Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Molula-Qhooa July 1
“Na u nahana hore mantsoe a Jesu a ho sebetsana le mathata a bophelo aa utloahala, haholo-holo bophelong boo bo sa tsitsang? [Bala Matheu 6:25, ’me u emele karabo.] Molula-Qhooa ona o na le melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho fokotsa ho tšoenyeha ka chelete, mathata a lelapa kapa likotsi tse ka ’nang tsa re hlahela.”
Tsoha! July
“Batho ba bangata kajeno ba nyahamisitsoe ke mathata a bophelo. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Bibele e bontša hore tsela eo re itšoarang ka eona ha re e-na le mathata ke ea bohlokoa. [Bala Liproverbia 24:10.] Makasine ona o fana ka litlhahiso tse ka re thusang ho sebetsana le maemo a boima ’me o fana ka mehlala ea batho ba sebelisang litlhahiso tseo.”