SEHLOOHO SE ITHUTOANG 8
Phehella Khotso ka Hore U se ke oa ba Mona
“A re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.”—BAR. 14:19.
PINA EA 113 Re na le Khotso
SELELEKELAa
1. Ho ba mona ho ile ha ama lelapa labo Josefa joang?
JAKOBO o ne a rata bara ba hae kaofela empa ka ho khetheha o ne a rata mora oa hae ea lilemo li 17 e leng Josefa. Taba ee e ile ea tšoara bo-abuti oa Josefa joang? Ba ile ba mo monela eaba ba qala ho mo hloea. Josefa o ne a sa etsa letho le neng le ka etsa hore bo-abuti oa hae ba mo hloee. Ho ntse ho le joalo, ba ile ba rekisa Josefa hore e il’o ba lekhoba eaba ba thetsa ntate oa bona ka hore phoofolo e hlaha e bolaile mora eo oa hae ea mo ratang. Kaha ba ne ba le mona, ba ile ba etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso lelapeng labo bona ’me ba utloisa le ntate oa bona bohloko haholo.—Gen. 37:3, 4, 27-34.
2. Bagalata 5:19-21 e re ke hobane’ng ha ho ba mona ho le kotsi?
2 Ka Mangolong, monab o hlaha tlas’a “mesebetsi ea nama” e ka etsang hore motho a se ke a rua ’Muso oa Molimo. (Bala Bagalata 5:19-21.) Lintho tse kang lehloeo, ho qabana le ho tlakoloha ka bohale, li tsoaloa ke mona.
3. Re tl’o ithutang sehloohong see?
3 Mohlala oa baholoane ba Josefa oa bontša hore ho ba mona ho ka senya maqhama a batho a setsoalle, ho be ho senye khotso e neng e le teng. Le hoja re ke ke ra etsa ntho eo baholoane ba Josefa ba ileng ba e etsa, kaofela ha rona ha rea phethahala ebile re na le lipelo tse bolotsana. (Jer. 17:9) Ke kahoo ka linako tse ling re ka ’nang ra monela batho ba bang. A re ke re hlahlobeng mehlala e meng e ka Bibeleng e ka re thusang ho hlokomela mabaka ao ka ’ona mona o ka melang ka metso ka lipelong tsa rona. Ka mor’a moo, re tla hlahloba hore na re ka etsa’ng ho loantša ho ba mona ’me re phehelle ho ba le khotso.
KE’NG E KA ETSA’NG HORE MOTHO A BE MONA?
4. Ke hobane’ng ha Bafilista ba ile ba shoela Isaka mona?
4 Ha motho e mong a ruile. Kaha Isaka o ne a hafa ka nkatana, Bafilista ba ne ba mo shoela mona. (Gen. 26:12-14) Ba ile ba kiba liliba tseo Isaka a neng a noesa mehlape ea hae ho tsona. (Gen. 26:15, 16, 27) Joaloka Bafilista bao, batho ba bang mehleng ena ba monela batho ba ruileng ho ba feta. Ba khalla ho ba le lintho tseo batho ba bang ba nang le tsona hape ba batla ho ba nkela tsona.
5. Ke hobane’ng ha baeta-pele ba mehleng ea Jesu ba ne ba mo shoela mona?
5 Ha motho e mong a ratoa ke batho ba bangata. Baeta-pele ba Bajuda ba ne ba monela Jesu hobane batho ba bangata ba ne ba mo rata haholo. (Mat. 7:28, 29) Jesu e ne e le moemeli oa Molimo ’me o ne a ruta batho ’nete. Ho ntse ho le joalo, baeta-pele bao ba ile ba hasa mashano ka eena ba ba ba mo senya lebitso. (Mar. 15:10; Joh. 11:47, 48; 12:12, 13, 19) Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Re lokela ho loana ka thata hore re se ke ra monela Bakreste-’moho le rona ba ratoang hobane ba e-na le makhabane. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ho ba etsisa.—1 Bakor. 11:1; 3 Joh. 11.
6. Diotrefe o ile a bontša joang hore o mona?
6 Ha motho e mong a na le boikarabelo ka phuthehong. Mehleng ea baapostola, Diotrefe o ne a monela batho ba neng ba etella pele ka phuthehong. O ne a batla ho hlahella har’a Bakreste-’moho le eena, kahoo o ile a bua lintho tse mpe ka moapostola Johanne le ka banna ba bang ba etellang pele ka phuthehong le ho etsa hore ba se ke ba hlomphuoa. (3 Joh. 9, 10) Le hoja re ke ke ra etsa ntho eo Diotrefe a ileng a e etsa, le rona re ka monela Mokreste-’moho le rona ea fuoeng boikarabelo bo itseng boo re neng re nahanne hore re ka bo fuoa, haholo-holo haeba re ka khona ho bo phetha ebile re nahana hore re ka bo etsa hantle ho mo feta.
Lipelo tsa rona li tšoana le mobu ’me makhabane a rona a tšoana le lipalesa tse ntle. Empa mona o ka tšoana le lehola. Mona o ka bipetsa makhabane ao re nang le ’ona a kang, lerato, kutloelo-bohloko le mosa (Sheba serapa sa 7)
7. Ho ba mona ho ka re ama joang?
7 Mona o tšoana le lehola. Hang feela ha mona o mela ka metso lipelong tsa rona, ho ka ba thata hore re o hlaole. Lintho tse sa nepahalang joaloka mohono, boikhohomoso le ho ipatla, li ka etsa hore re monele batho ba bang le ho feta. Mona o ka bipetsa makhabane a kang lerato, kutloelo-bohloko le mosa. Hang feela ha re bona hore re se re qala ho ba mona, re lokela hore re o ntše ka metso lipelong tsa rona. Re ka etsa’ng hore re se ke ra ba mona?
IKOKOBETSE HAPE U BE MOTHO EA KHOTSOFALANG
Re ka loantša mona joang? Ka thuso ea moea o halalelang re ka khona ho ntša mona ka metso ebe rea ikokobetsa le ho khotsofala (Sheba serapa sa 8 le 9)
8. Ke makhabane afe a ka re thusang ho hlola mona?
8 Re ka hlola mona ka hore re ikokobetse hape re khotsofale. Ha re e-na le makhabane ana, re ke ke ra ba mona. Boikokobetso bo tla re thusa hore re se ke ra inahana borona feela. Motho ea ikokobelitseng ha a nahane hore ke eena feela ea lokelang ho ba le lintho. (Bagal. 6:3, 4) Motho ea khotsofalang o ananela le ho khotsofalla lintho tseo a nang le tsona ’me ha a ipapise le batho ba bang. (1 Tim. 6:7, 8) Motho ea ikokobelitseng le ea khotsofalang oa thaba ha batho ba bang ba fuoa lintho.
9. Ho ea ka Bagalata 5:16 le Bafilipi 2:3, 4, moea o halalelang o ka re thusa ho etsa’ng?
9 Re hloka moea o halalelang ho re thusa ho ikokobetsa le ho khotsofala le ho loantša ho ba mona. (Bala Bagalata 5:16; Bafilipi 2:3, 4.) Moea o halalelang o ka re thusa hore re itlhahlobe ka ho teba re be re hlahlobe le mabaka ao re etsang lintho ka ’ona. Moea o halalelang o ka re thusa ho tlosa menahano le maikutlo a fosahetseng ebe re ba le a nepahetseng. (Pes. 26:2; 51:10) Ak’u nahane ka mohlala oa Moshe le oa Pauluse e leng banna ba ileng ba hlola bothata ba ho ba mona.
Moiseraele e mong o mathela ho Moshe le Joshua ho ea ba bolella ka banna ba babeli ba itšoareng joaloka baprofeta litenteng. Joshua o re Moshe a thibe banna bao empa Moshe ha a lumellane le eena. Ho e-na le hoo, o bolella Joshua hore o thabile ha Jehova a file banna bao moea o halalelang. (Sheba serapa sa 10)
10. Ke boemo bofe bo neng bo ka ’na ba leka Moshe? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)
10 Moshe o ne a e-na le boikarabelo bo bongata haholo holim’a batho ba Molimo empa ha a ka a ba mona ha batho ba bang ho fumana boikarabelo bo tšoanang le boo a neng a e-na le bona. Ka mohlala, boemong bo bong, Jehova o ile a nka a mang a matla a moea o halalelang oo a neng a a file Moshe eaba oa fa sehlopha sa baholo ba Iseraele ba neng ba le teng tenteng ea pokano. Nakoana ka mor’a moo, Moshe o ile a utloela hore baholo ba bang ba babeli ba neng ba sa ea tenteng ea pokano le bona ba ile ba fuoa moea oa halalelang ’me ba qala ho itšoara joaloka baprofeta. Moshe o ile a etsa’ng ha Joshua a re a khalemele banna bao ba babeli? Moshe ha a ka a monela banna bao hore ebe Jehova o ba file moea o halalelang. Ho e-na le hoo, o ile a ikokobetsa a ba a thabela hore banna bao ba ne ba profeta. (Num. 11:24-29) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Moshe?
Baholo ba ka ikokobetsa joang joaloka Moshe? (Sheba serapa sa 11 le 12)c
11. Baholo ba ka etsisa Moshe joang?
11 Haeba u moholo, na u kile oa kopuoa hore u koetlise mor’abo rona e mong hore a etse mosebetsi oo u o ratang? Mohlala, e ka ’na eaba u rata ho khanna thuto ea Molula-Qhooa beke le beke. Haeba u ikokobelitse joaloka Moshe, u ke ke oa tšoha ha ho thoe u koetlise mor’abo rona e mong e le hore nakong e tlang a ka khona ho etsa mosebetsi oo hantle. Ho e-na le hoo, u tla thusa mor’abo rona eo ka pelo e tšoeu.
12. Bakreste ba bangata mehleng ee ba bontša boikokobetso le ho khotsofala joang?
12 Ak’u nahane ka maemo a mang ao Bakreste-’moho le rona ba holileng ba tobanang le ’ona. Ka lilemo tse ngata ba ile ba sebeletsa e le bahokahanyi ba lihlopha tsa baholo. Empa ha ba le lilemo li 80, ba ile ba lahlela marapo ho barab’abo rona ba bang. Ka boikokobetso, balebeli ba potoloho ha ba le lilemo li 70 ba khaotsa ho potoloha ebe ba thabela ho fuoa mosebetsi o mong. Athe morao tjena, Bakreste-’moho le rona ba bangata ba neng ba le Bethele ba ile ba koptjoa hore ba ee tšimong. Bara le barali bana babo rona ba tšepahalang ha ba monele bao e leng hore ba se ba etsa mesebetsi eo ba neng ba e etsa.
13. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka lekeha hore a monele baapostola ba 12?
13 Moapostola Pauluse o ile a loanela hore a lule a ikokobelitse le hore a khotsofale. Ha a ka a itumella hore a be mona. O ile a sebetsa ka thata mosebetsing oa boboleli empa ka boikokobetso o ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola.” (1 Bakor. 15:9, 10) Baapostola ba 12 ba Jesu ba ile ba mo latela nako eohle ha a ne a le lefatšeng empa Pauluse ha e-ea ka ea e-ba Mokreste ho fihlela ha Jesu a e-shoa le ka mor’a hore a tsosoe. Le hoja Pauluse a ile a khethoa hore ebe “moapostola ho lichaba,” ha a ka a fumana tlotla ea ho ba e mong oa baapostola ba 12. (Bar. 11:13; Lik. 1:21-26) Ho e-na le hore a monele banna bao ba 12 ka hore e ne e le metsoalle ea Jesu, o ile a lula a khotsofalletse seo a neng a e-na le sona.
14. Re tla etsa’ng haeba re le batho ba ikokobelitseng le ba khotsofalang?
14 Haeba re le batho ba ikokobelitseng le ba khotsofalang, re tla tšoana le Pauluse ’me re hlomphe batho bao Jehova a ba fileng boikarabelo. (Lik. 21:20-26) O khethile baholo hore ba etelle phutheho ea hae pele. Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona, Jehova o ba nka e le “limpho tseo e leng banna.” (Baef. 4:8, 11) Ha re hlompha banna bana ba khethiloeng ’me ka boikokobetso re latela tataiso ea bona, re lula re e-na le kamano e ntle le Jehova hape re thabela ho ba le khotso le Bakreste-’moho le rona.
‘PHEHELLANG LINTHO TSE TLISANG KHOTSO’
15. Re lokela ho etsa’ng?
15 Re ke ke ra ba le khotso le batho ba bang haeba re itumella ho ba mona. Re lokela ho ntša mona ka ho felletseng lipelong tsa rona re be re qobe ho etsa hore batho ba bang ba be mona. Re lokela ho etsa lintho tsena tsa bohlokoa e le hore re mamele taelo ea Jehova ea hore re ‘phehelle lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.’ (Bar. 14:19) Ke eng ka ho khetheha eo re ka e etsang ho thusa batho hore ba se ke ba e-ba mona, hona re ka etsa’ng hore ho be le khotso?
16. Re ka thusa batho ba bang hore ba se ke ba e-ba mona joang?
16 Tsela eo re itšoarang ka eona le eo re etsang lintho ka eona e ka susumetsa batho ba bang haholo. Lefatše lena le batla hore re etse “pontšo ea mponeng” ka lintho tseo re nang le tsona. (1 Joh. 2:16) Empa boikutlo boo bo ka etsa hore re be mona. Re ka qoba ho etsa hore batho ba bang ba se ke ba e-ba mona ka hore re se ke ra bua hangata ka lintho tseo re nang le tsona kapa tseo re batlang ho li reka. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka qobang ho etsa hore batho ba se ke ba e-ba mona ka eona ke ka hore ha re e-na le boikarabelo ka phuthehong re ikokobetse. Haeba re lula re bua ka boikarabelo boo re nang le bona ka phuthehong, re tla etsa hore batho ba bang ba be mona. Ka lehlakoreng le leng, haeba re bontša batho ba bang hore re ba tsotella e le kannete hape re ba babatsa ha ba entse lintho tse ntle, re ba thusa hore ba khotsofale le hore ba phehelle khotso le bonngoe ka phuthehong.
17. Baholoane ba Josefa ba ile ba etsa’ng hona hobane’ng?
17 Re ka khona ho hlola bothata ba ho ba mona. Ak’u nahane hape ka mohlala oa baholoane ba Josefa. Lilemo ka mor’a hore ba hlokele Josefa toka, ba ile ba kopana le eena Egepeta. Pele Josefa a ka itsebahatsa ho baholoane ba hae, o ile a ba leka pele e le ho bona hore na ba fetohile. O ile a ba lokisetsa lijo eaba o tsotella ngoan’abo Benjamine ho ba feta kaofela. (Gen. 43:33, 34) Empa baholoane ba hae ha baa ka ba shoela Benjamine mona. Ho e-na le hoo, ba ile ba bontša hore ba tsotella ngoana eo oa bo bona le ntate oa bona Jakobo. (Gen. 44:30-34) Kaha baholoane ba Josefa ba ne ba se ba tlohetse ho ba mona, ba ile ba khona ho etsa ho re lelapa labo bona le be le khotso hape. (Gen. 45:4, 15) Ka tsela e tšoanang haeba re qoba ho ba mona, re tla etsa hore malapa a rona le phutheho li be le khotso.
18. Jakobo 3:17, 18 e re ho tla etsahala’ng haeba re thusetsa hore ho be le khotso?
18 Jehova o batla hore re qobe ho ba mona empa re phehelle khotso. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re atlehe ho etsa lintho tseo. Joalokaha sehlooho sena se bontšitse, re na le bofokoli ba ho ba mona. (Jak. 4:5) Hape re phela har’a batho ba ka etsang hore re be mona. Empa haeba re loanela ho ikokobetsa, ho khotsofala le ho ananela, re ke ke ra ba mona. Ho e-na le hoo, re tla etsa hore ho be le khotso e tla re thusa hore re be le makhabane.—Bala Jakobo 3:17, 18.
PINA EA 130 Tšoarelanang
a Mokhatlo oa Jehova o na le khotso. Empa haeba re monela batho ba bang, re ka etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na ke’ng e ka etsang hore re be mona. Re tla boela re hlahlobe hore na re ka loantša ho ba mona joang ’me re phehelle khotso.
b TLHALOSO: Ka Bibeleng, lentsoe mona le sebelisitsoe e le mohono ’me motho ea mona ke ea batlang lintho tseo e seng tsa hae kapa ea nkelang batho ba bang lintho tsa bona ka mahahapa.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Nakong eo baholo ba tšoereng seboka, mor’abo rona ea holileng ea khannang Molula-Qhooa o kopuoa hore a koetlise mor’abo rona ea mocha hore a tle a phethe mosebetsi oo. Le hoja mor’abo rona a rata ho khanna thuto ea Molula-Qhooa, o tšehetsa qeto eo baholo ba e entseng ka hore a thuse mor’abo rona ea mocha le ho mo babatsa.