Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwcl sehlooho 6
  • “Ke ne ke Ichekela Lebitla”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke ne ke Ichekela Lebitla”
  • Bibele e Fetola Batho
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG
  • KAMOO BIBELE E ILENG EA FETOLA BOPHELO BA KA KATENG
  • KAMOO KE ILENG KA HLOHONOLOFALA KATENG
  • Seo re Lokelang ho se Tseba ka Likenke
    Tsoha!—1998
  • Nka Itšireletsa Joang Tlhaselong ea Kenke?
    Tsoha!—1991
  • Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?
    Tsoha!—1991
  • Ho Sireletsa Bana ba Rōna Likenkeng
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Bibele e Fetola Batho
ijwcl sehlooho 6
Óscar Serpas, o tsamaea le mosali le morali oa hae ’me ba ruta monna e mong Bibele

BIBELE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

“Ke ne ke Ichekela Lebitla”

Pale ea bophelo ea ÓSCAR SERPAS

  • Ke Hlahile ka: 1978

  • Naha ea Heso: El Salvador

  • Pele: Ke ne ke le Setho sa Kenke e Mabifi

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

“Haeba u batla ho ithuta ka Molimo, u lokela ho tsoela pele o ithuta le Lipaki Tsa Jehova.” Ke ile ka makala haholo ha ke utloa taba ena. Ka nako eo ke ne ke se ke ntse ke ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Empa e le hore o utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ne ke maketse, e re ke u bolelle hanyane ka bophelo ba ka.

Ke hlahetse Quezaltepeque e teropong ea El Salvador. Ke ne ke le ngoana oa bo tšelela ho bana ba 15. Batsoali ba ka ba ile ba leka ho nthuta hore ke be ngoana ea buang ’nete le ea mamelang melao. Ho ekeletsa moo, hangata Leonardo le ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba ne ba re ruta Bibele. Empa ha kea ka ka mamela seo ke neng ke se rutoa ’me ka etsa liqeto tse fosahetseng. Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka qala ho noa joala le ho sebelisa lithethefatsi le metsoalle ea ka eo ke neng ke kena sekolo le eona. Ba ile ba tlohela sekolo hore e il’o ba karolo ea kenke e ’ngoe ’me ke ile ka latela mohlala oa bona o mobe. Re ne re qeta letšehare kaofela re le seterateng, re qobella batho hore ba re fe chelete ea bona le ho utsoa e le hore re khone ho patalla lintho tse mpe tseo re neng re li etsa.

Kenke ena e ile ea ba lelapa leso. Ke ne ke nahana hore ke lokela ho lula ke ba tšepahalla. Ka mohlala, ka letsatsi le leng e mong oa kenke ea rona o ne a le tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi ’me o ile a loantša e mong oa baahelani ba ka. Ha ba ntse ba loana, moahelani oa ka o ile a khona ho hlola motsoalle oa ka ’me a founela mapolesa. Ke ne ke halefile haholo, kahoo ka qala ho senya koloi ea moahelani oa ka ka koto ke leka ho etsa hore a tlohele motsoalle enoa oa ka. Moahelani o ile a nkopa ka tieo hore ke emise ha ke ntse ke otla lifenstere tsa hae le ho senya koloi empa ha kea ka ka mo mamela.

Ha ke le lilemo li 18, re ile ra loantša mapolesa. Ha ke ne ke lahleha bomo eo re neng re iketselitse eona ho mapolesa, e ile ea phatloha ka matsohong a ka. Seo ke se hopolang ke hore ke ile ka bona letsoho la ka le robehile likoto ’me ke ile ka akheha. Ke tsohile ke se ke le sepetlele ’me ka bona hore ha ke sa na letsoho le letona, tsebe ea ka e ka lehlakoreng le letona ha e sa utloa hantle le leihlo le ka le ka lehlakoreng le letona ha le sa bona hantle.

Ho sa tsotellehe maqeba ao ke neng ke e-na le ona, ka mor’a hore ke tsoe sepetlele ke ile ka khutlela hona sehlopheng seo. Nakoana ka mor’a moo, mapolesa a ile a ntšoara ’me ka ea teronkong. Ha re ntse re le teronkong re ile ra ba metsoalle e matla haholo re le litho tsa kenke ena. Kaha re ne re etsa lintho hammoho letsatsi lohle, ho tloha ha re qala ho tsuba matekoane pele re ja lijo tsa hoseng ho fihlela re robala bosiu.

KAMOO BIBELE E ILENG EA FETOLA BOPHELO BA KA KATENG

Ha ke ntse ke le teronkong Leonardo o ile a nchakela. Ha re ntse re bua o ile a supa li tattoo tse ka letsohong la ka le letona. Eaba o re: “Na oa tseba hore li tattoo tsena tse tharo li bolela’ng?” Ke ile ka re: “Ho joalo, li bolela thobalano, lithethefatsi le monate.” Empa Leonardo o ile a re: “’Na nkare li bolela sepetlele, teronko le lefu. U se o tsoa sepetlele, hona joale u teronkong, na oa tseba hore na ke’ng se tla latela?”

Seo Leonardo a ileng a se bua se ile sa ntšosa. O ne a nepile, ke ne ke ichekela lebitla. Leonardo o ile a nkopa hore ke ithute Bibele le eena ’me ke ile ka lumela. Seo ke ithutileng sona ka Bibeleng se ile sa fetola bophelo ba ka. Ka mohlala, Bibele e re “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Kahoo, ntho ea pele eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ho ba le metsoalle e mecha. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse neng li tšoareloa mona teronkong ho e-na le ho ea likopanong tsa kenke ea ka. Ke ile ka kopana le motšoaruoa-’moho e leng Andrés ea ileng a kolobelletsoa hona mona teronkong. O ile a re re tlo ja lijo tsa hoseng hammoho. Ka mor’a moo ke ile ka tlohela ho tsuba matekoane. Ho e-na le hoo, ’na le Andrés re ne re buisana ka temana ea Bibele hoseng ho hong le ho hong.

Kenke e ile ea hlokomela hore ke ntse ke fetoha. Ka lebaka leo motho ea etellang kenke ena pele o ile a kopa ho bua le ’na. Ke ne ke tšohile. Kaha ke ne ke sa tsebe hore na o ne a tla nketsang haeba a ka tseba hore ke ne ke batla ho tlohela kenke. O ile a re ho ’na: “Re bone hore ha u sa tla likopanong tsa rona empa u ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. U ikemiselitse ho etsa’ng?” Ke ile ka mo bolella hore ke batla ho tsoela pele ke ithuta Bibele le ho fetola bophelo ba ka. Ke ile ka makala ha a re ho ‘na kenke e tla hlompha qeto ea ka ha feela ke bontša hore kannete ke batla ho ba Paki ea Jehova. O ile a boela a re: “Haeba u batla ho ithuta ka Molimo, u lokela ho tsoela pele u ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Re lebelletse hore u tlohelle ho etsa lintho tse mpe. Kea u babatsa. U khethile tsela e nepahetseng. Lipaki li ka u thusa haholo. Ke ne ke bala le bona koana United States ’me ba bang ba lelapa leso ke Lipaki Tsa Jehova. U se ke oa tšoha empa u tsoele pele.” Ke ne ke ntse ke tšohile empa ka nako e tšoanang ke thabile haholo. Ke ile ka leboha Jehova ka pelong. Ke ile ka ikutloa eka ke nonyana e ntšitsoeng ka lebokoseng ’me ke ile ka utloisisa mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.

Leha ho le joalo, ba bang bao e neng e le metsoalle ea ka, ba ile ba mpha lithethefatsi. Ho bua ’nete ka linako tse ling ke ne ke lumela ho li tsuba. Empa ha nako e ntse e ea, ka mor’a hore ke rapele haholo ke ile ka tlohela mekhoa ena e mebe.—Pesaleme ea 51:10, 11.

Ka mor’a hore ke lokolloe teronkong, batho ba bangata ba ne ba nahana hore ke tl’o khutlela mekhoeng ea ka e mebe empa ha kea ka ka khutlela. Ho e-na le hoo, hangata ke ne ka ea teronkong ke il’o bolella batho bao ke neng ke tšoeroe le bona ka seo ke ithutileng sona ka Bibeleng. Qetellong metsoalle ea ka ea pele e ile ea kholiseha hore ke fetohile. Ho utloisang bohloko ke hore bao e neng e le lira tsa ka bona ba ne ba sa kholoe seo.

Ka letsatsi le leng ha re ntse re le tšimong, ’na le motho eo ke neng ke tsamaea le eena re ile ra pota-potoa ke batho ba neng ba tšoere libetsa, bao e neng e le litho tsa kenke e neng e le lira tsa kenke eo ke neng ke le ho eona pele ’me ba ne ba batla ho mpolaea. Ka bonolo motho eo ke neng ke tsamaea le eena o ile a ba hlalosetsa hore ha ke as le setho sa kenke eo. Ka nako e tšoanang, ke ile ka leka ho lula ke khobile matšoafo. Ka mor’a hore ba nchape ba ile ba mpolella hore ke se ke ka hlola ke ea sebakeng seo ’me ba ile ba re tlohela hore re tsamaee. Kannete Bibele e fetotse bophelo ba ka. Nakong e fetileng, nkabe ke ile ka leka ho iphethetsa. Empa hona joale ke mamela taelo ea Bibele e ho 1 Bathesalonika 5:15 e re’ng: “Tiisang hore ho se ke ha e-ba le ea busetsang bobe ka bobe ho mang kapa mang, empa ka mehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.”

Ho tloha ha ke ne ke e-ba Paki ea Jehova, ke ile ka leka ho lula ke le motho ea buang ’nete empa ho ne ho se bonolo. Leha ho le joalo ka thuso ea Jehova, keletso eo ke e fumanang ka Bibeleng le kamoo metsoalle ea ka e neng e ntšehelitse ka teng, ke ile ka khona. Ha ke batle ho khutlela mekhoeng ea ka e mebe.—2 Petrose 2:22.

KAMOO KE ILENG KA HLOHONOLOFALA KATENG

Ke ne ke le motho ea mabifi ebile ke lula ke halefile. Ke kholisehile hore haeba ke ile ka tsoela pele ke phela ka tsela eo, nka be ke shoele hona joale. Seo ke ithutileng sona ka Bibeleng se ile sa fetola bophelo ba ka. Kahoo, ke ile ka tlohela ho itšoara hampe ’me ka ba le khotso le lira tsa ka. (Luka 6:27) Hona joale ke na le metsoalle e nthusang hore ke itšoare hantle. (Liproverbia 13:20) Hona joale kea tseba hore ke phelela’ng ebile ke thabela ho sebeletsa Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela lintho tsohle tse mpe tseo ke li entseng.—Esaia 1:18.

Óscar Serpas o ithuta Bibele le Ntate e mong

Ka 2006, ke ile ka ea koetlisong e ikhethang ea baevangeli ba Bakreste ba masoha. Lilemo ka mor’a moo, ke ile ka nyala ’me ra ba le ngoana oa ngoanana. Hona joale ke qeta nako e ngata ke ruta batho ba bang melao-motheo ea Bibele e ileng ea nthusa. Ke boetse ke moholo phuthehong ea heso ’me ke leka ho thusa bacha hore ba se ke ba etsa liphoso tseo ke ileng ka li etsa ha ke ne ke le lilemong tsa bona. Ho e-na le hore ke ichekele lebitla, ke na le tšepo ea bokamoso boo Molimo a re tšepisang bona ka Bibeleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela