Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/15 leq. 2
  • Kamoo re ka Pakang ka Toroli ea Lingoliloeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Pakang ka Toroli ea Lingoliloeng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qala Moqoqo ka Sepheo sa ho Paka ka Tsela e sa Reroang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Bopaki ba Seterateng bo Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 4/15 leq. 2

Kamoo re ka Pakang ka Toroli ea Lingoliloeng

Ho bonahala ho paka ka litafole kapa litoroli tsa lingoliloeng ho le molemo haholo bakeng sa ho hulela batho ba tšepahalang ’neteng. (Joh. 6:44) Kahoo, baholo ba khothalelitsoe ho hlophisa bopaki ba phatlalatsa libakeng tseo batho ba phetheselang ho tsona tšimong ea phutheho. Kaha hase tlamo hore litoroli li emisoe sebakeng se le seng, hangata ha ho hlokahale hore re kōpe tumello ho ba boholong. Ke bo-mang ba ka pakang ka tsona? Ke bahoeletsi ba nang le temoho, ba buang ka seriti le ba nang le bokhoni ba ho qoqa. Lintho tse latelang ke tseo re ka li etsang le tseo re sa lokelang ho li etsa e le hore re atlehe.

Seo re ka se Etsang:

  • Re ka ba botsoalle ’me ra thusa batho ba fetang ka tsela. Bahoeletsi ba bang ba lumelisa ba ntse ba bososela. Ha motho a sheba toroli, re ka ’na ra re, “Haeba ho na le sengoliloeng se u khahlang, u ka se nka.”

  • Etsa qeto ea hore na u tla emella hōle hakae le toroli. Libakeng tse ling bahoeletsi ba bone ho le molemo hore ba eme haufi le toroli. Ba bang ba re sena se etsa hore batho ba fetang ka tsela ba be leqe ho ema, ka lebaka lena ba emella hojana ho fihlela motho ea fetang ka tsela a ema pel’a toroli. Hang ha motho a atamela toroli, leka ho qoqa le eena, mohlomong u ka re ho eena, “Na u kile ua ipotsa potso eo?”

  • Sebelisa Bibele hangata kamoo ho khonehang.

  • Haeba motho a nka sengoliloeng seo ho ithutoang Bibele ka sona, se kang buka ea Seo Bibele e se Rutang, u ka mo hlalosetsa ka tokisetso ea thuto ea Bibele. Ithaopele ho mo bontša video ea sehlooho se reng, Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?

  • Ha ho khoneha kōpa nomoro ea ntlo kapa ea fono ho motho ea thahasellang.

Seo re sa Lokelang ho se Etsa:

  • Ha rea lokela ho halefela batho, ho ba qobella, kapa ho ema haufi le toroli joalokaha eka re bo-matjekelane.

  • Ha rea lokela ho nahana hore mosebetsi ona ke oa ho fana ka lingoliloeng feela. Ha re le tšebeletsong, sepheo sa rōna ke ho qalisa lithuto tsa Bibele, ka hona re lokela ho qoqa le batho.

  • Ha rea lokela ho sira litoroli kapa ho bua haholo le motho eo re sebetsang le eena. Re lokela ho emella hōle le toroli haeba re bua ka selefouno.

  • Ha rea lokela ho ngangisana le batho ba re hanyetsang. Haeba ba re hlekefetsa ka mantsoe, ho ka ba molemo hore re ee sebakeng se seng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela