Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
SELEMONG se fetileng sa tšebeletso mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lefatšeng o ’nile oa matlafala. Tlhohonolofatso ea Molimo e bonahala ka ho hlaka hobane linaheng tse 235, Lipaki tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng li bontša botšepehi ba tsona ho eena le tumelo ea tsona tšepisong ea hae ea ho tlisa lefatše le lecha la ho loka. Batho bana ba limilione hase feela batho ba ipolelang hore ke bahlanka ba Molimo, empa ke batho bao ka mafolofolo ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo joalokaha Jesu a boletse sena esale pele ’me seo sa tlalehoa ho Matheu 24:14. Tumellanong le temana ea selemo ea 2001, ba tsoela pele ho ‘ema ba feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’—Bakol. 4:12.
Ho bile le liketsahalo tse ngata tse thabisang har’a batho ba Molimo selemong seo. A re ke re hlahlobeng lintlha tse ’maloa tsa sehlooho.
Likopano Tsa ho Rupela Mesuoe ea Lentsoe la Molimo
E ’ngoe ea lintho tse hopolehang selemong seo ke Kopano ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo,” e ileng ea tšoareloa libakeng tse makholo ho pholletsa le lefatše ho tloha bohareng ba 2001 ho fihlela mathoasong a 2002. Ba limilione ba bile teng. Sebui se ile sa hlalosa sehlooho sa kopano letsatsing la pele la kopano ena ea matsatsi a mararo. Se ile sa re: “Jesu o ne a sa thahaselle ho fana ka senotlolo sa tsebo ho sehlopha se khethehileng sa litsebi tsa Mangolo. O ile a bolella barutuoa ba hae: ‘Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bue leseling; ’me seo le se utloang se hoeshetsoa, le se bolele le le holim’a matlo.’ Jesu o ne a labalabela ho arolelana tsebo ea Molimo le batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng. Ho eena, tsebo ea Mangolo e ne e lokela ho arolelanoa le ba bang, e se ke ea patoa.”
Lenaneo la kopano le ne le akarelletsa lipuo tse neng li tšohla se boleloang ke boprofeta ba Bibele le kamoo Bakreste ba lokelang ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo kateng bophelong ba bona. Ka Sontaha ho ile ha e-ba le tšoantšiso ea moaparo oa boholo-holo e nang le sehlooho se reng, Hlompha Bolaoli ba Jehova. Tšoantšiso ena e ile ea lebisa tlhokomelo tlalehong ea Bibele ea borabele ba Kora lefeelleng ha bo bapisoa le tsela ea botšepehi ea bara ba hae.
Ho ile ha lokolloa lingoliloeng tse peli kopanong ena. Sengoliloeng sa pele e ne e le buka ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho, Moqolo oa Bobeli. Sengoliloeng sa bobeli e ne e le bukana e nang le sehlooho se reng, A Satisfying Life—How to Attain It. Ho phaella moo, ho bile le pampitšana e ncha e reng—Na U na le Moea o sa Shoeng?
Ka khoeli ea August, ho ile ha tšoaroa likopano tse khethehileng Fora le Italy. Fora, likopano tsena tse khethehileng li ile tsa tšoaroa Paris, Lyons le Bordeaux, ’me kakaretso ea ba bileng teng e bile 160 045. Likopano tsena li ile tsa khothatsa barab’abo rōna haholo Fora, ba ’nileng ba hlaseloa haholo ka leeme ke mecha ea litaba. Mora e mong oabo rōna o ile a re: “Ka linako tse ling re ikutloa eka re bang ntoeng ea rōna, empa hona joale ka mor’a ho eteloa ke barab’abo rōna ba Bakreste ba likete, re matlafalitsoe hore re tsoele pele.”
Italy, ho ile ha tšoaroa likopano tse khethehileng Roma, Milan, Turin le Bari. Metse e meng e mehlano ea kopano e ne e hokeletsoe ka thelefono bakeng sa likarolo tsa lenaneo. Kakaretso ea ba bileng teng likopanong tsena tse robong e bile 289 133. Kopanong ka ’ngoe ho tsena tse neng li le Fora le Italy, bamameli ba ile ba tsebisoa ka qeto e matla. Batho ba tlileng kopanong, ba neng ba tsoa linaheng tse ngata, ba ile ba araba ka e! e utloahalang. Phatlalatso ena e ile ea lateloa ke ho opa liatla ka nako e telele.
Bopaki ba Lefatše Lohle ka Kingdom News No. 36
Ka khoeli ea October le ea November 2000, lefatšeng ka bophara ho ile ha abuoa hoo e ka bang limilione tse 500 tsa Kingdom News No. 36 ka lipuo tse 189. Molaetsa oa Mangolo oa Puso ea Kreste Jesu ea Lilemo tse Sekete hammoho le litšoantšo tse mebala-bala li ile tsa etsa hore Kingdom News e ratoe ke batho ba bangata. Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, mohlomong u ile ua kopanela kabong eo. Ho latela tse ling tsa litlaleho tsa phutuho ena likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše.
Ho sa tsotellehe mohatsela o fihlang ka tlaase ho ntlha ea khoamo Alaska, Lipaki tsa sebakeng sena ha lia ka tsa nyahama. Molebeli ea okamelang Phuthehong ea North Pole o ile a re: “Le hoja e le mariha, beng ba bang ba matlo ba ne ba ema ka majareteng a bona ebe ba bala Kingdom News No. 36. Molaetsa o bonolo o bontšang phapang pakeng tsa litsela tsa kajeno le litlhohonolofatso tse tla tlela moloko oa batho oa ipiletsa.”
Liphutheho tse 15 metseng e ’maloa e meholo Albania li ile tsa memeloa hore li etele metse e ka mathōko. Bara le barali babo rōna ba ile ba amohela memo ena ka cheseho le thabo e khōlō. Ka lekhetlo la pele ho ile ha fihloa metseng e 56 e nang le baahi ba ka bang 50 000.
Lekala la Angola lea tlaleha: “Ka lebaka la cheseho le mafolofolo a bahoeletsi, phutuho ea Kingdom News No. 36 tšimong ea rōna e ile ea atleha haholo. Sena se etsahetse ho sa tsotellehe mathata a moruo le ntoa e ntseng e ama liphutheho ho pholletsa le naha. Ha ho ne ho abuoa Kingdom News, batho ba bangata ba ile ba e amohela ka thahasello. Ka lebaka la sena, ka November, Angola e ile ea tlaleha tlhōrō e phahameng ho feta tsohle ea lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 94 026, e leng keketseho ea hoo e ka bang lithuto tse fetang 10 000 ha ho bapisoa le khoeling e fetileng.”
Ha sehlopha sa Lipaki se ea motseng o mong Cameroon, se ile sa lahla sephutheloana sa Kingdom News No. 36 se sa hlokomela. Monna ea neng a ile a bona Lipaki li ntse li aba Kingdom News o ne a le tseleng e lebang polasing ea hae ha a bona sephutheloana ka thōko ho tsela. O ile a se thonaka eaba o qala ho aba lipampitšana tsa Kingdom News No. 36! Qetellong, o ile a li aba kaofela ho fihlela ho setse tse ’nè feela. Ha beng ba matlo ba kōpa tsena tse ’nè, o ile a hana, a re: “Ha ke sebeletse mahala; tsena ke tsa lelapa la ka. Ha Lipaki li tla, li tla le fa lipampitšana tsa lōna.”
Lipaki li ile tsa etsa leeto la ho boela ho mosali ea neng a amohetse pampitšana ea Kingdom News No. 36 Colombia. Mosali enoa o ile a bolela hore ka linako tsohle o ne a hana ho buisana le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a ho bala Kingdom News No. 36, o ile a lemoha hore o ne a ntse a fetoa ke ntho e molemo haholo. O ile a khumama eaba o kōpa tšoarelo ho Molimo. Ka mor’a moo, o ile a batla Lipaki, ’me hona joale o ithuta Bibele.
Motseng o mong Congo (Kinshasa), lepolesa le apereng junifomo le ile la bala Kingdom News No. 36 ka thahasello e khōlō. Hamorao, le ile la fumana Lipaki eaba le li bolella hore molaetsa oa eona o matla o bile oa tšelisa. Eaba lea tsamaea ’me le khutla ka mor’a nako e khutšoanyane le se le hlobotse junifomo ’me le tšoere Bibele ka letsoho. Le ile la re: “Ke batla ho aba molaetsa ona le lōna ka lebaka la bohlokoa ba oona le ho potlaka ha oona!” Lipaki li ile tsa hlalosa ka mosa hore ho hlokahala hore le ithute Bibele pele. Monna enoa o ile a lumela, ’me thuto ea hae e tsoela pele hantle.
Mosali e mong e mocha ea bitsoang Joy o ile a fumana Kingdom News No. 36 ka tlas’a lemati lapeng la hae Greece. Ha a qeta ho e bala, ka potlako o ile a letsetsa ’mangoan’ae thelefono, eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a bolella ’mangoan’ae hore molaetsa oo o mo amme pelo ’me o batla ho buisana le Lipaki tsa Jehova. ’Mangoan’ae o ile a bua le morali’abo rōna oa pula-maliboho ea khethehileng sebakeng seo, ’me pula-maliboho enoa o ile a kopana le mosali enoa e mocha. Ba ile ba makala ha ba fumana hore baa tsebana. Joy o ile a bolella pula-maliboho hore le hoja a e-na le Bibele, ha a khone ho fumana Mangolo a sebetsanang le mathata ao a tobaneng le ’ona. Ka potlako o ile a lumela hore a be le thuto ea lehae ea Bibele.
Paki ea Korea e ile ea fa mosali e mong ea neng a hanyetsa mora oa hae kahobane e le e mong oa Lipaki tsa Jehova Kingdom News No. 36. Matsatsi a mararo hamorao, Paki ena e ile ea mo etela hape ’me ea mo hlalosetsa seo Bibele e se bolelang ka Paradeise. Mosali enoa o ile a arabela hantle, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Mora oa hae a sekisitse meokho o ile a re: “Ha ke kholoe hore ’Mè o qalile ho ithuta Bibele.” O tsoela pele hantle.
Bohareng ba Liberia, Lipaki tse ling li ne li tsamaea le metse li aba Kingdom News ha li iphumana li se li hlahlathela ’me li qetella li le polasing e thōko le tsela e khōlō ka hare-hare ho moru. Ha Lipaki li bolella balemi hore li lahlehile, mohlankana e mong o ile a re: “Ke moea oa Molimo o le tlisitseng mona e le hore re ka fumana lipampitšana tsa rōna.”
Batho ba Netherlands ba ile ba amohela Kingdom News No. 36 ka cheseho. Lipampitšana tse fetang limilione tse peli li ile tsa abuoa ka potlako. Lekala le Selters, Jeremane, le ile la hatisa lipampitšana tse eketsehileng tse 100 000, empa liphutheho li ile tsa batla tse eketsehileng. Motseng oa Helmond, Paki e ile ea bolella mong’a ntlo hore pampitšana ena e abuoa lefatšeng lohle. Monna eo o ile a re: “Ke kōpa hore u nkemele.” O ile a kena ka tlung eaba o letsetsa motsoalle oa hae ea Fora thelefono ho tiisa hore na ebe mohoeletsi o bua ’nete. O ile a re ho motsoalle oa hae: “Ke etetsoe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ea nkileng pampitšana eo a reng e abuoa lefatšeng ka bophara. Na u se u e fumane?” Motsoalle oa hae o ile a araba: “E, ke e fumane metsotsong e leshome e fetileng.” Ba ile ba khaotsa puisano, eaba monna enoa o khutlela monyako, ’me o amohela pampitšana.
Lekala la Russia le ile la amohela lengolo le thahasellisang le tsoang ho mocha ea sehlopheng sa bosupa. O ne a itse: “Lumelang. Ke ile ka thaba haholo ha ke fumana pampitšana e buang ka lilemo tsa sekete se secha ka lebokoseng la rōna la poso! Ntho e re thabisitseng ka ho fetisisa selemong sohle ke pampitšana ena eo le re fileng eona! Ke kōpa hore le re romelle boitsebiso bo eketsehileng.”
Ntle le ho thusa sechaba, phutuho ea Kingdom News No. 36 e ile ea tsoela Lipaki ka botsona molemo. Paki e ’ngoe ea Saipan e ile ea re: “Ruri ke thabetse ho aba Kingdom News. Ke kolobelitsoe ka 1998, kahoo lena e ne e le lekhetlo la pele ke kopanela mofuteng ona oa tšebeletso. Sena se ile sa nkhothalletsa hore ke leke bopaki ba mantsiboea, bo ’nolofalelitseng hore ke buisane le batho ba eketsehileng. Ka lebaka la mosebetsi ona, tumelo ea ka e matlafetse, ’me ke ikutloa ke le haufi haholo le Jehova.”
Lipaki li ile tsa ea karolong e ka thōko ea Malaita, Solomon Islands, ho ea aba Kingdom News No. 36. Ka mor’a ho tsamaea lihora tse fetang tse hlano, li ile tsa fihla motseng oo ho oona li ileng tsa amoheloa ke moruti oa sebakeng seo ea ileng a bontša thahasello e khōlō. O ile a re ka lilemo tse fetang robong, ha ho moemeli oa kereke ea habo ea tsoang ka thōko ho lihlekehleke ea kileng a ba etela kapa a ba bontša thahasello. Leha ho le joalo, ke mona ho na le sehlopha sa basele se entseng boiteko ba ho hloa lithaba ho tla ba thusa ho utloisisa molaetsa oa Bibele. Ho ile ha qalisoa lithuto tsa Bibele le malapa ’ohle a motseng ona. Barab’abo rōna ba ne ba khutlela ka mor’a libeke tse peli, ’me ka potlako ho ile ha e-ba le lithuto tse leshome tse tsoelang pele hantle. Moruti o ile a re haeba ho e-na le motho ea ka salang le bona ’me a qala sehlopha, ho ne ho ka sebelisoa kereke ea motse bakeng sa liboka. Hona joale pula-maliboho ea khethehileng o etela sehlopha sena kamehla. Tlalehong ea ho qetela, moemeli oa kereke o ile a etela baahi ba motse ’me a tšepisa hore o tla ba fa lijo haeba ba ka lumela ho khaotsa ho ithuta le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, bohle ba re ba tla tsoela pele ba ithuta Bibele.
Ha Lipaki tse ling li le phomolong sebakeng se ka thōko Venezuela, li ile tsa fa motho ea ba bontšang libaka oa Leindia la Pemón, Kingdom News No. 36. A thabetse pampitšana ea hae, o ile a e bala ka ho pheta-pheta. Ha e kolobisoa ke pula ea sefefo, o ile a e aneha ka hloko hore e ome. O ile a kōpa lipampitšana tse eketsehileng tseo a tla li isa ho batho ba habo.
Litaba Tsa Molao Selemong sa Tšebeletso
Ka mabaka a letsoalo, Ivailo Stefanov o ile a hana ho kenela sesole Bulgaria. Ka lebaka leo, o ile a ahloleloa ho kena chankaneng selemo le likhoeli tse tšeletseng. Mor’abo rōna Stefanov o ile a fetisetsa nyeoe ena Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho a bolela hore o amohiloe tokoloho ea hae ea bolumeli. Ha lekhotla leo le phatlalatsa hore le tla mamela nyeoe ea hae, ba boholong Bulgaria ba ile ba lumela hore ba tla hlakola ka ho feletseng molato oa Mor’abo rōna Stefanov le Lipaki tse ling tse neng li qosoa ka taba e tšoanang. Ka la 3 May, 2001, lekhotla le ile la amohela tumellano ena. E le karolo ea tumellano ena, ba boholong Bulgaria ba ile ba boela ba lumela hore ba tla fokotsa nako ea ba isoang tšebeletsong eo e seng ea sesole, eo pele e neng e feta habeli nako ea tšebeletso e qobelloang ea sesole.
Motse oa Blainville o Quebec, Canada, o ile oa fetisa molao o sebetsang sebakeng sena o bolelang hore batho ba eang ka ntlo le ntlo ka mabaka a bolumeli ba lokela ho reka lengolo la tumello pele. Lengolo lena la tumello le ne le lumella feela hore ho etsoe maeto a ntlo le ntlo ka Mantaha ho fihlela Labohlano, ’me le ne le sebetsa ka likhoeli tse peli feela, ’me le ne le ke ke la nchafatsoa ho fihlela ho fetile likhoeli tse 12. Ka la 17 April, 2001, moahloli oa lekhotla le phahameng Quebec o ile a etsa qeto ea hore molao ona ha o sebetse boboleling ba phatlalatsa ba Lipaki tsa Jehova. Moahloli o ile a bolela hore Lipaki tsa Jehova li lokolotsoe tabeng ea ho batla tumello ’me li ke ke tsa beheloa meeli ea lihora, matsatsi, likhoeli, kapa lilemo tšebeletsong ea tsona ea bolumeli ea ntlo le ntlo. O ile a bolela hore tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova ke “tšebeletso ea sechaba ea Bokreste” ’me a re o fumane hore lingoliloeng tsa tsona ke “lingoliloeng tsa bohlokoa, tse buang ka litaba tse kang bolumeli, Bibele, lithethefatsi, bokhoba ba tahi, thuto ea bacha, mathata a lenyalo le tlhalo.” Moahloli o ile a re ho tšoantša Lipaki le batho ba tsamaeang ba rekisa, ke “ho li rohaka, ho li nyefola, ho li utloisa bohloko le ho li senya lebitso.”
Ka la 22 February, 2001, Lekhotla le Phahameng Tbilisi, Georgia, le ile la etsa qeto ea ho hlakola ho ngolisoa ha mekhatlo e ’meli ea molao e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova sebakeng seo: e leng Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova Georgia le Boemeli ba Mokhatlo oa Watch Tower Georgia. Lekhotla le ile la etsa hore ho hlake hore qeto eo e ne e sa thibele Lipaki tsa Jehova. Ho fapana le hoo, lekhotla le ile la bolela hore Lipaki tsa Jehova li ka ntšetsa pele mesebetsi ea tsona ea bolumeli, ho kopanyelletsa ho tšoara liboka, ho kenya lingoliloeng naheng le ho hira mehaho kapa ho ba le setša. Leha ho le joalo, baitseki ba bolumeli ba hlokomolohile lekhotla ’me ba ’nile ba etsa letoto la litlhaselo tse mabifi tseo mokhatlo o mong oa litokelo tsa botho o itseng ke “puso ea tšabo.” Ka la 29 June, 2001, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kenya kōpo Lekhotleng la Europe la Litokelo tsa Botho li ipelaetsa ka ho se nke khato ha ’muso ka pefo ena e sa thijoeng, ’me ka la 2 July lekhotla le ile la laela hore kōpo eo e nahaneloe hang-hang. Phello e ntle e bile hore ka la 30 May, 2001, Lekala la Lekhetho la Thepa e Kenang le e Tsoang Georgia le ile la lokolla lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele tse ka etsang lithane tse 20, tse ileng tsa haptjoa khahlanong le molao ka la 14 March, 2001. Hang-hang lingoliloeng tsena li ile tsa abeloa liphutheho ho pholletsa le Georgia.
Ka 1997 Lekhotla la Tsamaiso la ’Muso Berlin, Jeremane, le ile la hana ho ngolisa Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo o amoheloang ka molao oa sechaba. Le ile la hana motheong oa hore Lipaki tsa Jehova li ne li sa tšepahale ka ho lekaneng ho ’Muso ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona likhethong tsa lipolotiki. Lipaki li ile tsa etsa boipiletso. Ka la 19 December, 2000, Lekhotla la Molao-motheo la Naha ea Jeremane le ile la bolela hore ha ho hlokahale botšepehi bo joalo bo ekelitsoeng. Leha ho le joalo, nyeoe ena e ile ea khutlisetsoa makhotleng a tsamaiso bakeng sa ho hlahloba hape kōpo ea ho ngolisoa ka molao, lekhetlong lena e le motheong oa hore na ebe Lipaki tsa Jehova li hatakela litokelo tsa botho kapa che. Litumelo le litloaelo tse mabapi le mali, ho hōlisa bana, ho khaola le likamano tsa lelapa ke lintho tse ncha tseo ho seng ho lebisitsoe tlhokomelo ho tsona nyeoeng ena.
Ho fihlela morao tjena, Lipaki tse fetang 3 500 Greece li ne li e-na le tlaleho ea hore ke linokoane kahobane li kile tsa kenngoa chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore. Ho ba le tlaleho ea hore ke linokoane ho ne ho bolela hore Lipaki tsena li ne li sa hiroe mesebetsing ea sechaba, mekhatlong ea lithuso le libankeng. Tse ling li ne li hanetsoe ka tumello ea ho etsa mesebetsi e meng. Hona joale molao o fetisitsoeng Greece o bolela hore ha ho sa hlokahala hore Lipaki tsena li nkoe e kile ea e-ba linokoane. Ntle ho pelaelo, qeto e ntle e entsoeng ke Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho nyeoeng ea Thlimmenos v. Greece tabeng ea hore na motho o na le tokelo ea hore ka lebaka la letsoalo a hane ho etsa tšebeletso e qobelloang ea sesole, e ile ea rala motheo bakeng sa molao o mocha.
Lekhotla la Setereke la Kobe Japane le ile la etsa qeto e ntle ka la 30 March, 2001, nyeoeng e amang e mong oa Lipaki tsa Jehova. Morali’abo rōna o ile a koeteloa ’me a koalloa ka likhoka ka matsatsi a 17 e le hore a “ntšoe” litumelo tsa hae tsa bolumeli. Lekhotla le ile la ba le maikutlo a hore moqosuoa—e leng moruti oa Mobaptiste—o entse ’mommori le eo e kileng ea e-ba monna oa morali’abo rōna le litho tsa lelapa labo hore a koalle morali’abo rōna a sa rate. Moqosuoa o ile a laeloa hore a lefe matšeliso a li-yen tse 400 000 (R32 100).
Liqetong tse peli Lekhotla le Phahameng Romania le ile la tiisa ka ho hlakileng hore Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova ke bolumeli bo amoheloang ka molao ’me o lokela ho ba le litokelo tsohle tseo molao o li fang malumeli. Mongoli oa Naha oa Malumeli o ile a leka ho senya liqeto tsena empa ha aa ka a atleha. Ka la 2 April, 2001, Lekhotla le Phahameng le ile la khomarela liqeto tsa lona tseo le li entseng. Ho fihlela joale, Mongoli oa Naha oa Malumeli ha a e-s’o amohele boemo bo feletseng ba molao ba Lipaki tsa Jehova, ho sa tsotellehe litaelo tse tsoang Lekhotleng le Phahameng tsa hore a etse joalo.
Ka la 23 February, 2001, qetellong moahloli o ile a qhelela ka thōko nyeoe ea hore Lipaki tsa Jehova li thibeloe Moscow, Russia, ka mor’a mehato ea molao ea lilemo tse ka bang tšelela le nyeoe ea lilemo tse tharo ka lekhotleng. Leha ho le joalo, tokoloho ea barab’abo rōna e bile ea nakoana, hobane ka la 30 May, 2001, Lekhotla la Motse la Moscow le ile la hlakola qeto ea lekhotla le tlaase ’me la laela hore nyeoe e mameloe bocha. Lena e tla ba lekhetlo la botšelela ho tloha ka 1996 Lipaki tsa Jehova li lokela ho itšireletsa liqosong tse tšoanang tse se nang motheo.
Qeto e ileng ea etsoa ka la 21 February, 2001, ke Lekhotla le Phahameng la Pennsylvania, United States, e bile tumello e hlakileng ea tokelo ea mokuli ea ho ikhethela se etsoang ’meleng oa hae le ho tšoaneleha ha matla a sa feleng a ’muelli oa molao litabeng tsa phekolo. Qeto ena e ne e ama Maria Duran, eo ka ho sa fetoheng a ileng a tsebahatsa hore o hana ho tšeloa mali. Ho sa tsotellehe tlhokomeliso ea Maria, monna oa hae eo e seng Paki, a tšehelitsoe ke lingaka tsa Maria le sepetlele, o ile a fumana taelo ea lekhotla e mo khethang hore e be mohlokomeli oa hae nakong ea maemo a tšohanyetso, le hoja Maria a ne a khethile molumeli-’moho le eena ho ba moemeli oa hae ha a hloka phekolo. Lekhotla le phahameng le ile la hana taelo e entsoeng boemong ba tšohanyetso la bolela hore esita leha molekane oa mokuli a hanyetsa hammoho le beng ka eena le lingaka, litaelo tsa hae tse hlakileng tsa phekolo hammoho le ho khetha ha hae moemeli li ne li lokela ho hlomphuoa.
Ho Hlokahala Liholo Tsa ’Muso Tse Eketsehileng
Linaheng tse ngata, ho haha Liholo tsa ’Muso ho ne ho le thata haholo ’me ho ne ho nka nako e telele. Liphutheho tse ling li ne li kopanela mehahong e hiriloeng ka likhoeli tse ngata—kapa esita le ka lilemo tse ngata—ha kaho e ntse e tsoela pele. Holong e ’ngoe ea ’Muso e sa felang naheng ea Afrika, papakhaie ea naheng e ile ea etsa sehlaha maballong. Ka potlako papakhaie e ne e se e bina lipina tsa ’Muso ha li binoa, ’me ho ne ho se ea tsotellang seo. Mosebetsi o ile oa tsamaea butle hoo papakhaie e ileng ea ithuta ho bua joaloka mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa, ebile e bitsa le bara le barali babo rōna ka mabitso! Qetellong, Holo ea ’Muso e ile ea phethoa, ’me papakhaie e ile ea felloa ke bolulo.
Kajeno, ka lebaka la lenaneo le lecha le thahasellisang la kaho, ho phethoa Liholo tsa ’Muso ka potlako e makatsang. Linaheng tse ngata tse tsoelang pele moruong, hona joale ho hahoa Liholo tsa ’Muso ’me li neheloa ka mor’a libeke tse tharo kapa tse ’nè! Afrika feela, selemong se fetileng sa tšebeletso ho ile ha hahoa Liholo tse ncha tsa ’Muso tse 1 074—e leng tse ka bang 4 ka letsatsi re sa bale mafelo-beke!
Ha e le hantle, pakane ea mananeo a kaho ea Liholo tsa ’Muso e habeli. Pakane ea pele ke ho finyella tlhoko e teng. Lekala la Afrika Boroa lea ngola: “Ona ke mohato o thabisang oo re kholisehileng hore o tla fella ka ho hahoa ha Liholo tse ngata tsa ’Muso linaheng tseo li hlokahalang e le kannete.” Pakane ea bobeli ke ho tiisa hore re tla finyella tlhoko e ka hlahang nakong e tlang ka ho hlophisa mosebetsi oa kaho re sebelisa Lipaki tse nang le bokhoni tsa sebakeng ka seng. Ka mohlala Benin, hona joale lenaneo la kaho le se le tsamaisoa ka ho toba sebakeng sena ’me le ka hlokomela litlhoko tsa nakong e tlang tsa kaho ea Liholo tsa ’Muso.
Hammoho le Ofisi ea Design/Build e Brooklyn, Liofisi tse hlano tsa Liholo tsa ’Muso tsa Libaka li thusa ka tlhophiso makaleng a Europe Bochabela, Afrika, Asia, Oceania, Amerika Bohareng le Boroa le lihlekehlekeng tsa Caribbean. Liofisi tsena li sebelisana ’moho le Likomiti tsa Makala ho li thusa hore li sebelise ka ho feletseng tataiso le thepa e fumanehang. Ka mohlala, lekaleng le leng le le leng ho na le Lefapha la Kaho ea Liholo tsa ’Muso bakeng sa ho hokahanya mosebetsi tšimong. Lefapha lena le boetse le thusa liphutheho nakong eo li khethang setša ’me le entse lipolane tse tšoanang tse sebelisang thepa ea kaho ea sebaka ka seng le mekhoa ea kaho ea sebaka ka seng.
Linaheng tse 92 moo khaello e khōlō ea lichelete le basebetsi ba nang le tsebo e kileng ea sitisa kaho, hona joale baithaopi ba fetang 4 000 ba nako e telele le ba nako e khutšoanyane ke litho tsa Lihlopha tse 352 tsa Kaho ea Liholo tsa ’Muso. Se tlatselitseng katlehong ea lihlopha tsena ke ho kenyeletsoa ha bahlanka ba kaho ea Liholo tsa ’Muso, e leng karolo e ncha ea tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng bakeng sa barab’abo rōna ba tšoanelehang linaheng tse khethiloeng. Ho phaella moo, bahlanka ba machaba ba 152 ba koetlisa barab’abo rōna ba leng libakeng tseo ba rometsoeng ho tsona hore ba phethe boikarabelo ba bohlokoa lenaneong la kaho. Ka sebele, kaho ea Liholo tsa ’Muso ke mosebetsi oa phutheho, kahoo litho tsa phutheho li ithaopela ho etsa boholo ba mosebetsi.
Batho ba arabela joang lenaneong lee le lecha la kaho? Trujillo, Venezuela, ho sa tsoa hahoa Holo ea pele ea ’Muso Sara Linda. A sekile meokho ea thabo, mohoeletsi e mong o ile a re: “Ho ama maikutlo haholo hore ebe Jehova o re hopotse. Toropo ea rōna ha e hlahe le ’mapeng!”
Morali’abo rōna oa Rio de Janeiro, Brazil, o ile a susumeletsoa hore a ngole: “Ka lilemo tse leshome ke ne ke tsamaea lik’hilomithara tse ’nè ho ea libokeng, ke tšela borokho ba maoto esita leha ke le moimana. Qetellong, toro ea ka e ile ea phethahala. Re na le Holo ea ’Muso sebakeng sa heso! Liithuti tse ngata tsa Bibele li se li qalile ho ba teng libokeng. Ntate, ea kileng a ithuta empa hamorao a nkhanyetsa, ha a e-s’o ka a fosoa ke seboka esale holo e neheloa. Bekeng ena o boetse o qalile ho ithuta.” Motho e mong eo e seng Paki o ile a lumela: “Ke na le lilemo tse 60 ’me ha ke e-s’o bone ntho e tjena! Lipaki li sebetsa hammoho ka potlako le ka thabo. Ke sehahi lekhotleng la motse, ’me neng le neng ha mosebetsi o nka nako e telele haholo, e mong o re: ‘Mohlomong ho hlokahala hore re bitse Lipaki tsa Jehova hore li tl’o re thusa!’”
Moholo oa Ukraine o re: “Re ile ra khona ho haha Holo ea ’Muso e hahoang ho sebelisoa mokhoa o tšoanang, ka khoeli e le ’ngoe feela, kahoo ha rea ka ra sitisoa ho ba le malapa a rōna le ho phetha boikarabelo ba phutheho ka nako e telele.” Morali’abo rōna hona moo oa phaella: “Re thabile haholo. Re iponetse ka mahlo kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng. Nakong e fetileng ka lebaka la maemo a rōna a moruo, re ne re sa tšepe hore re ka ba le Holo ea ’Muso.”
Batho ba thahasellang Malawi, ka ho khetheha ba labalabela ho kopana le rōna ha ho e-na le sebaka se loketseng sa liboka. Phutheho ea Nafisi ea tlaleha: “Hona joale re na le Holo e ntle ea ’Muso e sebeletsang e le bopaki bo botle. Ka lebaka leo, ho bonolo ho qala lithuto tsa Bibele ha re bolela litaba tse molemo. Hohle batho ba maketse. Ebang ke sekolong, mosebetsing kapa malapeng a bona, moqoqo ke Holo ea rōna ea ’Muso feela.”
Baeta-pele ba motse Mozambique le bona ba khahliloe ke lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ho ile ha kōpuoa setša ho morena bakeng sa ho haha Holo ea ’Muso. Ha morena a lumela, o ile a re: “Ke utloetse ka ho hahoa ha Liholo tsa ’Muso libakeng tse ling ’me sena se ile sa ntšoenya hobane ha e eo motseng oa ka. Kea le leboha Lipaki tsa Jehova, ha le rerile ho haha Holo ea rōna ea ’Muso!”
Kaho e hlophisitsoeng hantle e ba le phello efe moeeng oa boithaopo oa phutheho? Setho sa sehlopha sa kaho Zimbabwe se re: “Ka mor’a ho tsamaea puleng ka lihora tse ngata, re ile ra fihla setšeng se mahaeng sa Holo ea ’Muso. Bara le barali babo rōna ba letileng ba ne ba khobokane tlas’a sefate ba besitse mollo o monyenyane. Ho sa tsotellehe pula, ba ile ba re lumelisa ka pososelo e re amohelang. E le ha ba lokisetsa ho tla ha rōna, ba 60 phuthehong ena ba ile ba cheka mekoti bakeng sa moralo. Ba ne ba qalile ka hora ea bone hoseng ’me ba qeta ka hora ea botšelela mantsiboeeng ao.”
Hona naheng eo, Phutheho ea Zongoro e ne e se na Holo ea ’Muso. Nathan Muchinguri o ’nile a sebeletsa phuthehong ena ho tloha ha a kolobetsoa ka 1924. Ka lilemo tse ngata, o ile a fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka Seshona. Kaha o ne a sa lule Bethele, ofisi ea lekala e ile ea ithaopela ho mo thusa ho koahela litšenyehelo tsa ho iphelisa, empa o ile a hana. Leha ho le joalo, o ile a bolela hore o lakatsa ho tšoarela liboka ka Holong ea ’Muso pele a shoa ’me a fumana moputso oa hae oa leholimo. Ka la 8 April, 2001, takatso ea Mor’abo rōna Muchinguri ea lilemo li 93 e ile ea phethahala. Phutheho ea Zongoro e ile ea kopana ka lekhetlo la pele Holong ea eona e ncha ea ’Muso. E ne e le ka mokete oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena.
Haesale lenaneo lena la kaho le qala ka November 1999, ho se ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse 2 097 linaheng tse 92—e leng karolelano ea tse 22 ka beke! Menehelo e lerato ea mokhatlo oa lefatšeng ka bophara oa bara ba motho e etsa hore “ho leka-lekanya” ho ka ba teng, e le hore ‘[phutheho e] nang le ho hongata e se ke ea e-ba le ho hongata haholo, ’me [phutheho e] nang le ho honyenyane e se ke ea e-ba le ho honyenyane haholo.’ (2 Bakor. 8:14, 15) Na Jehova o hlohonolofatsa boiteko boo bo etsoang lefatšeng lohle? Ak’u nahane: Libakeng tse ngata ka mor’a khoeli e le ’ngoe feela ho hahiloe Holo ea ’Muso e loketseng, hangata palo ea ba bang teng e imena habeli.
Ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali—Livideo Tse Tharo
Lefapha la Litšebeletso tsa Audio/Video hammoho le barab’abo rōna ba Jeremane le linaha tse ling, le entse livideo tse tharo tse bontšang ho ba le kahlolo e molemo le katleho ea ho phekola le ho buoa ntle ho mali. Livideong tsena tsohle tse tharo, lingaka tse buoang tse tsebahalang li bontša phapang e pakeng tsa katleho ea mekhoa eo ho eona ho sa tšeloeng mali le mekhoa eo ho eona ho tšeloang mali. Video ea pele letotong lena e na le sehlooho se reng, Transfusion-Alternative Strategies—Simple, Safe, Effective. E ne e etselitsoe lingaka le ba ithutelang bongaka ka ho khetheha. Ho sebelisoa k’homphieutha ho bontša mosebetsi oa likarolo tsa mali.
Video eo ea pele e ile ea qetoa ka nako hoo e ileng ea tšoaneleha ho kenyelletsoa Moketeng oa selemo le selemo oa bo34 oa Machaba oa Lifilimi le Livideo oa United States. Ka kakaretso, ho ne ho rometsoe lifilimi le livideo tse 1 500 ho tsoa linaheng tse 33. Video ea Transfusion Alternatives e ile ea hlahlojoa lihlopheng tse tharo. Lihlopheng tse peli—e leng sa Research Documentation le Professional-Educational—video ena e ile ea e-ba sebakeng sa bobeli ’me ea fuoa Khau ea Silver Screen. Sehlopheng sa boraro, sa Current Issues, video ena e ile ea e-ba sebakeng sa pele ’me ea hapa Khau ea Gold Camera. Likhau tsena li bontša hore litsebi indastering ea lifilimi li elelloa boleng, ho nepahala le tsebo ea mosebetsi e bontšitsoeng videong ena, kahoo li tšehetsa hore molaetsa oa eona oa tšepahala.
Video ea bobeli e na le sehlooho se reng, Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights. Ka ho khetheha e etselitsoe baqolotsi ba litaba tsa bongaka, ba boholong litabeng tsa bophelo, basebetsi ba sechaba le baahloli. Joalokaha sehlooho se bontša, lenaneo lena le sebetsana le kamoo ho ka hlokomeloang litlhoko tsa bakuli tse amang phekolo ’me ka nako e tšoanang ho hlokomeloe le litokelo tsa bona tsa molao. Ho phaella moo, ho bontšoa hore mekhoa ea ho buoa ntle ho mali ha e bitse chelete e ngata.
Video ea boraro lethathamong lena e na le sehlooho se reng, No Blood—Medicine Meets the Challenge. Kaha video ena e reretsoe haholo-holo batho ka kakaretso, e se e bontšitsoe lithelevisheneng tsa United States. Ha ho pelaelo hore se builoeng ke litsebi tseo e seng Lipaki tseo ho buisanoeng le tsona videong ena ha li tšehetsa mokhoa ona, se tla thusa batho haholo hore ba ithute ka bohlokoa ba ho buoa ntle ho mali ’me se fokotse monahano o leeme oa ba se nang tsebo.
Mehaho e Mecha ea Lekala e Rorisa Molimo
Ho latela litlaleho tsa ha ho neheloa makala a mahlano selemong se fetileng sa tšebeletso. Pele, a re ke re iponeng re le Amerika Boroa, moo ho ileng ha neheloa mehaho e mecha ea lekala Venezuela le Uruguay. Ebe re ea Ukraine, Europe Bochabela, moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ileng oa thibeloa ka lilemo tse fetang 50. Re ntan’o lebisa tlhokomelo Malawi, Afrika e ka boroa, moo Lipaki li ileng tsa mamella thibelo le mahloriso ka lilemo tse ngata. Qetellong, re shebe Barbados, sehlekehleke se setle Caribbean.
VENEZUELA: Ka la 3 March, 2001, baeti ba ka bang 1 600 ba tsoang linaheng tse 22 ba ile ba kopana setšeng se nang le jarete e hlokometsoeng hantle, lik’hilomithara tse 80 ka bophirimela ho motse-moholo Caracas, bakeng sa ho neheloa ha mohaho o mocha oa lekala. March ke khoeli e se nang pula, ’me Lithaba tsa Aragua li ne li omme li bile li le thokoa, empa ka lebaka la ho tšella ka metsi a tsoang lilibeng tse setšeng sena, mohloa le lifate tsa palema ho potoloha mehaho ea lekala li ne li tlokoma li le tala. Ba tlileng nehelong ba ne ba apere hantle ’me ba bangata ba ne ba nkile lik’hamera, ba tsamaea ho potoloha mabala, ba tsoa ba kena ka har’a mehaho, ba bontša kananelo le thabo.
Ofisi ea pele ea lekala Venezuela e ile ea buloa ka September 1946, ha bahoeletsi ba 19 feela ba ne ba bolela litaba tse molemo naheng ena. Ka lilemo tse latelang tse fetang 50, mehaho e mengata ea lekala e ile ea e-ba menyenyane ka lebaka la litlhoko tse hōlang. Hajoale, lekala le lecha le hlokomela bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 88 541 Venezuela.
Ba bangata ba neng ba le teng nehelong ba ne ba bile le karolo ha ho hahoa mehaho ena ka lilemo tse tšeletseng. Mosebeletsi e mong oa machaba o ile a re: “Ho ne ho khothatsa haholo ho bona hore barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho tsamaea ka lihora tse ngata ho tla kopanela kahong. Ka mohlala, sehlopha se tsoang phuthehong e ’ngoe se ile sa hira bese, sa tloha ka 11:00 bosiu, sa tsamaea le bosiu hore se fihle ka 6:00 hoseng, sa ja lijo tsa hoseng, sa sebetsa le rōna letsatsi lohle, sa ntan’o palama bese bakeng sa leeto la lihora tse supileng ho khutlela hae.” Ho ne ho e-na le botsoalle bo thabisang nakong ea kaho, ha barab’abo rōna ba sebetsa hammoho bonngoeng.—Pes. 133:1.
Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo, “Katoloso e Rorisang Jehova.” Letsatsing le hlahlamang, palo e khōlō ka ho fetisisa ea Lipaki tse 113 260 le batho ba thahasellang ba tsoang likarolong tsohle tsa naha ba ile ba bokana motseng oa Valencia ho tla mamela lenaneo le leng le hlasimollang, ho kopanyelletsa le kakaretso ea lenaneo la nehelo.a
URUGUAY: “Ke batho ba ikhethang hakaakang! Ruri hoa thabisa ho bona batho ba bangata tjena, banna le basali, ba sebetsa ka thata ba thabile hakana. Sena se ka etsahala hafeela u e-na le tšusumetso e nepahetseng ebile u sa sheba ho boelloa ke lintho tse bonahalang. Rea le lebohela, pele-ea-pele!” Ena e mpa e le e ’ngoe ea lipolelo tse ngata tse builoeng ke batho ba ileng ba tla bona ha ho hahoa lekala Uruguay.
Cheseho le tšebelisano-’moho e bontšitsoeng ke Lipaki tsa Jehova ha ho hahoa e boetse e bontšitsoe ho theosa le lilemo ke batho ba Jehova ha ba phetha mosebetsi oa bona oa ho ruta. Lilemong tse 60 tse fetileng, ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae Uruguay, ho kopanyelletsa le bo-pula-maliboho ba tšeletseng ba Jeremane, ba neng ba tsamaea ho pholletsa naha ka libaesekele. Hona joale Lipaki tsa Jehova Uruguay li bōpa mokhatlo o hlophisitsoeng o tiileng, o tsebahalang le o hlomphehang o nang le karo-karolelano ea mohoeletsi a le mong ho baahi ba 287 le karolelano ea baholo ba bahlano phuthehong ka ’ngoe. Ho hlakile hore, katoloso e tsamaisana le tlhokahalo ea mehaho e meholo ka ho eketsehileng ea lekala.
Nakong ea lenaneo la nehelo ka la 31 March, 2001, ho ile ha bontšoa kananelo bakeng sa Lipaki tse ngata tse ileng tsa fana ka tsebo eo li nang le eona hammoho le phihlelo ea tsona kahong ena. Hape lenaneo lena le ile la kopanyelletsa lipuisano le ba bangata bao e kileng ea e-ba baromuoa Uruguay. Ba ne ba ile ba nka maeto ho tsoa linaheng tse hōle bakeng sa ho tla nehelong. Puo ea nehelo e ile ea fanoa ke Mor’abo rōna Lösch. O ile a hatisa hore lebaka-baka la mosebetsi oa boboleli ke ho rorisa Jehova le ho mo tlotlisa.b
UKRAINE: Ka lilemo tse fetang 110, ho ’nile ha e-ba le baboleli ba litaba tse molemo Ukraine. Leha ho le joalo, lekholong le fetileng la lilemo ho bile le khōlo e potlakileng ka ho khethehileng. Keketseho ea karolo ea 530 lekholong palong ea bahoeletsi lilemong tsa bo-1990 e ile ea fella ka tlhokahalo e potlakileng bakeng sa mehaho ea makala. Bakeng sa ho finyella tlhoko ena, ho ile ha khethoa setša se setle sa mahaeng se ka bang lik’hilomithara tse hlano ka leboea ho Lvov bakeng sa ho haha lekala. Mohaho ona o na le karolo ea bolulo e nang le likamore tse 104, liofisi tsa mehleng ea kajeno, kichine, moo ho hlatsuoang liaparo, karache le moo ho bolokoang libuka.
Lilemo tse peli le likhoeli tse tharo ka mor’a ho fuoa tumello ea ho haha, barab’abo rōna ba ne ba se ba fetotse setša sena seo pele e neng e le kampo ea bacha hore e be mehaho e metle ea lekala. Setša sena se morung oo barab’abo rōna ba neng ba tšoarela liboka ho oona lilemong tsa ha mosebetsi o ne o thibetsoe.
Ba boholong sebakeng sena ba ne ba batla hore tsela e eang lekaleng e katoe ka majoe. Barab’abo rōna ba ile ba hira konteraka ea sebakeng sena hore e etse mosebetsi ona, ba bolela hore tsela ena e bolele ba limithara tse 1 200, e lokela ho phethoa bofelong ba October 2000. Ke ka lebaka la hore hangata lehloa le qala ho khetheha ka November. Konteraka ena e ile ea sitoa ho qeta ka letsatsi leo ho lumellanoeng ka lona. Leha ho le joalo, kaha boemo ba leholimo bo ne bo ntse bo lumella hore ho hahoe tsela, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho qetela moo ho setseng. E mong le e mong o ile a sebetsa ka thata, ’me qetellong ka Moqebelo oa la 16 December, 2000, tsela e ile ea phethoa. Bosiung boo motse o ile oa koaheloa ke lehloa. Ha u ka botsa baahi ba sebaka sena hore na ke hobane’ng ha lehoetla la selemo sa 2000 le bile mofuthu ’me la ba lelelele, ba araba ka ho re: “Ke kahobane Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho qetela tsela.”
Lenaneo la nehelo le ile la tšoaroa ka la 19 May, 2001. Bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse 35 ba ne ba le teng lenaneong lena, leo Theodore Jaracz le Gerrit Lösch ba Sehlopha se Busang ba ileng ba fana ka lipuo ho lona. Letsatsing le hlahlamang letšoele la batho ba 72 023 le ile la bokana bakeng sa lenaneo le khethehileng le ileng la tšoareloa mabaleng a maholo ka ho fetisisa a lipapali Lvov le Kiev. Ba bangata ba ileng ba sebetsa tlas’a thibelo ka mashome a lilemo ba ne ba le teng. Ba ne ba thabetse ho bona lekala le letle joalo, le tla tlotlisa Jehova le be le mo rorise.c
MALAWI: Ho elella bofelong ba thapama ea Moqebelo oa la 19 May, 2001, Lipaki tsa Malawi tse fetang 2 200 li ile tsa bokana le baeti ba 200 ba tsoang linaheng tse 21 tlas’a moriti o entsoeng ka lipalo tse telele tsa sefate sa boloukomo, lehlaka le joang bo ommeng. Kaha ho ne ho se ho fifetse, ho ile ha e-ba thata ho bona mantsoe a pina e koalang bukeng ea lipina. Sethaleng se setle, ea eteletseng ’mino pele o ile a thusa bamameli hore ba bine Pina ea 56 ka tsela ea Seafrika—ntle ho k’hasete ea ’mino. Bamameli ba ne ba sa hloke libuka tsa lipina; ba ne ba tseba mantsoe ka hlooho. Baeti ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba ameha maikutlo ha ba mametse bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova, bao ba bangata ba bona ba seng ba kolobelitsoe ka lilemo tse 40 kapa ho feta ’me ba utloisitsoe bohloko haholo ka lebaka la tumelo ea bona.
Ha bara le barali babo rōna ba bontšoa mohaho o mocha oa lekala hoseng hoo, ho ile ha itlela feela hore ba bine lipina tsa ’Muso ’me ba ne ba tsoka matsoho ho lumelisa bohle bao ba teanang le bona ha ba ntse ba bontšoa sebaka. Pele ho ketsahalo ena, ba boholong boema-fofaneng ba ne ba lumetse hore ba tla letsa Kingdom Melodies Volume 1 boema-fofaneng ho amohela baeti ba machaba. E ile ea e-ba kamohelo e mofuthu hakaakang le ea puso ea Molimo! ’Mino ona o sa ntse o bapaloa boema-fofane.
Sébastien Johnson, eo e neng e le molebeli oa libaka Malawi o ile a botsa potso, “Na U Bontša Teboho Tšebeletsong ea Jehova?” Ha a hlahloba Mikea 6:6-8, Mor’abo rōna Johnson o ile a bontša hore Jehova ha a batle ntho e boima haholo ho rōna. Sebui se ile sa khothalletsa hore ho baloe Bibele letsatsi le leng le le leng le ho sebelisa melao-motheo ea eona e molemo. Guy Pierce, oa Sehlopha se Busang o ile a theha puo ea hae ea nehelo sehloohong se reng, “Nyakallang ’me le Thabele Seo Jehova a se Bōpang.” Mor’abo rōna Pierce o ile a re: “Mosebetsi oa lōna le histori ea nako e telele ea tšebeletso e tšepahalang li ralile motheo bakeng sa keketseho e teng kajeno. Tsoelang pele le etsa sohle seo le ka se khonang tšebeletsong e halalelang ea Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova.”
Ka Sontaha sa la 20 May, lebaleng la lipapali Lilongwe, batho ba 17 378 ba neng ba le teng ba ile ba hopotsoa hore ka 1993 ha thibelo e ne e tlosoa, palo ea bahoeletsi Malawi e ne e ka ba 30 000. Kajeno ho na le Lipaki tse ka bang 50 000 Malawi! E, ho neheloa ha mohaho o sa tsoa hahoa oa Bethele ka sebele e ne e le nako e lokelang ho hopoloa, e le letsatsi la tlhōlo bakeng sa Jehova!d
BARBADOS: Lekala le lecha la Barbados le nang le Holo ea ’Muso li jareteng e nang le mohloa le lipalesa, setšeng se phahameng se boholo ba hekthere e le ’ngoe moo motho a khonang ho bona hantle Leoatle la Caribbean le haufi. Mehaho ena e metle e hahiloeng ka likhoeli tse 18, e seterekeng se khutsitseng sa Prospect, St. James, lik’hilomithara tse ka bang ’nè ho tloha Bridgetown, motse-moholo oa Barbados.
Mohahong ona o mocha oa lekala ho lula lelapa la Bethele la litho tse leshome. O na le matlo a robeli a bolulo, liofisi le ntlo ea ho jela. Hape ho na le Holo ea ’Muso eo ho eona ho ka lulang batho ba 275. Mehaho ena e nka sebaka sa mohaho oa pele oa lekala o ka bang metsotso e leshome ka koloi ho tloha bohareng ba Bridgetown. Ha mehaho ena ea pele—e motseng o ka hare o khutsitseng oa motse-moholo oa Barbados—e ne e qala ho sebelisoa ka 1969, kakaretso ea palo ea bahoeletsi lihlekehlekeng tse khōlō tse tšeletseng tsa lekala le ho tse ling tse nyenyane e ne e ka ba 1 200. Hoo e ka bang ka selemo sa 2000, palo ena e ile ea eketseha ho ba bahoeletsi ba 2 390 liphuthehong tse 25 le sehlopha se le seng se ka thōko. Ka nako eo, mohaho oo oa lekala o ne o se o le monyenyane haholo hore o ka hlokomela palo e ntseng e eketseha ea liphutheho, ’me motse oo o leng ho oona o neng o kile oa khutsa o ne o se o fetohile sebaka se lerata sa khoebo.
Ka Moqebelo oa la 2 June, 2001, baeti ba 676 ba menngoeng ba tsoang lihlekehlekeng tsa lekala la Barbados le linaheng tse ling tse 15 ba ile ba thabela lenaneo la nehelo, le ileng la akarelletsa histori ea mosebetsi Barbados. Ntlha e khōlō lenaneong lena e bile puo e reng, “Ho Thabisa Pelo ea Jehova,” e ileng ea fanoa ka mofuthu ke John E. Barr oa Sehlopha se Busang. Molemong oa ba neng ba sa tla lenaneong la nehelo, ho ile ha tšoaroa seboka se khethehileng letsatsing le hlahlamang. Ho bile teng ba 3 332 ho sona.e
Mehahong e joalo ea makala lefatšeng ka bophara ho na le basebeletsi ba khethiloeng ba etsang kakaretso ea ba 20 133. Kaofela ha bona ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Histori ea Venezuela ea puso ea Molimo e ile ea hlaha ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1996 (ea Senyesemane), leqepheng la 187-252.
b Histori ea Uruguay ea puso ea Molimo e ile ea hlaha ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999, leqepheng la 225-55.
c Histori ea mosebetsi oa Bopaki Ukraine e hlaha leqepheng la 119-255 bukeng ena ea selemo.
d U ka fumana histori ea Malawi ea puso ea Molimo ho Buka ea Selemo ea 1999, leqepheng la 149-222.
e Histori ea Barbados ea puso ea Molimo e ile ea hlaha ho Buka ea Selemo ea 1989 (ea Senyesemane), leqepheng la 149-97.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Likopano tsa Setereke tsa “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo” li ile tsa kopanyelletsa ho lokolloa ha “Phetolelo ea Lefatše le Lecha” ka Sechaena sa khale le se nolofalitsoeng, Hong Kong
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Lefatšeng ka bophara ho ile ha abuoa hoo e ka bang limilione tse 500 tsa Kingdom News No. 36
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho, Strasbourg, Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Morab’o rōna le Morali’abo rōna Muchinguri ka pel’a Holo e ncha ea ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Likhau tse tharo tse ileng tsa fumanoa bakeng sa video ea “Transfusion-Alternative Strategies—Simple, Safe, Effective”
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Mehaho ea makala e sa tsoa neheloa
(1) Malawi
(2) Barbados
(3) Uruguay
(4) Venezuela
(5) Ukraine