“Fana ka Bopaki bo Phethahetseng”
1. Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala ofe o motle mabapi le boboleli?
1 “U etse tšebeletso ea hao ka ho phethahetseng.” (2 Tim. 4:5, Byington) Ha ho pelaelo hore moapostola Pauluse o ne a ka bua ka bolokolohi ha a fa Timothea keletso ena. Ha e le hantle, pakeng tsa selemo sa 47 le sa 56 C.E., Pauluse o ile a phetha maeto a boromuoa a mararo. Buka ea Liketso e bua khafetsa ka hore Pauluse o ile a fana ka “bopaki bo phethahetseng.” (Lik. 23:11; 28:23) Re ka etsa seo joang mehleng ea rōna?
2. Re ka fana ka bopaki bo phethahetseng joang ha re bolela ka ntlo le ntlo?
2 Ka Ntlo le Ntlo: E le hore re leke ho fumana beng ba matlo bao ho seng mohla ba kileng ba utloa litaba tse molemo, ho ka ʼna ha hlokahala hore re ba etele ka linako tse sa tšoaneng ka letsatsi. Ntate oa lelapa a ka ʼna a ba teng lapeng lihoreng tsa mantsiboea kapa mafelong a beke. Re lokela ho leka hore ho bua le motho ntlong e ʼngoe le e ʼngoe, re khutlele khafetsa matlong ao re fumaneng batho ba le sieo ho ʼona. Re tla etsa joang haeba boiteko ba rōna ba ho fumana batho bo sa atlehe? Mohlomong ho ngola lengolo kapa ho founa ho ka beha litholoana tse ntle.
3. U na le menyetla efe ea ho paka phatlalatsa le ka mokhoa o sa reroang?
3 Le Pake Phatlalatsa le ka Mokhoa o sa Reroang: Kajeno, bahlanka ba Jehova ba tsebahatsa “bohlale ba ’nete” ho bohle ba tla ba mamela. Ka linako tse ling ba etsa sena “seterateng” kapa “mapatlelong.” (Liprov. 1:20, 21) Ha re ntse re etsa mosebetsi oa rōna oa letsatsi le letsatsi, na re ba seli hore re fane ka bopaki? Na ho ka thoe re ‘tšoarehile ka matla haholo ka lentsoe’? (Lik. 18:5) Haeba ho joalo, re tla be re phetha boitlamo ba rōna ba ho “fana ka bopaki bo phethahetseng.”—Lik. 10:42; 17:17; 20:20, 21, 24.
4. Thapelo le ho thuisa li re thusa joang hore re fane ka bopaki bo phethahetseng?
4 Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka ʼna ra tšaba ho fana ka bopaki ka lebaka la bofokoli kapa lihlong. Ha ho pelaelo hore Jehova o utloisisa bofokoli ba rōna. (Pes. 103:14) Leha ho le joalo, ha menyetla ea ho paka e hlaha, re ka mo rapela hore a re fe sebete sa ho bua re sa tšabe. (Lik. 4:29, 31) Ho feta moo, ha re etsa thuto ea botho re bile re thuisa ka Lentsoe la Molimo, re ka nahanisisa ka ho tebisa tsela eo re ananelang bohlokoa bo fetisisang ba litaba tse molemo ka eona. (Bafil. 3:8) Sena se tla re susumelletsa ho li bolela ka cheseho!
5. Re ka kopanela joang phethahatsong ea boprofeta ba Joele?
5 Boprofeta ba Joele bo boletse esale pele hore pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le tla, batho ba Molimo ba ne ba tla be “ba ntse ba e-ea” ʼme ba sa lumelle eng kapa eng hore e ba thibele ho bolela. (Joele 2:2, 7-9) E se eka re ka ikakhela ka setotsoana mosebetsing ona oa ho paka, oo le ka mohla o ke keng oa phetoa!