Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Paka ka Intercom
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa?: Ho paka ka intercom ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo. Re ka etsa’ng hore ho se ka ha fokotsa cheseho ea rōna ea ho etsa mesebetsi e metle? Hopola hore e ka ’na eaba tsela feela eo batho ba bang ba ka fumanang litaba tse molemo ka eona ke ka hore re ba pakele ka intercom. (Bar. 10:14) Liphihlelo tse ling li ’nile tsa bontša hore ho paka ka tsela ena ho ka ba le liphello tse ntle. (Sheba Buka ea Selemo ea 2011, maq. 65-66, le Buka ea Selemo ea 2000, leq. 54, ser. 3.) Hlokomela litlhahiso tsena tse latelang.
Leka Sena Khoeling Ena:
Etsang lipontšo tsa sena nakong ea borapeli ba lelapa ’me ba li etsang ba buisane ba furallane.