Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 10/8 leq. 22
  • Lebaka la ho Shoa ha Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka la ho Shoa ha Bana
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!
    Tsoha!—1988
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
  • Lijo Tsa Hao li na le Phepo Hakae?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 10/8 leq. 22

Lebaka la ho Shoa ha Bana

Nakong eo u balang poleloana ena, bana ba bararo ba tla shoa ho sa hlokahale.

EMPA ha se moroallo kapa tlala kapa komello tse bolaeang bana ka lebelo le tšosang hakaana, ngoana a le mong metsotsoaneng e meng le e meng e ’meli. William U. Chandler tlalehong ea Mokhatlo oa Worldwatch State of the World 1986 oa ngola: “Bana ba bangata ba shoa ka hobane ba sa khoesoe ka tsela e nepahetseng e seng ka baka la tlala. Bana ba bangata ba shoa ka hobane batsoali ba bona ba sa tsebe tsela ea ho phekola letšollo e seng ka baka la mafu a seoa. . . .Ka kakaretso bahlahlobisisi ba lumela hore bana ba ka bang limillione tse 17 ba shoa selemo le selemo ka baka la liphello tse kopaneng tsa phepo e fokolang, letšollo, malaria, bohloko ba matšoafo, masalese, mokhokhothoane, le lefu la tsitsipano ea mohlahare. Hoo e ka bang mafu ana kaofela a etsahala Linaheng tse Futsanehileng Moruong.”

Tsietsi ea tahlehelo e joalo e eketsoa ke ho hloka tsebo ho tšosang. Chandler o tsoela pele: “Halofo kapa karolo tse peli ho tse tharo [tsa mafu ana] li ka thibeloa ka mekhoa e bonolo haholo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, batsoali ba leng linaheng tse ntseng li hōla moruong ha ba lokela ho letela merero e meholo ea ’muso kapa mesebetsi e meholo ea bophelo bo botle. Tsebo ea ho ba thusa ho boloka bophelo ba bana ba bona e se e ntse e le teng! Se hlokahalang feela ke hore ba ikemisetse ho ithuta le ho sebelisa mekhoa e bonolo le e sa bitseng chelete e ngata. Kahoo re u mema ho bala litlaleho tsa bangolli ba Tsoha! linaheng tse peli tsa Afrika. Re tšepa hore lihlooho tsena e ke ke ea e-ba tse rutang feela, empa li tla ipaka e le tse bolokang bophelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela