Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 1 October
BEKE E QALANG KA LA 1 OCTOBER
Pina ea 103 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 27 ¶10-18 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Daniele 4-6 (10 mets.)
No. 1: Daniele 4:18-28 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Hobane’ng ha Bakreste ba ’Nete ba Qoba ho Itšunya-tšunya Tšebelisanong le Meea? (5 mets.)
No. 3: Mehleng e Fetileng Molimo o ne a Fetisetsa Litaelo ho Bahlanka ba Hae ba Lefatšeng Joang?—rs leq. 326 ¶1-2 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Qala Thuto ea Bibele Moqebelong oa Pele oa Khoeli. Suthela pontšo e bontšang kamoo mohoeletsi a ka sebelisang mohlala o leqepheng lena ha a qala thuto Moqebelong oa pele oa October. Khothalletsa bohle ho nka karolo.
15 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Puo ka molebeli oa tšebeletso. Tšohla seo phutheho e se entseng tšimong selemong se fetileng sa tšebeletso, u totobatse lintho tse ntle tse finyeletsoeng u be u babatse bahoeletsi moo ho loketseng. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba bileng le liphihlelo tse monate. Bolela ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tseo phutheho e ka sebeletsang ho tsona selemong sena se secha sa tšebeletso, ’me u bolele hore na e ka etsa eng ho ntlafatsa.
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka October. Puisano. Nka metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 u hlalosa lintlha tsa limakasine tsena tse tla khahla batho tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele lipotso tse thahasellisang tseo ba ka li botsang ha ba buella letoto la lihlooho tse qalang tsa Molula-Qhooa, ba be ba bolele hore na ba ka bala lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka letoto la lihlooho tse qalang tsa Tsoha! ’me ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ’ngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 85 le Thapelo