Young People Ask—What Will I Do With My Life? (Karolo ea 2)
Tlas’a main menu, videong ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? khetha Interviews, ebe u khetha Sections. Ka mor’a ho sheba likarolo tseo tse tharo, tšohlang likarabo tsa lipotso tse serapeng sa 2. Ebe tlas’a main menu u khetha Supplementary Material ’me ka mor’a ho shebella lipuisano tseo tse hlano, le tšohle likarabo tsa lipotso tse serapeng sa 3.
Likarolo—Ho Hahamalla Lintho Tsa Lefeela Kapa Tsa Molimo: (1) Bacha ba hatelloa hore ba phehelle lipakane life? (2) Johanne oa Pele 2:17 e ka thusa bacha joang hore ba etse qeto ea hore na ba hahamalla thuto ea lefatše ho isa bohōleng bofe? (3) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella tšabo hore e re thibele ho kolobetsoa? (4) Ke’ng se tla re thusa ho tšoanelehela kolobetso? Ithute ho Thabela Tšebeletso: (5) Ke hobane’ng ha ba bang ba sa thabele tšebeletso? (6) Ke’ng se ka re thusang? (7) Ke’ng seo ba bang ba bileng ba se tšabang le ho feta ho bua le motho eo ba sa mo tsebeng, hona hobane’ng? (8) Re ka hlōla tšabo ea rōna joang ’me ra iteta sefuba hore re bue? (9) Ke hobane’ng ha ho ikitlaelletsa ho ba le tsebo e itseng tšebeletsong le hona e le habohlokoa? Monyako o Isang Tšebeletsong: (10) Ho bula maliboho ho fana ka menyetla efe e mengata ea ho hatela pele moeeng? (Bafil. 3:16) (11) Ke hobane’ng ha ba bang ba tsilatsila ho kena ka monyako oo o isang tšebeletsong? (12) Ke melao-motheo efe e ka re thusang ho se tšoenyehe ka maemo a moruo? (13) Ba bang ba entse’ng hore ba itjare licheleteng ha ba ntse ba bula maliboho? (14) Motho a ka etsa’ng haeba maemo a sa mo lumelle hore a kenele tšebeletso ea nako e tletseng?
Boitsebiso bo eketsehileng—Bohlokoa ba ho ba le Thuto ea Botho: (15) Ke hobane’ng ha ho ba le kemiso e ntle ea thuto ea botho e le habohlokoa? Litsela Tse Ling Tsa ho Paka (hona joale ho thoe ke ho paka phatlalatsa): (16) Ho kopanela mefuteng e sa tšoaneng ea tšebeletso ho tlatsetsa joang thabong ea rōna? Tšebeletso ea Bethele: (17) Ho ba tšebeletsong ea Bethele ho tlisa thabo ka litsela life? Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi: (18) Ba bileng sekolong sena (seo hona joale ho thoeng ke Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha) ba ruile molemo joang? Koetliso ea Sekolo sa Baromuoa sa Gileade: (19) Peter le Fiona ba ile ba itokisetsa mosebetsi oa boromuoa joang, hona ba ile ba rua molemo joang koetlisong ea Gileade?