Ho Reka Thabo ka Ntle ho Chelete
U OMILE ke lenyora kamor’a hore u tsamaee sebaka se selelele letsatsing le chesang haholo, u fihla motsaneng o monyenyane. Ka thabo u bona letšoao le phatlalatsang hore lino-mapholi lia fumaneha. Empa joale u hlokomela hore ha u na chelete ea ho lefella seno-mapholi.
Ha mong’a lebenkele a bona boemo ba hao bo lesitsi, a re, Tlo, reka seno-mapholi—se ke ke sa u hloka chelete.’ Hang-hang, u ikutloa u na le teboho e tebileng bakeng sa mpho ena e mosa. Leha ho le joalo, ua botsa, ‘Ke joang seo se ka etsahalang? Ke joang nka ka rekang ka ntle ho chelete?’
Ho Reka ka Ntle ho Chelete
Leha sena se bonahala se ke ke sa etsahala, Karel le Julian, ba boletsoeng leqepheng 17, ba bile le phihlelo e joalo. Ba ne ba lumela hore chelete e tla ba tlisetsa thabo. Empa joaloka ha Karel a hlalosa: “Ho ithuta Bibele ho fetotse pono ea ka ka chelete. E mphile tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, ntho ea bohlokoa ho feta leha e le eng e ka rekoang ka chelete.” Julian eo pele a neng a batla ho ba le chelete e baloang ka limillione oa bolela: “Ke ne ke le tseleng ea ho finyella sepheo sa ka ha ke ithuta ka linnete tsa Bibele.”
Ka ho tšoanang, Kiyoshi Tomomitsu eo pele e neng e le motsamaisi oa lebenkele Japane o ne a tloaetse ho etelletsa mosebetsi oa hae oa boipheliso pele, tlhokomelo ea lelapa la hae e ne e le “thahasello ea hae ea bobeli.” O hlalositse: “Ke ne ke nahana hore ke tla thabisa ba lelapa la ka ha ke le tlisetsa lintho tse ngata tse bonahalang bakeng sa bokamoso.” Ha a botsoa se fetotseng pono ea hae ka chelete le lintho tse bonahalang, Kiyoshi oa arabela: “Mangolo a Bibele, joaloka Liproverbia 23:23, NW e reng, ‘Reka ’nete ka boeona ’me u se ke ua rekisa ka eona.’”
‘Empa,’ ua botsa, ‘Ke joang nka ka “rekang ’nete”?’
Theko ea Thabo
E tla u hloka nako. ‘Rekang linako,’ ho eletsa moapostola oa Mokreste Pauluse, ‘hobane mehla e se e le mebe.’ (Ba-Efese 5:15-17, NW) Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno li tla thabela ho lokisetsa puisano le uena ka linnete tsa Lentsoe la Molimo, Bibele, ka nako e tšoanelehang bakeng sa hao, ’me ba etsa sena ka ntle ho chelete.
Na u ikutloa u tsoafa ho ‘itlama’? Ha ho le joalo, joale nahanisisa ka ho teba mantsoe a Jesu: “Ho thabile ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, hobane ba tla khorisoa.” Ha Jesu a lebisa tlhokomelo ea bamameli ba hae tabeng ea hore ba tla fumana thabo eo joang, o boletse: “Ho thabile ba hlokomelang tlhoko ea bona ea moea hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mattheu 5:3, 6, NW) ’Muso ona oa maholimo, ’Muso oa Molimo, ke oona feela o nang le matla a ho u fa “lengolo la ho kena thabong.”
Joale, chelete e lokela ho nka karolo efe bophelong ba hao? Ka ho thahasellisang, Bibele e fana ka litataiso tse sebetsang ka sena.
Tšebeliso e Bohlale ea Chelete Hona Joale
“Tlotlisa Jehova ka maruo a hao,” ho eletsa Lentsoe la Molimo. (Liproverbia 3:9) Ka baka leo, ba talimileng ho Molimo bakeng sa thabo ea sebele ba sebelisa chelete ea bona ka tsela e mo khahlisang. Sepheo sa bona ke ho hlokomela malapa a bona ka litlhoko tsa nama. (1 Timothea 5:8) Ba etsa lithuso tsa ’nete bakeng sa ba bang ba amanang le bona tumelong. Hape ba etsa menehelo ea boithatelo ho tšehetsa mosebetsi oa ho hlahisa boitsebiso bo hahang moeeng bo leng sebopehong sa Libibele le libuka tse theiloeng Bibeleng, joaloka makasine ona.
Ka hobane ba tseba hore ’Muso oa Molimo o tla felisa lintho tse bonahalang, le khoebo e nang le boithati ea mokhatlo oa batho, ba qoba ho khelosetsoa tseleng ea ho kenya chelete mererong ea kajeno e seng e ntse e hlōleha. (Daniele 2:44) Ka hobane ba ‘na le liaparo le lijo,’ ba khotsofetse ka mokhoa oa bophelo o etelletsang lintho tsa bohlokoa ba pele bophelong.—1 Timothea 6:8.
Thabo Hona Joale—Ntho ea Sebele
“E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke li hlokometseng ha ke kopana le Lipaki tsa Jehova,” ho bolela Sue oa Engelane, “ke ka tsela eo ba neng ba phela ka melao-metheo ea Bibele, ba neng ba kopanetse ka ho feletseng borapeling ba bona, ba neng ba bonahala ba ena le lintho tsohle tseo ba li hlokang.” Monna oa hae, John, o hlokometse ntho e tšoanang. Oa hlalosa:
“Ke feela ka ho tseba linnete tsa Bibele ke khonang ho bona se hlahelang batho ba bangata. Seo ba se sebeletsang se itšetlehile ka ho feletseng ka chelete. Bibele e nthusitse ho ithuta hore thabo ha e tle ka tsela eo. Joale ke hlokomela hore thabo ke phello ea ho etsetsa ba bang lintho le hore ha e fele.”
John le Sue ke batho ba babeli feela har’a ba fetang limillione tse tharo ba Lipaki tsa Jehova ba pakelang ’nete ea tšepiso ea Jesu ea hore ha le batla ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona pele, litlhoko tse ling tse bonahalang “le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:33.
Na u batla metsi a timang lenyora a ’nete? Ebang u ruile kapa u futsanehile, thabo e ka ba ea hao ka ho mamela pitso ea Molimo ea boprofeta: “Helang! lōna kaofela ba nyorileng, tlong metsing; le lōna bao le se nang chelete, tlong, ithekeleng . . . le se na chelete, le se na ho reka.” (Esaia 55:1) Mpho ena e ntse e sebetsa. E sebelisetse molemong oa hao ha u sa na le sebaka.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Thabo e hlaha ka ho sebelisa chelete ho thusa malapa a rōna le ba bang