Lefatše le Phallela ka Thuso
Ka mongolli oa Tsoha! Afrika Boroa
“E ’NGOE ea likoluoa tse khōlōhali tsa lefatše.” “Koluoa e khōlōhali e kileng ea hlasela lefatše ho tloha ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e neng e senye Europa.” Ke kamoo bangoli ba fapaneng ba libuka ba hlalosang tlala ea Afrika haufinyana.
Makasine oa Newsweek o tlalehile, “Ka selemo se le seng, ho ne ho e-shoa batho ba baholo ba millione o le mong ba Ethiopia le bana ba 500 000 ba Sudan.” Mozambique ho tlalehoa hore ho shoele batho ba 100 000, ’me ka khoeli Chad ho ne ho e-shoa batho ba sekete.
Lefatše le ile la thusa, empa bakeng sa Maafrika a mangata e ne e se e le maobane. Maemong a mang tieho e bakiloe ke baofisiri ba neng ba pata linnete ka lipalo tse eketsehang tsa tlala. Ho se hlokomele baahi ba bolaoang ke tlala ho ile ha tlatsetsa ho lihuoeng ha ’muso oa Sudan ka 1985.
Ka Tlhakubele 1984, Ethiopia ea ipiletsa lefatšeng bakeng sa tlhokahalo e potlakileng ea litone tse 408 105 tsa koro. Hona e ne e se ho fetelletsa litaba, hobane ho ne ho hlokahala palo e iphetileng habeli. Leha ho le joalo, Machaba a Kopaneng le linaha tseo e leng litho tsa oona tsa natsa hanyenyane boemo bona. Ha fanoa ka litone tse ka tlase ho 90 700 tsa koro, ha koro ea lefatše e ne e feta e tlhokahalang ka litone tse 172 330 000! Ho mpefatsa litaba le ho feta, thomello e nyenyane ea lijo ea nka likhoeli ho fihla. Nakong eo, batho ba ne ba lapa. Kampong e ’ngoe ea phallelo palo ea batho ba shoang ea fihla ho lekholo ka letsatsi.
Ka Mphalane 1984, sehlopha sa basebetsi ba thelevishene sa Brithani sa liehisoa ke ho fetoloa ha lifofane Ethiopia. Sa sebelisa nako eo ho etela likampo tsa phallelo le ho nka batho ba neng ba shoa ke tlala litšoantšo. “Ke ile ka lla haholo nakong eo ke hatisang filimi ena,” ho boletse monna ea nkang litšoantšo Mohammed Amin.
Karabelo e Khōlō
Filimi ena e ile ea bontšoa litabeng tsa thelevishene ea BBC ’me ea phetoa liteisheneng tse 425 lefatšeng lohle. Liphello tsa eona li ile tsa ba khōlō. Batho ba halefileng ba ne ba batla hore ’muso o nke bohato. Libini tsa pop tsa fetola mosebetsi oa tsona o motle ho ba boipiletso ba lithuso ’me, ho tla fihla joale, li bokelletse liranta tse limillione tse ka holimo ho 222! Liphatlalatso tsena kaofela tsa fella ka le leng la mananeo a maholohali a thuso, ao lefatše le kileng la ba le oona.
Koro e ngata ea qala ho fihla Afrika ka likepe. Mebuso ea Europa ea sebelisana ho tlisa lijo ka lifofane Sudan. Se ileng sa hlokomeleha le ho feta ke tšebetso e kopaneng ea ho tlisa lijo naheng e lithaba ea Ethiopia. Bukeng ea hae Ethiopia: The Challenge of Hunger, Graham Hancock o hlalosa pono Boema-fofaneng bo Tletseng Lifate ba Bole ba Addis Ababa: “Lifofane tse tsoang Russia, Amerika, Jeremane Bochabela, Brithani le tse ling tse neng li ngotsoe linaha tseo li tsoang ho tsona li ne li eme ka mola li theola lijo tse hlokahalang ka potlako . . . E ne e ka pono ea melao eohle e phahameng eo Machaba a Kopaneng a e phethahalitseng ka tšohanyetso, ’me ke ne ke bona ha marumo a se a teiloe mehoma.”
Leha karabelo bakeng sa tlhoko ea Afrika e ne e liehile, e bolokile maphelo a ba fetang limillione tse tharo! Empa, ka masoabi, Afrika e ntse e hloka lijo. Ho ea ka litlaleho tsa morao, batho ba limillione Ethiopia, Sudan le Mozambique ba talimane le tlala. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Afrika e hlōleha ho iphepa?’ ’Me hoa bohlokoa ka ho fetisisa, ‘Tharollo ea sebele ke efe?’
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 2]
Foto ea FAO