Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 5/8 leq. 20
  • Chelete Mohlanka Ea Mamelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Chelete Mohlanka Ea Mamelang
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeliso ea Chelete
  • Ntho e ’Ngoe ea Bohlokoa
  • Khotsofalla Lintho tsa Bohlokoa tsa Bophelo
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 5/8 leq. 20

Chelete Mohlanka Ea Mamelang

“MAHARENG a 1968 le 1986 karolo ea batho ba baholo ba bolokang chelete ea bona bankeng Great Britain ka sepheo sa ho haha ntlo e nyolohile ho tloha karolong ea 15 lekholong ho fihla karolong ea 64 lekholong,” ho tlalehile Glasgow Herald. Ka ho fapaneng, koranta e hlalositse: “Palo ea batho ba Kereke ea Bokreste e oele.”

Chelete, kapa Mamona, ke khale ho hlokometsoe hore e loantša Molimo, ntle ho pelaelo ka baka la mantsoe a Jesu: “Ha ho motho ea ka sebeletsang benghali ba babeli, hobane o tla hloea e mong, ’me a rate e mong . . . U ke ke ua sebeletsa Molimo le mamona.”—Mattheu 6:24, King James Version.

Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, Bibele e re: ‘Chelete ke tširelo.’ (Moeklesia 7:12) Kapa joaloka ha motho oa mehleng ea kajeno a bolela, “Chelete e bua ka puo eo lichaba tsohle li e utloisisang.”

Empa ke joang re ka hlokomelang hore chelete e re fumantša molemo ho e-na le ho re laola?

Sa pele e lokela ho re fumantša lintho tsa bohlokoa. U hloka lintho tseo hore u thabe. Joaloka ha Bibele e bolela: “’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” Ha u hlile ha u hloke ho fetang hoo. “Hobane ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hore re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela.”—1 Timothea 6:7, 8.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba chelete eo u e amohelang e sa lekana ho u thusa ka lintho tseo u nahanang hore ke tsa bohlokoa? Joale u ka nahana ka ho fallela sebakeng seo ho sona moputso oa hao o tlang ho koahela litlhoko tsa hao. Empa mona ke moo u hlokang ho hlahloba boemo ka botšepehi le ka hloko, hobane Lentsoe la Molimo le tsoela pele ho lemosa: “Empa ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.”—1 Timothea 6:9.

Ka bohlale, ela hloko temoso ena! Mamela moapostola oa Mokreste Pauluse ea phehelletseng, “Liketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua.” (Ba-Heberu 13:5) Itekole, ka ho ipotsa: ‘Na ke khotsofetse ka tseo ke li hlokang? Kapa na ke labalabela lintho tse mabothobotho?’

Ke ’nete, chelete e ka ’na ea fana ka lintho tse eketsehileng tse thabisang. “Bohobe ke setšeho sa basebetsi, ’me veine ka boeona e thabisa bophelo,” ho bolela Bibele, “empa chelete e ikarabella linthong tsohle.” Leha ho le joalo, lintho tse eketsehileng tse ka rekoang ka chelete ha li bohlokoa bakeng sa thabo ea ’nete.—Moeklesia 10:19, NW.

Tšebeliso ea Chelete

Joale, ke’ng seo u ka se etsang ho boloka chelete ea hao sebakeng se loketseng, e le mohlanka? Ke habohlokoa ho boloka bophelo ba hao bo le har’a meeli ea moputso oa hao. Ka mohlala, Liz, ea boletsoeng pelenyana, oa bolela: “Hajoale ke hlokomela hore mohloli oa mathata a lelapa leso ha ke ne ke sa le ngoana e ne e le tšebeliso e mpe ea chelete. Re ne re reka ka mokitlane, ka baka leo kamehla re ne re ena le molato o sa feleng. Sena se ne se tlisa pelaelo.”

Ho hlakile hore u lokela ho bala chelete eo u nang le eona. Ha u amohela moputso oa hao, behella ka thoko chelete ea ho lefa lintho tsa bohlokoa. Ka tsela ena, chelete ea hao e tla ba mohlanka ea sireletsang, joaloka ha Moeklesia 7:12 e bolela.

Ponelo-pele e leka-lekaneng ke karolo ea bohlokoa ea tšebeliso e ntle ea chelete. Behela ka thoko chelete e hlokehang bakeng sa ho lefella litšenyehelo tse tla tla. Empa, hopola, ho ameha ka ho fetelletseng ka ho ba le bokamoso bo atlehileng cheleteng ka sebele ke mokhoa o kotsi oa lintho tse bonahalang.

Hape, hopola, hore chelete e ’ngoe eo u nang le eona hase ea hao. Na u sa hopola ha Jesu a ne a botsoa ka taba ea ho lefa lekhetho? O ile a kōpa denare ’me a botsa, “Setšoantšo sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?”

“Ke la Sesare,” ebile karabo.

“Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare,” Jesu a arabela.

Ka baka leo, ke ka nepo mebuso e emisitsoeng ka molao e batlang chelete ea lekhetho ho lefella litšebeletso tse joaloka tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle ba ’mele, thuto, le lipalangoang. Haeba u batla ho fumana mohau oa Molimo, joale u tlameha ho lefa chelete e batlehang ea lekhetho.—Mareka 12:13-17.

Ntho e ’Ngoe ea Bohlokoa

Ka ntle ho lijo, liaparo, le bolulo, ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo ha re e hlokomoloha re ka hlaheloang ke mathata. Na u ka fumana hore ntho eo ea bohlokoa ke efe mantsoeng ana a Jesu: “Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.”—Luka 16:9.

Matlotlo a fela. Kaofela ha rōna re hlokomela sena ha re lemoha kamoo matla a chelete a phahamelang matla a ho reka lintho. Kahoo, ha re ntse re phela, re tla batla ho sebelisa chelete ea rōna ka tsela e tla re etsa metsoalle ea ba ka re amohelang “meahong e sa feleng.” Metsoalle ena ke bo-mang?

Jesu o fane ka karabo ha a ne a re thapelong ea hae: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) E, haeba re batla bophelo bo fetang ba kajeno bo bokhutšoane, le bo tletseng ka litsietsi, ke habohlokoa hore re be metsoalle ea ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, le Mora oa hae, Jesu Kreste.

Empa ua botsa, ke joang nka etsang joalo? Ho tla ntlhoka eng? Na sena se tla tlisa thabo ea sebele?

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Khotsofalla Lintho tsa Bohlokoa tsa Bophelo

Liaparo

Lijo

Bolulo

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Thuto ea Jesu ea ho ‘ntšetsa Sesare see e leng sa Sesare’ e bea boikarabelo ho rōna kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela