakor. 13:5; Bafil. 2:4) Re boetse re bontša hore re ba tšehetsa ka lerato ka hore nako le nako re ba memele lijong malapeng a rōna ’me re ba amohele ka mofuthu ha ba re etetse.—1 Pet. 4:8, 9.
Mangolo a re tiisetsa hore Jehova o tla fa batho ba batlang ’Muso oa hae pele seo ba se hlokang. (Pes. 37:25; Mat. 6:33) Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste ba lerato. (1 Joh. 3:16-18) Ke ’nete hore bo-pula-maliboho ha baa lebella ho phela ka liphallelo. ’Me ha ho bonolo hore ba bolelle ba bang hore ba hloka ntho e itseng. Leha ho le joalo, re ka thusa bo-pula-maliboho ba tšepahalang ’me ra “koala khaello ea bona” ea lintho tseo ba li hlokang ka hore re be seli ’me re falimehele maemo a bona.—2 Bakor. 8:14, 15.
Ha Fibi, eo e neng e le moevangeli ea chesehang oa lekholong la pele la lilemo Phuthehong e Senkrea a ne a ea Roma, Pauluse o ile a khothatsa barab’abo rōna ba Roma ka mantsoe ana: ‘Mo amoheleng Moreneng ka tsela e tšoanelang bahalaleli, le hore le mo thuse tabeng leha e le efe eo a ka le hlokang ho eona.’ (Bar. 16:1, 2) Le rōna re na le monyetla oa hore ka lerato re tšehetse bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba phutheho ea habo rōna ba bolelang litaba tse molemo ba sa khaotse.—Lik. 5:42.