Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Ngola Tlaleho ea Batho ba Thahasellang
“Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.” (1 Tim. 4:16) Keletso ena e bululetsoeng eo Pauluse a ileng a e fa Timothea e bontša hore re lokela ho leka ka matla ho ba baboleli ba hatelang pele, ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa ke khale re etsa mosebetsi ona. E le ho re thusa hore re etse seo, Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ho tla ba le sehlooho se secha se reng “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna ea Boboleli.” Sehlooho ka seng se tla re fa tsebo ea bohlokoa se be se re fe litlhahiso tsa kamoo re ka e ntlafatsang kateng. Har’a khoeli, bohle ba khothalletsoa ho ikitlaelletsa ho ba le tsebo eo. Ha khoeli e fela, Sebokeng sa Tšebeletso ho tla ba le puo e tla re fa monyetla oa ho bolela hore na re ruile molemo joang ka ho tsepamisa kelello tsebong eo. Khoeling ena re khothalletsoa hore re leke ho ntlafatsa tsela eo ka eona re ngolang tlaleho ea batho ba thahasellang.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: E le hore re phethe mosebetsi oa rōna, ha rea lokela ho bolela ka ntlo le ntlo feela. Re lokela ho khutlela ho ba thahasellang ’me re ba rute, re nosetse peō ea ’nete eo re e jetseng. (Mat. 28:19, 20; 1 Bakor. 3:6-9) E le hore re etse sena, re lokela ho khutlela ho bona ’me re buisane le bona ka lintho tseo ba amehileng ka tsona re be re ntšetse pele moqoqo mabapi le seo re buileng ka sona nakong e fetileng. Ka lebaka leo, ha re fumana motho ea thahasellang, ho hlokahala hore re tlalehe seo re buileng le eena ka sona.
Leka ho Etsa Sena Har’a Khoeli:
Ha u etsa tlaleho, bolella motho eo u tsamaeang le eena seo u se ngolang.