Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 56
  • Na Diabolose a ka Laola Batho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Diabolose a ka Laola Batho?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Bibele Eona e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Ua Lumela Hore Diabolose ke Motho oa Sebele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Diabolose ke Motho oa Sebele?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 56

Na Diabolose a ka Laola Batho?

Karabo ea Bibele

Diabolose le bademona ba susumetsa batho, ’me Bibele e re: “E Mobe o laola lefatše lohle.” (1 Johanne 5:​19, New Century Version) Bibele e bontša litsela tseo Diabolose a susumetsang batho ka tsona.

  • Thetso. Bibele e khothalletsa Bakreste hore “ba loantše maqiti a khopo a diabolose.” (Baefese 6:​11, NCV) Le leng la maqiti a hae ke ho thetsa batho hore ba lumele hore ha e le hantle mahlahana a hae ke bahlanka ba Molimo.​—2 Bakorinthe 11:13-​15.

  • Tšebelisano le meea. Diabolose o sebelisa linohe, ba buisanang le meea esita le balepi ba linaleli ho khelosa batho. (Deuteronoma 18:10-​12) Lintho tse ling tse ka pepesetsang motho hore a susumetsoe ke bademona ke ho sebelisa lithethefatsi, ho tšerehanngoa le ho thuisa ka tsela e etsang hore kelello e se ke ea nahana letho.​—Luka 11:24-​26.

  • Bolumeli ba bohata. Malumeli a rutang lithuto tsa bohata a khelosa batho hore ba se ke ba mamela Molimo. (1 Bakorinthe 10:20) Bibele e re lithuto tseo tsa bohata ke “lithuto tsa bademona.”​—1 Timothea 4:1.

  • Ho kenoa ke bademona. Bibele e bua ka batho ba ileng ba kenoa ke meea e litšila. Ka linako tse ling batho ba kenoeng ke bademona ba ne ba foufala, e e-ba limumu kapa ba itematsa.​—Matheu 12:22; Mareka 5:​2-5.

Kamoo re ka qobang ho susumetsoa ke Diabolose

Ha ho hlokahale hore u lule u tšohile ho laoloa ke bademona, kaha Bibele e bontša kamoo u ka atlehang ho hanyetsa Diabolose kateng:

  • Ithute mekhoa eo Diabolose a e sebelisang e le hore ‘u tsebe merero ea hae.’—2 Bakorinthe 2:​11.

  • Ithute Bibele, ’me u sebelise seo u ithutileng sona. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho tla u sireletsa hore u se ke ua susumetsoa ke Diabolose.​—Baefese 6:​11-​18.

  • Lahla ntho leha e le efe e amanang le bademona. (Liketso 19:19) Lintho tseo li akarelletsa ’mino, libuka, limakasine, li-poster le livideo tse khothalletsang tšebelisano le meea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela