Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/12 leq. 1
  • Sebelisa Matla a Hao ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Matla a Hao ka Bohlale
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ka Rua Molemo ka ho ba le Tšimo ea Hao?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Na U na le Tšimo ea Botho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 1/12 leq. 1

Sebelisa Matla a Hao ka Bohlale

1. Bakorinthe ba Pele 9:26 e ka sebelisoa joang tšebeletsong ea rōna?

1 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea.” (1 Bakor. 9:26) Pauluse o ne a bua ka boikemisetso ba hae le sepheo sa hae sa ho tsepamisa mohopolo ho hahamalleng lipakane tsa moea. Leha ho le joalo, mantsoe ao a Pauluse a boetse aa sebetsa tšebeletsong ea rōna. Re batla ho “otla” kapa ho etsa lintho ka bohlale e le hore re ka atleha. Re ka etsa seo joang?

2. Re ka etsisa Pauluse le baevangeli ba bang ba lekholong la pele la lilemo joang ha re khetha nako le sebaka seo re pakang ho sona?

2 E-eang Moo Batho ba Fumanehang Teng: Pauluse le baevangeli ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba paka moo ba lebeletseng hore ba tla fumana batho teng. (Lik. 5:42; 16:13; 17:17) Kahoo haeba batho ba bangata tšimong ea rōna ba fumaneha malapeng mantsiboea, eo e ka ’na ea e-ba nako e molemo ea hore re ee ka ntlo le ntlo. Na hoseng ha batho ba ea mosebetsing le mantsiboea ha ba khutlela hae, hoa phethesela boemelong ba libese kapa ba literene? Libaka tsa mabenkele li tlala batho neng? Ho etsa mosebetsi oa seterateng ka nako eo ho ka beha litholoana haholo.

3. Re ka sebelisa matla a rōna ka bohlale joang ha re le tšimong?

3 Sebetsang Tšimo ka Bohlale: Re boetse re lokela ho sebelisa matla a rōna ka bohlale ha re tla tabeng ea ho sebetsa tšimo. Ka mohlala, ho e-na le ho ea sebakeng se le seng re le bangata, e leng se tla senya nako ’me se bake mosebetsi o mongata oa ho hlophisa sehlopha le ho se tsamaisa, ho ka ’na ha e-ba molemo hore re ikarole. Ka tsela e tšoanang, ha re sebetsa masimo a mahaeng re tla koahela tšimo ka potlako re be re fumane monyetla oa ho bua le batho ba eketsehileng haeba re sa tsamaee re le bangata haholo ka koloing. Na re ka ikōpela tšimo e haufinyane, e le hore re fokotse nako eo re e qetang re tsamaea?

4. Ke’ng ntho e tla re thusa hore re be ‘batšoasi ba atlehang ba batho’?

4 Jesu o ile a tšoantša baevangeli le “batšoasi ba batho.” (Mar. 1:17) Sepheo sa motšoasi oa litlhapi hase feela hore a lahlele letlooa ka metsing empa ke hore a tšoase litlhapi. Kahoo, batšoasi ba atlehang ba batho ba ea moo ba lebeletseng ho tšoasa le ka nako e loketseng, ’me ba qala ntle ho tšenyo ea nako. Ha e le hantle, ba sebelisa matla a bona ka bohlale. E se eka re le rōna re ka ba mafolofolo ka tsela e tšoanang ha re tšebeletsong ea tšimo.—Baheb. 6:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela