Etsisa Tumelo ea Bona
1. Re tl’o ithuta buka efe bekeng e qalang ka la 19 October Thutong ea Bibele ea Phutheho?
1 Bekeng e qalang ka la 19 October, 2015, re tla ithuta buka ea Etsisa Tumelo ea Bona Thutong ea Bibele ea Phutheho. Buka ena e bua ka banna le basali ba 14 ba nang le tumelo ba hlahang ka Bibeleng. E ngotsoe ka tsela e re thusang hore re utloisise hantle mathata ao batho bao ba ileng ba ba le ’ona ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. E boetse e re thusa ho bona hore na re ka ithuta eng mohlaleng oa batho bao.—Baheb. 6:12.
2. Hlalosa likarolo tseo buka ea Etsisa Tumelo ea Bona e nang le tsona.
2 Likarolo Tse Bukeng Ena: Buka ena e na le tatellano ea liketsahalo le limmapa tse re thusang ho bona hore na batho bao re ithutang ka bona ba phetse neng le hore na ba ne ba lula hokae. Ho feta moo, khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e na le karolo e reng “Seo U ka Nahanang ka Sona . . . ,” e tla re thusa hore re nahane ka mohlala oa batho bao ’me re sebelise seo re ithutileng sona. E boetse ena le litšoantšo tse hlakileng tse mebala-bala tse re thusang hore re utloisise hantle se neng se etsahala.
3. Re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ha re ntse re ithuta buka ee?
3 U ka Rua Molemo Joang?: Lengolo le tsoang ho Sehlopha se Busang le re: “Nahana ka se etsahalang; ipone u le moo. Ikutloe kamoo batho bao u balang ka bona ba neng ba ikutloa kateng, bona seo ba neng ba se bona. Bapisa seo ba ileng ba se etsa ha ba tobane le boemo bo itseng le seo uena u neng u tla se etsa.” Seo ha se bolele hore re lokela ho inahanela lintho tse sieo, empa re lokela ho nahana ka seo Bibele e se buang ka batho bao ’me re ipehe boemong ba bona. Ho etsa seo ho hloka hore re iphe nako ea ho thuisa. (Neh. 8:8) Haeba bekeng e itseng thuto e qala bohareng ba khaolo, mokhanni oa thuto o tla tšohla boitsebiso ba bekeng e fetileng ka nako e ka tlaase ho motsotso. Ho ka botsoa potso e le ’ngoe kapa tse peli tsa tlhahlobo qetellong ea thuto haeba e sa felle ka karolo e reng “Seo U ka Nahanang ka Sona . . . ”
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta buka ea Etsisa Tumelo ea Bona?
4 Re phela le batho bao letsatsi le letsatsi ba batlang ho fokolisa tumelo ea rōna. Buka ena hammoho le lihlooho tse ling tse hlahang Molula-Qhoeeng tseo buka ena e thehiloeng ho tsona, ke mpho e tsoang ho Jehova e re thusang ho matlafatsa tumelo ea rōna. (Jak. 1:17) E se eka re ka ba teng kamehla Thutong ea Bibele ea Phutheho ’me ra arabela e le hore re rue molemo ka botlalo bukeng ena!