Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 3/8 maq. 24-25
  • Ho Etsahala Eng ka Moea Kamor’a Lefu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Eng ka Moea Kamor’a Lefu?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moea o-oa Phefumoloha
  • Na Libōpuoa Tsohle tse Phelang ke Meea?
  • Moea o ka Phela ka ho sa Feleng!
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Moea ho Latela Bibele
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Moea
    Tsoha!—2015
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 3/8 maq. 24-25

Pono ea Bibele

Ho Etsahala Eng ka Moea Kamor’a Lefu?

JAMES KIDD, mosebetsi oa merafong ea phelang bophelo ba boinotši, hangata o makatsoa ke taba ena: ‘Na ruri ke na le moea o phelang e le karolo ea ka?’ Ka ho nahana haholo ka ho paka bonnete ba pelaelo ea hae ea khale, Mong. Kidd o siile letlotlo le ka batlang ho ba R670 000, ’me lengolong la hae la thato ea mofu o boletse hore chelete eo e sebelisetsoe “ho etsa lipatlisiso tsa bopaki ba mahlale ka moea oa motho o tsoang lefung.”

Ho fapana le Mong. Kidd, mohlomong ha u thahaselle ho tseba hore ebe u na le moea o tsoelang pele o phela kamor’a lefu la hao. Botebong ba monahano oa hao, u ka ’na ua ho lumela. Kajeno batho ba limillione baa lumela ka lebaka la lithuto tsa bolumeli, litlaleho tsa liphihlelo tsa bophelo kamor’a lefu kapa maikutlo a bona.

Ho thahasellisang, le hoja Tsoha! e buisane le bao ba lumelang hore moea ha o shoe ho bonahetse hore bohle ba arabetse potso e latelang ka tsela e tšoanang: “Na u nahana hore moea o-oa phefumoloha e le hore u lule u phela?” Ba re, “Che.”

Moea o-oa Phefumoloha

Ho Genese khaolo ea 2, temana ea 7, ho qaleha tlaleho e thahasellisang ea pōpo ea motho: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerole la lefatše.”

Ak’u nahane ha mohlolo oo o etsahala! Ka metsoako ea lefatše ho entsoe masapo a 206, litho tse rarahaneng, mesifa e fetang 600, le boko bo hlollang, tsohle li likalikelitsoe ke letlalo ho etsa setšoantšo se phethahetseng sa motho. Leha ho le ho joalo, ho sa ntse ho hlokahala “motsoako” o mong hape ho phetha mosebetsi o hlollang oa pōpo: ntho e tla phelisa ’mele. Joale Molimo oa qala ho “bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela.” Ntlheng ena, ha Molimo o bululela moea (o nang le oxygen), ka nako e tšoanang oa phelisa lisele tse limillione tsa ’mele ka moea kapa matla a bophelo. Joale a phela, motho enoa ea bitsoang Adama a phefumoloha makhetlo a ka bang 14 ka motsotso, kapa ho feta makhetlo a 20 000 ka letsatsi! Hlokomela temana ea 7 ha e qetella, hore joale motho ea phefumolohang o ile a phela “ea e-ba moea o phelang.”

Sephetho se ka tšoantšoa le makasine oo u ntseng u o bala. Pampiri, lienke, le sekhomaretsi li etsa makasine ’ona. Empa ha lintho tsena li arohane ha li thahasellise. Ha feela li kopane kaofela ke hona u fumanang makasine. Kahoo ’mele oa nama, phefumoloho, le matla a bophelo ke tsa bohlokoa bo fokolang haeba li sa sebelisane. Empa ha li kopane, li etsa moea o phelang. Kahoo Adama “ea e-ba” moea o phelang.

Kaha ho se letho le boletsoeng ho bontša hore motho oa pele o entsoe a e-na le moea kapa hore o filoe moea, re tšoanetse ho botsa: Haeba ‘ebile moea’ hoba a qale ho phefumoloha, ke hobane’ng ha re qeta ka hore o tsoella o phela ha motho a khaotsa ho phefumoloha le ho shoa? Ha ho lebaka la hore re utloisise taba ena ka phoso: Ho phefumoloha ke hoa bohlokoahali ho moea.

Kahoo, bangoli ba Bibele ba sebelisa lentsoe “moea” (soul ka Senyesemane) e le hlaloso e le ’ngoe le motho ea phelang. Ka mohlala, hlokomela se etsahetseng ho lira tsa batho ba Molimo naheng ea Kanana. Batho ba Molimo “ba bolaea meea eohle [naheng] ka bohale ba lerumo, ba e timetsa. Ha se ke ha sala letho le phefumolohang.” (Joshua 11:11, NW) Meea eohle e ne e le lintho tse phelang. Ka ho tšoanang, ntho tsohle tse phefumolohang e ne e le meea. E ne e le motho oa nama, ea bonahalang, ea phefumolohang ea ileng a shoa, e seng moea o sa bonahaleng o ikarotseng.

Na Libōpuoa Tsohle tse Phelang ke Meea?

Ha e le mona motho a ikhethile ho liphoofolo, hase hobane eena e le moea. Ha Molimo o tlohella metsi a moroallo mehleng ea Noe, ‘eaba nama eohle, linonyana, makhomo, liphoofolo, lihahabi tsohle le batho le lintho tsohle tse neng li ena le phefumoloho ea ho phela linkong tsa tsona tsa shoa.’ Tlalehong ea pōpo mefuta eo e tšoanang e bitsoa “meea e phelang.”—Genese 7:21, 22; 1:24.

Joaloka ha Bibele e bontša, ‘nama eohle le lihahabi tsohle le batho’ li hloka moea ’me li itšetlehile ka ho sebetsa hoa tsamaiso ea phefumoloho hore li ’ne li phele e le meea e phelang. Ha matla ana a bolokang bophelo a khaotsa, moea o khutlela leroleng. Moea—motho kapa phoofolo—ha li ikutloe ’me li ba sieo.—Genese 3:19; Pesaleme ea 146:4.

Moea o ka Phela ka ho sa Feleng!

Kahobane tumelo ea hore moea o sala o phela kamor’a lefu e tletse hohle, ho hlakile hore batho ba ikutloa hore ho loketse ho be ho le teng ho hongata ho feta seo hona joale bophelo bo fanang ka sona. Maikutlo ana ke a tlhaho, hobane Bibele e re Molimo “o beile nako e sa feleng mohopolong oa motho.” (Moeklesia 3:11, Revised Standard Version) Ho ba bangata, takatso eo ea “nako e sa feleng” kapa ho phela ka ho sa feleng, e tla phethahatsoa. Pele, ho na le ntho e ’ngoe e lokelang ho lokisoa. Ho se phethahale le sebe tse etsang motho, moea, a shoe. (Ba-Roma 5:12) Ha tsena li se li felisitsoe, ’mele oa motho o tšehelitsoeng ke Molimo o ka phela ka ho sa feleng.—Tšenolo 21:3, 4.

Empa ba seng ba shoele ba na le tšepo efe? Mokhatlo oa liphuputso o ileng oa amohela chelete lebitsong la Mong. Kidd ha o’a fumana karabo. Kamor’a lilemo tse ’nè tsa phuputso, o hlōlehile ho paka hore moea oa motho ke karolo e arohaneng ea motho e tsoang ’meleng lefung. Tšepo ea sebele e ka Bibeleng ke ea bohlokoa hakaakang! Tšepiso ea hore meea e shoeleng e tla khutlisetsoa bophelong ba botho lefatšeng, e, tsoho e tiile.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15; Ba-Heberu 6:18.

Morero oa Molimo ka moea oa motho o tla ithutoa ke batho ka bomong ba tsositsoeng. Ho bao hona joale ba sebelisang Lentsoe la Molimo, bao e leng “ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea bona,” phefumoloho e ke ke ea khaotsa!—Ba-Heberu 10:39.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Tsena tsohle ke meea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela