◼ Linako Tsa Lenaneo: ’Mino oa selelekela o tla qala ka 9:00 hoseng matsatsing ’ohle a mararo. Ka nako eo, kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Ka Labohlano le Moqebelo lenaneo le tla fela hoo e ka bang ka 4:25 thapama ’me ka Sontaha le fele hoo e ka bang ka 3:20 thapama.
◼ Likopano Tsa Machaba: Libakeng tse ling ho tla tšoaroa likopano tsa machaba. Hlokomela hore ho na le liphutheho le Lipaki tse tsoang linaheng tse ling tseo ka ho khetheha li memetsoeng ho ea likopanong tsena. Ha ofisi ea lekala e etsa litokisetso tsena, e ile ea nahana ka hloko hore na ho mengoe batho ba bakae, ho nahanetsoe hore na sebaka seo se na le litulo tse kae, ho ka pakoa likoloi tse kae ho sona le hore na lihotele tse fumanehang li ka nka batho ba bakae. Ho ka ’na ha tlala haholo haeba bahoeletsi ba ea kopanong ea machaba eo ba sa mengoang ho eona. Haeba maemo a u tlama hore u ee kopanong e ’ngoe ho fapana le eo u abetsoeng ho ea ho eona, u se ke ua khetha ho ea kopanong ea machaba.
◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle tseo ho tsona re lumeletsoeng ho sebelisa libaka tsa ho paka, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Kaha hangata libaka tsa ho paka likoloi lia haella, batho ba lokela ho leka kahohle hore ba tsamaee e le sehlopha ka koloi.
◼ Marobalo: Bahoeletsi bao ho hlokahalang hore ba tlatse kōpo ea marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore Bakeng sa Litlhoko Tse Khethehileng (CO-5a). Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha kapa che, ka hore e latele tataiso e foromong eo hammoho le e lengolong la la 27 October, 2013, le neng le ngoletsoe lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etselitsoe feela bahoeletsi ba boemong bo botle ka phuthehong, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.
◼ Ho Behela Batho ba Bang Litulo: Ha sebaka sa kopano se buloa hoseng, re kōpa hore le se ke la mathela litulo tseo le li ratang joalokaha eka le tlhōlisanong. Moea oa boitelo o re susumelletsang ho etsa batho ba bang hantle o bontša hore re Bakreste ba ’nete ’me o etsa hore batho ba re shebileng ba rorise Molimo. (Joh. 13:34, 35; 1 Bakor. 13:4, 5; 1 Pet. 2:12) U ka behela feela batho bao u tsamaeang le bona litulo kapa bao u lulang le bona lapeng, esita le bao hona joale u ba khannelang thuto ea Bibele. Batho ba hōlileng le ba kulang ba lokiselitsoe litulo tse khethehileng. Kaha ho lokiselitsoe litulo tse ’maloa, motho a le mong kapa ba babeli ba thusang motho ea hōlileng kapa ea kulang ke bona ba ka lulang le eena.
◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka fellang ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.
◼ Menehelo: Re ka bontša hore re ananela litokisetso tsa kopano ka ho fana ka menehelo ka pelo eohle ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Licheke tsohle li lokela ho lefshoa “Christian Congregation of Jehovah’s Witnesses of South Africa.” Likopanong tse ’maloa ho tla amoheloa menehelo e ntšoang ka debit card kapa credit card.
◼ Meriana: Haeba u hloka meriana e fanoang ke ngaka, re kōpa hore u tiise hore u tla le e lekaneng, kaha e ke ke ea fumaneha kopanong. Liserinje le linale tsa boloetse ba tsoekere li lokela ho lahloa ka tsela e loketseng joaloka litšila tse kotsi; li se ke tsa lahleloa kamoo ho lahleloang lithōle libakeng tsa kopano kapa lihoteleng.
◼ E-ba Hlokolosi ka Tšireletseho: Re kōpa hore u ele hloko ho thibela likotsi tse ka bakoang ke ho thella kapa ho khoptjoa. Selemo le selemo batho ba bangata ba tsoa kotsi ka lebaka la lieta, haholo-holo tse phahameng. Ho molemo hore motho a roale lieta tse loketseng maemo, tse mo lekanang hantle tse tla mo lumella hore a tsamaee habonolo litepising, litšepeng kapa moo ho theosetsang.
◼ Li-pram Tsa Bana: Li-pram ha lia lokela ho kena sebakeng seo kopano e tšoaretsoeng ho sona. Leha ho le joalo, le ka tlela bana litulo tseo ba lulang ho tsona ka koloing tse ka behoang ka mokhoa o sireletsehileng setulong se haufi le batsoali.
◼ Lintho Tse Nkhisang Hamonate: Likopano tse ngata li tšoareloa liholong tse nang le moea o fehloang ka mechine. Ka lebaka leo, re tla be re nahanela ba bang ha re sa inyanyatse haholo ka lintho tse nkhisang hamonate tse bohale tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong bo amanang le bona.—1 Bakor. 10:24.
◼ Liforomo Tsa Ka Kōpo Latela (S-43): Haeba re bile le monyetla oa ho pakela motho ea thahasellang ka tsela e sa reroang, re lokela ho tlatsa foromo ea Ka Kōpo Latela. U ka isa foromo eo Lefapheng la Libuka kapa ua e fa mongoli oa phutheho ea heno ka mor’a kopano.
◼ Lireschorente: A re tlotliseng lebitso la Jehova ka boitšoaro ba rōna bo botle ha re le lireschorenteng. Re apareng ka tsela e tšoanelang Bakreste. Haeba ke ntho e tloaelehileng, a re faneng ka tip e lekaneng, e leng chelete ea ho leboha.
◼ Baithaopi: Mang kapa mang ea lakatsang ho ithaopa a ka itlhahisa Lefapheng la Boithaopo kopanong. Bana ba lilemo li ka tlaase ho 16 ba ka sebetsa ha ba hlokometsoe ke motsoali kapa mohlokomeli oa bona kapa motho e mong e moholo ea lumeletsoeng ke motsoali kapa mohlokomeli.