Ho Ikemisetsa ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
“A re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.”—LIK. 10:42.
1. Petrose o ile a buella mosebetsi ofe ha a buisana le Korneliase?
MOLAOLI oa lebotho la Mataliana o ile a bokella beng ka eena le metsoalle ketsahalong e ileng ea tsoala phetoho e khōlō litšebelisanong tsa Molimo le batho. Monna eo ea tšabang Molimo e ne e le Korneliase. Moapostola Petrose o ile a bolella sehlopha seo hore baapostola ba ile ba laeloa ‘hore ba bolelle batho le hore ba fane ka bopaki bo phethahetseng’ ka Jesu. Bopaki boo Petrose a ileng a fana ka bona bo ile ba hlahisa liphello tse babatsehang. Balichaba ba sa bollang ba ile ba amohela moea oa Molimo, ba kolobetsoa ba ba ba e-ba le tšepo ea ho ba marena le Jesu leholimong. Bopaki bo phethahetseng boo Petrose a ileng a fana ka bona bo ile ba beha litholoana tse babatsehang hakaakang!—Lik. 10:22, 34-48.
2. Re tseba joang hore taelo ea ho fana ka bopaki e ne e sa fuoa baapostola ba 12 feela?
2 Seo se etsahetse ka 36 C.E. Hoo e ka bang lilemo tse peli pele ho moo, mohanyetsi e mong ea chesehang oa Bokreste o ile a etsahalloa ke ntho e ileng ea fetola bophelo ba hae. Saule oa Tarsase o ne a e-ea Damaseka ha Jesu a bonahala ho eena ’me a re: ‘Kena motseng, ’me u tla bolelloa seo u lokelang ho se etsa.’ Jesu o ile a tiisetsa morutuoa Ananiase hore Saule o ne a tla fana ka bopaki “lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” (Bala Liketso 9:3-6, 13-20.) Ha a e-na le Saule, Ananiase o ile a re: ‘Molimo oa baholo-holo ba rōna o u khethile hobane u tla ba paki ea hae ho batho bohle.’ (Lik. 22:12-16) Saule, eo hamorao a ileng a tsejoa e le Pauluse, o ile a nka mosebetsi oa hae oa ho fana ka bopaki ka botebo hakae?
O Ile a Fela a Fana ka Bopaki bo Phethahetseng!
3. (a) Re tla tsepamisa maikutlo tlalehong efe e khethehileng? (b) Baholo ba Efese ba ile ba etsa’ng ha ba fumana molaetsa oa Pauluse, ’me ba behile mohlala ofe o motle?
3 E ka ba ho thahasellisang haholo ho ithuta ka botlalo sohle seo Pauluse a ileng a se etsa ka mor’a moo, empa hajoale, a re tsepamiseng maikutlo puong eo Pauluse a ileng a fana ka eona hoo e ka bang ka 56 C.E., joalokaha e tlalehiloe ho Liketso khaolo ea 20. Pauluse o fane ka puo ena ho ella qetellong ea leeto la hae la boraro la boromuoa. O ne a theohile sekepe Miletase, e leng kou e Leoatleng la Aegean, ’me o ile a romela hore ho bitsoe baholo ba phutheho ea Efese. Efese e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50, le hoja leeto le ne le nka nako e telele ka lebaka la litsela tse tsoelipanang. U ka inahanela hore na baholo ba Efese ba ile ba thaba hakae ha ba fumana molaetsa oa Pauluse! (Bapisa le Liproverbia 10:28.) Leha ho le joalo, ba ne ba tla tlameha ho etsa litokisetso tsa ho nka leeto la ho ea Miletase. Na ba bang ba bona ba ne ba tlameha ho kōpa nako mosebetsing kapa ba koale likhoebo tsa bona? Kajeno Bakreste ba bangata ba etsa joalo ho tiisa hore ha ba na ho fosoa ke karolo leha e le ’ngoe ea lenaneo likopanong tsa bona tsa setereke tsa selemo le selemo.
4. Pauluse o ne a ntse a etsa’ng lilemong tseo a ileng a li qeta a le Efese?
4 U nahana hore Pauluse o ne a ntse a etsa’ng Miletase ka matsatsi a mararo kapa a mane pele baholo bao ba fihla? Uena u ka be u ile ua etsa’ng? (Bapisa le Liketso 17:16, 17.) Seo Pauluse a ileng a se bolella baholo ba Efese se re thusa ho tseba karabo. O ile a hlalosa tsela eo a neng a phela ka eona ka lilemo tsena tsohle, ho akarelletsa le tseo a neng a le Efese ka tsona pejana. (Bala Liketso 20:18-21.) Kaha o ne a tseba hantle hore ha ho motho ea ka mo hanyetsang o ile a re: ‘Le tseba hantle kamoo ho tloha letsatsing la pele ha ke hata seterekeng sa Asia ke ileng ka paka ka mokhoa o phethahetseng kateng.’ Ha ho pelaelo hore o ne a ikemiselitse ho phetha taelo eo a neng a e filoe ke Jesu. O ile a finyella seo joang Efese? Tsela e ’ngoe e bile ka ho pakela Bajuda, a e-ea moo ba neng ba le bangata teng. Luka o tlaleha hore ha Pauluse a ne a le Efese hoo e ka bang ka 52-55 C.E., o ile “a fana ka lipuo ’me a sebelisa tšusumetso” synagogeng. Ha Bajuda “ba tsoela pele ho ithatafatsa le ho se lumele,” Pauluse o ile a ea ho batho ba bang, sebakeng se seng hona motseng oo empa a ntse a bolela litaba tse molemo. Kahoo, o ile a fana ka bopaki ho Bajuda le Bagerike motseng oo o moholo.—Lik. 19:1, 8, 9.
5, 6. Re ka kholiseha joang hore ha Pauluse a ne a bolela ka ntlo le ntlo o ne a bua le batho ba sa lumelang?
5 Ka mor’a nako, ba bang bao e ileng ea e-ba Bakreste ba ile ba tšoaneleha ho ba baholo, bao Pauluse a ileng a bua le bona Miletase. Pauluse o ile a ba hopotsa mokhoa oo a neng a o sebelisitse ha a re: “Ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Batho ba bang mehleng ea rōna ba ’nile ba bolela hore mona Pauluse o ne a bua feela ka ho etsa maeto a bolisa har’a balumeli. Empa ha ho joalo. Poleloana e reng ho “ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo” e ne e sebetsa haholo tabeng ea ho bolela evangeli har’a batho ba sa lumelang. Seo se hlakisoa ke mantsoe a hae a latelang. Pauluse o ile a bolela hore o ne a ntse a pakela “Bajuda le Bagerike mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” Ho hlakile hore Pauluse o ne a ntse a pakela batho ba sa lumelang, bao ho neng ho hlokahala hore ba bake ’me ba lumele ho Jesu.—Lik. 20:20, 21.
6 Ka mor’a ho hlahloba Mangolo a Segerike a Bakreste ka mokhoa o batsi, setsebi se seng se ile sa re ka Liketso 20:20: “Pauluse o ne a qetile lilemo tse tharo Efese. O ile a etela ntlo e ’ngoe le e ’ngoe, kapa bonyane o ile a bolella batho bohle litaba tse molemo (temana ea 26). Ke kamoo mangolo a tšehetsang kateng ho boleloa ha evangeli ka ntlo le ntlo le ho etsoang libokeng tsa phatlalatsa.” Hore na o ile a fela a etela ntlo e ’ngoe le e ’ngoe kapa che, joalokaha setsebi sena se bolela, Pauluse o ne a sa batle hore baholo ba Efese ba lebale kamoo a ileng a ba pakela kateng le hore na bopaki boo bo ile ba hlahisa liphello life. Luka o ile a tlaleha a re: ‘Bohle ba ahileng seterekeng sa Asia ba ile ba utloa lentsoe la Morena, Bajuda le Bagerike.’ (Lik. 19:10) Empa ho ne ho ka etsahala joang hore ebe “bohle” ba Asia ba ile ba utloa, hona see se ka bontša eng mabapi le bopaki boo re fanang ka bona?
7. E ka ’na eaba boboleli ba Pauluse bo ile ba ama le batho bao a neng a sa ba pakela ka ho toba joang?
7 Ho bolela ha Pauluse libakeng tsa sechaba le ka ntlo le ntlo, ho ile ha etsa hore batho ba bangata ba utloe molaetsa oa hae. Na u nahana hore ho ne ho ka etsahala hore bohle ba ileng ba utloa molaetsa oa Pauluse ba ne ba lula Efese, ho se ba eang libakeng tse ling ka khoebo, ho ea haufi le beng ka bona, kapa ho batla libaka tseo ba ka phomolelang marata a toropo ho tsona? Che. Kajeno batho ba bangata ba falletse ka mabaka a joalo, mohlomong u e mong oa bona. Nakong eo, batho ba tsoang libakeng tse ling ba ne ba boetse ba etela Efese ka mabaka a boithabiso kapa a khoebo. Ho ka etsahala hore ebe ha ba le Efese, ba ile ba kopana le Pauluse kapa ba mo utloa ha a fana ka bopaki. Ho ne ho tla etsahala joang ha ba khutlela hae? Ba neng ba amohetse ’nete ba ne ba tla fana ka bopaki. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ha ea ka ea e-ba balumeli, leha ho le joalo, mohlomong ba ile ba bua le ba bang ka seo ba neng ba se utloile ha ba le Efese. Kahoo, beng ka bona, baahelani, kapa batho ba neng ba fumana litšebeletso ho bona ba ile ba utloa ’nete, ’me ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ile ba e amohela. (Bapisa le Mareka 5:14.) See se bontša eng mabapi le phello eo ho fana ha hao ka bopaki bo phethahetseng ho ka bang le eona?
8. Ho ka etsahala hore ebe batho ba setereke sohle sa Asia ba ile ba utloa ’nete joang?
8 Mabapi le boboleli ba hae Efese pejana, Pauluse o ile a ngola hore o ne a “buletsoe monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakor. 16:8, 9) E ne e le monyako ofe, hona o ne a o buletsoe joang? Ha Pauluse a ntse a tsoela pele a bolela Efese, seo se ile sa fella ka hore litaba tse molemo li phatlalle. Nahana ka Kolose, Laodisia le Hierapolise, e leng metse e meraro e neng e le hōle le leoatle ho tloha Efese. Ha ho mohla Pauluse a kileng a e etela, empa litaba tse molemo li ile tsa fihla ho eona. Epafrase o ne a tsoa sebakeng seo. (Bakol. 2:1; 4:12, 13) Na Epafrase o ile a utloa ha Pauluse a paka Efese eaba e ba Mokreste? Bibele ha e bolele ka ho toba. Empa mohlomong ha Epafrase a ne a phatlalatsa ’nete ha habo, o ne a etsa joalo e le moemeli oa Pauluse. (Bakol. 1:7) Ho ka etsahala hore ebe molaetsa oa Bokreste o ile oa fihla le metseng e kang Filadelfia, Sarda le Thyatire lilemong tseo Pauluse a neng a fana ka bopaki ka tsona Efese.
9. (a) Pauluse o ne a e-na le takatso efe e tlohang botebong ba pelo? (b) Temana ea selemo ea 2009 e tla ba efe?
9 Ka lebaka leo, baholo ba Efese ba ne ba e-na le mabaka a lekaneng a ho amohela seo Pauluse a ileng a se bua ha a ne a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” Temana ea selemo sa 2009 e khothatsang le e susumetsang e reng: “Pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo,” e nkiloe temaneng eo.—Lik. 20:24.
Ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng Kajeno
10. Re tseba joang hore le rōna re lokela ho fana ka bopaki bo phethahetseng?
10 Taelo ea ho ‘bolella batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng’ e ile ea akarelletsa ba bang ntle ho baapostola. Ha Jesu ea tsositsoeng a ne a bua le barutuoa ba neng ba bokane Galilea, mohlomong ba ka bang 500, o ile a ba laela a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Taelo eo e sebetsa ho Bakreste bohle ba ’nete kajeno, joalokaha mantsoe a Jesu a bontša: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Mat. 28:19, 20.
11. Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho etsa mosebetsi ofe oa bohlokoa?
11 Bakreste ba chesehang ba tsoela pele ho mamela taelo eo, ba loanela “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.” Tsela e ka sehloohong ea ho etsa sena ke ka ho etsa seo Pauluse a ileng a se bolella baholo ba Efese—e leng ho bolela ka ntlo le ntlo. Bukeng ea 2007 e buang ka mosebetsi oa boromuoa o atlehang, David G. Stewart, e monyenyane, o ile a re: “Mokhoa oo Lipaki Tsa Jehova li o sebelisang ho ruta batho hore ba bolelle ba bang seo ba se lumelang e bile o atlehang haholo ho feta likhothatso tse sa utloahaleng tse etsoang ka molomo feela ke batho [ba buang ba le lifalaneng]. Mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova tse ngata li o ratang haholo ke oa ho bolella ba bang ka lintho tseo li li lumelang.” Liphello tsa see e bile life? “Ka 1999, ke batho ba 2 ho ea ho ba 4 feela ho ba lekholo bao ke ileng ka bua le bona metse-meholong ea linaha tse peli tsa Europe Bochabela ba boletseng hore ha ho mohla baromuoa ba [kereke] ea Bahalaleli ba Matsatsing a Morao kapa Mamormon ba kileng ba buisana le bona. Ba fetang 70 ho ba lekholo ba boletse hore Lipaki Tsa Jehova tsona li ’nile tsa buisana le bona, hangata e le ka makhetlo a ’maloa.”
12. (a) Ke hobane’ng ha re etela batho malapeng a bona ka “makhetlo a ’maloa” tšimong ea rōna? (b) Na u ka pheta phihlelo ea motho ea ileng a fetola maikutlo a hae ka molaetsa oa rōna?
12 Ho ka ’na ha boleloa se tšoanang ka batho ba sebakeng sa heno. E ka ’na eaba u kentse letsoho mosebetsing oo. Ha u ntse u buisana le batho boboleling ba ntlo le ntlo, u buile le banna, basali le bacha. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ha baa ka ba mamela le hoja u buisane le bona ka “makhetlo a ’maloa.” E ka ’na eaba ba bang ba ile ba mamela hakhutšoanyane ha u ba balla temana ea Bibele kapa u ba bolella taba e itseng e tsoang ka Mangolong. Leha ho le joalo, ba bang bona u ’nile ua ba fa bopaki bo botle, ’me ba ile ba amohela molaetsa. Lintho tseo kaofela ke tse ka ’nang tsa etsahala ha re ntse re “pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.” Joalokaha u tseba, ho na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba bontša thahasello e fokolang ha ho ne ho buisanoa le bona ka “makhetlo a ’maloa,” empa ba ile ba fetoha. Mohlomong ba ile ba hlaheloa ke ntho e itseng e ileng ea bula likelello le lipelo tsa bona hore li amohele ’nete, kapa mohlomong ntho eo e ile ea hlahela moratuoa oa bona. Hona joale e se e le bara le baralib’abo rōna. Kahoo, u se ke ua tela, le haeba haufinyane tjena u sa fumana batho ba bangata ba mamelang. Ha rea lebella hore motho e mong le e mong a amohele ’nete. Empa Molimo o lebeletse hore re tsoele pele ho fana ka bopaki bo phethahetseng ka cheseho le ka mafolofolo.
Liphello Tseo e ka ’Nang Eaba ha re Tsebe ka Tsona
13. Ho fana ha rōna ka bopaki ho ka ba le liphello life tseo e ka ’nang eaba ha re tsebe ka tsona?
13 Liphello tsa boboleli ba Pauluse ha lia ka tsa fella feela ho batho bao a ba thusitseng ka ho toba hore e be Bakreste; le ho rōna boemo boa tšoana. Re etsa bonnete ba hore re kopanela kamehla boboleling ba ntlo le ntlo, re pakela batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang. Re bolella baahelani ba rōna, basebetsi-’moho le rōna, bao re kenang sekolo le bona le beng ka rōna litaba tse molemo. Na re tseba liphello tsohle tsa seo? Ho ba bang ho ka ’na ha e-ba le liphello tse ntle kapele. Maemong a mang, peō ea ’nete e ka ’na ea se ke ea mela ka nakoana empa hamorao e ka ’na ea mela eaba ea hōla pelong ea motho e mong. Esita leha seo se ke ke sa etsahala, batho bao re buang le bona ba ka ’na ba bolella ba bang seo re ba boleletseng sona, seo re se lumelang le tsela eo re itšoarang ka eona. E ka ’na eaba ba sa hlokomele, ba entse hore peō eo e mele mobung o mong o motle kae-kae.
14, 15. Bopaki boo mora e mong oabo rōna a ileng a fana ka bona bo ile ba hlahisa liphello life?
14 Ho tea mohlala o le mong feela, nahana ka Ryan le mosali oa hae, Mandi, ba lulang Florida, U.S.A. Ha a le mosebetsing, Ryan o ile a fana ka bopaki bo sa reroang ho mosebetsi-’moho le eena. Monna eo, ea neng a hōliselitsoe Bohindung, o ile a khahloa ke tsela eo Ryan a neng a apara ka eona le eo a neng a bua ka eona. Meqoqong ea bona, Ryan o ile a bua ka litaba tse kang tsoho le boemo ba bafu. Mantsiboeeng a mang ka January, monna eo o ile a botsa mosali oa hae, e leng Jodi, hore na o ne a tseba eng ka Lipaki Tsa Jehova. E ne e le Mok’hatholike, ’me o ile a bolela hore ntho feela eo a neng a e tseba ka Lipaki Tsa Jehova e ne e le mosebetsi oa tsona oa “ho bolela ka ntlo le ntlo.” Kahoo, Jodi o ile a thaepa “Jehovah’s Witnesses” mocheng oa lipatlisiso oa Inthanete, eaba o mo hlahisetsa Web site ea rōna e leng www.watchtower.org. Ka likhoeli tse ngata, Jodi o ile a bala litaba mocheng oo, hammoho le Bibele le lihlooho tse ling tse thahasellisang.
15 Ha nako e ntse e e-ea, Jodi o ile a kopana le Mandi, kaha bobeli ba bona e ne e le baoki. Mandi o ile a thabela ho araba lipotso tsa Jodi. Ka mor’a nako e itseng, ba ile ba tšohla litaba tse ngata tsa Bibele. Jodi o ile a lumela ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele. Ho e-s’o ee kae, o ile a qala ho ea Holong ea ’Muso. Ka October, Jodi e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me o ile a kolobetsoa ka February. Oa ngola o re: “Ha e le mona ke tseba ’nete, ke thabile haholo ebile ke khotsofetse bophelong.”
16. Phihlelo ea mora e mong oabo rōna oa Florida e bontša eng ka boiteko ba rōna ba ho fana ka bopaki ka ho phethahetseng?
16 Ryan o ne a sa tsebe hore ka ho pakela motho a le mong seo se ne se tla etsa hore motho e mong osele a amohele ’nete. Ke ’nete hore, eena o ile a tseba ka liphello tsa hore ebe o ne a ikemiselitse ho ‘paka ka ho phethahetseng.’ Leha ho le joalo, ho ka ’na ha etsahala hore u fane ka bopaki ntlong e itseng, mosebetsing, sekolong, kapa u fane ka bopaki bo sa reroang, empa u sa tsebe, ebe ena e ba eona tsela eo batho ba bang ba utloang litaba tse molemo ka eona. Feela joalokaha Pauluse a ne a sa tsebe sohle se finyeletsoeng ke ho fana ha hae ka bopaki “seterekeng sa Asia,” ho ka ’na ha etsahala hore le uena u se ke ua tseba liphello tsohle tse molemo tse hlahisitsoeng ke ho fana ha hao ka bopaki ka ho phethahetseng. (Bala Liketso 23:11; 28:23.) Empa ke habohlokoa hakaakang hore u ’ne u etse joalo!
17. U ikemiselitse ho etsa’ng ka 2009?
17 Ka 2009, e se eka kaofela re ka nka ka botebo taelo eo re e filoeng ea hore re pake ka ntlo le ntlo le ka litsela tse ling. Ka tsela eo, re tla bua joalokaha Pauluse a ile a bua a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”
U ka Araba Joang?
• Moapostola Petrose le moapostola Pauluse hammoho le ba bang lekholong la pele la lilemo ba ile ba fana ka bopaki ka ho phethahetseng joang?
• Ke hobane’ng ha liphello tsa ho fana ha rōna ka bopaki li ka ’na tsa e-ba khōlō ho feta kamoo re tsebang kateng?
• Temana ea selemo ea 2009 ke efe, hona ke hobane’ng ha u nahana hore e loketse?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Temana ea selemo ea 2009 e tla ba ena: “Pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.”—Lik. 20:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Baholo ba Efese ba ne ba tseba hore Pauluse o ne a tloaetse ho fana ka bopaki ka ntlo le ntlo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Liphello tsa ho fana ha hao ka bopaki ka ho phethahetseng li tla ba khōlō hakae?